1'' Le se ke la ahlola, mme le lona ha le ke ke la ahloloa. 2Hobane ka kahlolo eo le ahloloang ka eona, le tla ahloloa, mme tekanyo ee le e lekanyang, e tla lekanyoa ho lona.3Ke ka lebaka la eng u bona lehlokoana le bong leihlong la ngoaneno, empa u sa lemohe lehlokoa le bong leihlong la hao? 4U ka re joang ho ngoaneno, 'Ere ke ntse lehlokoana le bong leihlong la hao', anthe lehlokoa le leihlong la hao? 5Uena moikaketsi! Qala ka ho ntsa lehlokoa leihlong la hao, mme joale u tla bona hantle hore u ntse lehlokoana le bong leihlong la ngoaneno.6U se ke oa nea se halelang lintja, ebile o se ke oa lahlela liperela pele ha likolobe. Mohlomong li ka lihatela ka tlase ha maoto, ebile joale tsa sokolohela ho uena tsa ho arola.7'' Kopang, ebile le tla neoa. Batlang, ebile le tla fumana. Kokotang, ebile le tla boleloa. 8Hobane e mong le e mong eo a kopang, oa amohela; e mong le e mong eo a batlang, oa fumana; ebile ho motho eo kokotang, ho tla boloa. 9Ke mang hare ha lona, ha ngoana oa hae a kopa borotho, a mo nea lejoe na? 10Kapa ha a kopa hlapi, a mo nea noha na?11Ka lebaka leo, ha lona ba babe le tseba ho nea bana ba lona lintho tse molemo, Ntata lona ea maholimong o tla fetisa hakakang ka ho nea ba kopang ho eena lintho tse molemo? 12Joale, lintho tsohle tse u batlang hore batho ba li etse ho uena, le uena u u tsoanetsi ho etsa joalo ho bona, hobane oo ke molao le ba porofeta.13'' Kenang ka monyako o patisaneng. Hobane monyako o moholo le tsela e phatleletsang li esa timelong, ebile ha se ba bakae ba e fumanang. 14Empa monyako o patisane le tsela e thata e isang bophelong ebile ha se ba bakae ba e fumanang.15'' Lemohang baporofeta ba leshano, ba tlang ho lona ba apere kobo nku empa nneteng ba le liphiri tse harolang. 16Ka litholoane tsa bona le tla ba tseba. Na batho ba ka fumana morara moutloeng kapa lifeie ho lihlabahlabane?. 17Ka tsela e tsoanang, sefate se seng le se seng sa monate, se beha litholoana tse monate, empa sefate se sempe se beha litholoana tse mpe.18Sefate se se ntle ha se ke ke sa beha litholoana tse limpe, kapa sefate se sempe sa beha litholoana tse 19monate.Sefate se seng le se seng se sa behing litholoana tse monate se ea rengoa ebile sa lahleloa mollong. 20Ka baka leo, le tla lihlokomela ka litholoana tsa tsona.21Ha se bohle ba reng ho nna, ' Morena, Morena,' ba tla kenang mmusong oa leholimo, empa feela bao ba etsang thato ea Ntate a bong leholimong. 22Ba bangata ba tla re ho nna, ' Morena, morena,' ha re ea ka ra porofeta ka lebitso la hao, ka lebitso la hao ra leleka matemone na, ebile ka lebitso la hao ha re ea ka ra etsa emingata na? 23Joale ke tla bolella pepeneneng ka re ho bona,' Ha ke a ka ka le tseba! Tlohang ho nna, lona ba etsang bokhopo!'24'' Ka baka leo, e mong le emong a utloang mantsoe mme a a mamela u tla tsoana le monna ea bohlae a ahileng ntlu ea hae holimo ha letlapa. 25Pula ea theoha, phororo tsa tla ebile le moea ea foka ebile ea otla holimo ha ntlu, empa ha ea oela fatse, hobane e ne e theiloe holimo ha letlapa.26Empa emong le e mong ea utloang mantsoe a ka a se a boloke o tla tsoana le monna ea sethotho ea a hang ntlo ea hae holimo ha lehlabathe. 27Pula ea theohela fatse, phororo ea tla, le meea ea foka ebile ea otla holimo ha ntlu, mme ea oa ebile ho oa eona ha ba haholo.28Ea re ha Jeso a phetha ho bolela mantsoe a oo, bongata ba makatsoa ke thutiso ea hae, 29hobane o ba rutile joale ka motho a nang le borena, mme e se joalo ka bangoli ba bona.
1Ha Jeso a foluoa thabeng, batho ba bangata ba molatela. 2Molepera a tla ho eena mme a khubama pele ha hae, are, '' Morena, ha u rata, o ka nketsa ka hloeka.'' 3Jeso a otlolla letsoha la hae mme a motsoara, are, '' Ke ea rata. hloeka.'' Ka nakonyana a hloekisoa ho bolepero.4Jeso a re ho eena, '' Bona hore ha o bui letho mothong. Tsamaea, o ee e ponahatsa ho moperesita, mme o neele mpho ee Moshe a e laetseng, ho be bopaki ho bona.''5Erile ha tla Kaperenaume, motsoari oa masole a tla ho eena, a mo kupa 6mme are, '' Morena, sebereki saka se robetsi lapeng se omeletsi mmele mme se bohlokong bo boholo.'' 7Eaba Jeso o re ho eena, '' Ke e tla mme ke tla mo folisa.''8Motsoari oa masole a araba mme a re, '' Morena, ha ke ea tsoanela hore o ka kena ntlung eaka. Bua lentsoe fela mme sebereki saka se tla fola. 9Hobane le nna ke monna ea nang le matla, mme ke na le masole a leng fase ha ka. Ke re ho emong, 'Tsamaea' mme a tsamaea, hape ho e mong, 'e tla', mme a tla, le ho sebereki saka, ' etsa sena,' mme a se etsa.'' 10Ha Jeso a o tloa, a makala mme a re ho bong ba molatelang, Kannete ke re ho lona, ha ke e so ho bona motho oa tumelo e joalo ha Esraele.11Ke ea le bulela, ba bangata ba tla tla batsoa bochabela le bophirima, mme ba tla lula tafoleng le Abrahama, Isaka le Jakobo, mmusong oa leholimo. 12Empa bara ba mmuso ba tla lelekeloa ntle lefifing, mong o tla bang le ho lla le li tsikitlano tsa mano. 13Jeso are ho motsoari oa masole, '' Tsamaea! Joalo ka o lumetsi, kahong ho tla etsehala.'' Le sebereki sa folisoa ka hora eong.14Erile ha Jeso a tlile ntlung ea Petrose, a bona matsoalle oa Petrose a robetse a kula ka fevera. 15Jeso a tsoara le tsoho la hae, mme fevera ea mo tluhela. Ho le joalo a tsuha mme a qala ho sebeletsa.16Erile thapama, batho ba tlisa ho Jeso ba bangata ba nang le matemona. A leleka me moea ka lentsoe mme a folisa bohle baneng ba loala. 17Sena e ne ele ho tlatsa se builoeng ka Isaka moporofeta, a re, '' A nka mahloko a rona mme a roala maloetsi a rona.''18Joale erile Jeso a bona ba bangata ba mo likelelitse, a laea hore ba tluhe ba ee ho lengoe lehlakore la le oatle la Galelea. 19Joale mongoli a tla ho eena mme are, '' Tichere, ke tla o latela hohle mong o eang.'' 20Jeso a re ho eena, '' Liphukutjoe le nna le milete, le linonyana tsa holimo le nna le linthlaha, empa Mora Motho ha na mong a ka beang hloho ea hae.''21Mongoe oa balateli ba hae a re ho eena, ''' Morena, lumela ke qale ke tsamaee mme ke ee boloka ntate oaka.'' 22Empa Jeso a re ho eena, '' Ntatele, mme o tluhela bafu ba boloke bafu ba bona.''23Erile ha Jeso a kena sekepeng, balateli ba hae ba mo latela. 24Ha tsuha sefefo se se holo leoatleng, sekepe sa tsoleloa ke metsi. Empa Jeso o ne a robetsi. 25Balateli ba hae ba ea ho ea mo tsusa, ba re, '' Re pholose, Morena; re ea shoa!''26Jeso a re ho bona, '' Ke eng le tsuhile, lona ba tumelo e nyenyane?'' Ho joalo a emella mme a khalemela moea le leoatle. Joalo ha ba le ho humula ho hoholo. 27Banna ba makala mme ba re, '' Ke monna o joang ona, hore ke ra le moea le leoatle le ea mo hlompha?''28Ha jeso a tlile lefatseng la Gadarenese, banna ba babeli ba neng ba kenoe ke matimona ba kopana le eena. Ba ne batsoa mabitleng mme ba ne ba e loa ha holo, hore ne ho se na setsamae se fetang tseleng oong. 29Balla haholo mme ba re, '' Re tsoanetsi ho etsa eng le oena, Mora Molimo? Utlile mong ho re bulaea nako e e so ho fihla?30Joalo mohlaphi oa likulube o ne o e ja, e seng khakala le bona. 31Matimona a kupa ho Jeso mme a re, '' ha u re leleka, re romele likulubeng tse la.'' 32Jeso a re a ona, '' Tsamaeang!'' Matimona a tsoa mme a ea likulubeng; mme, mohlaphi ohle oa titima o nyoloha thabeng oa ea leoatleng mme tsa shoa metsing.33Ba neng ba lisitse likulube ba baleha mme ba ea toropong ho ea bulela ka tse etsahetsing, haholo ka tse etsahatseng banneng ba neng ba na le matimona. 34Toropo eohle ea tla ho kopana le Jeso. Erile ha ba mmona, ba mo kupa hore a tluhe khaolong ea bona.
12Ha ba e le hore ha Jeso a qetile mantsoe ana, a tloha Galelea mme a fihla naheng ea Judea, mo e leng pele ha Noka ea Jorodane. Bongata bo boholo ba molaela, mme a ba folisa mono.34Bafarisi batla ho eena, ba moleka bare, ho eena, " Ho molaong na hore monna a hlale mosali oa hae ka lebaka lefe kapa lefe?'' Jeso a araba are, " Ha le a ka la bala hore eo a ba entseng o entse e le e motona le o motsehali?5Eo a ba entseng le eena o re le ' Ka lebaka le monna o tla tlohela ntatae le mmae a khomarele mosali oa hae, mme bobeli bo tla ba nama ngoe". 6Ho le joalo a se ba babeli, empa nama engoe. Ka lebaka leo, seo Molimo a se khomarelitseng, ho se ke ha ba le eo a se khaohantsang."7Bare ho eena, '' Ke ka lebaka la eng Moshe are laile hore re nee le ngolo la hlalo ebile re mo leleka? 8Are ho bona, '' Ka bothata ba lipelo tsa lona, Moshe o le lumeletsi hore le hlale basali ba lona, empa pele ho ne ho se joalo. 9Kere ho lona, mang le mang eo a hlalang mosali oa hae, kantle ha bofebe, mme a nyala e mong, o ea feba."10"Barutuoa bare ho Jeso, Ha e ka lebaka la monna le mosali oa hae, ha ho ea loka hore a nyale.'' 11Empa Jeso are ho bona, '' Ha se bohle ba ka lumelang puo e na, empa feela bao ba e neiloeng. 12Hobane ho na le maqhalaha a tsoetseng a le joalo ho tsoa maleng a mma oona, mme bangoe ke maqhalaha a entsoeng ke batho, mme ho na le maqhalaha a e entseng maqhalaha ka lebaka la mmuso oa leholimo. Eo a amohelang thuto ena, ha e amohele.13Joale ha tlisa bana ba banyenyane ho eena hore a bee matsoho a hae holimo ha bona mme a rapele, empa barutuoa ba ba khalemela. 14Empa Jeso are ho bona, '' Lumellang bana ba ba nyenyane, ebile le se ke la ba thibela hotla honna, hobane mmuso oa leholimo ke oa ba joalo.'' 15A bea matsoho a hae holimo ha bona, a tloha mono.16Bona, hotla monna ho Jeso mme a re, '' Tichere, ke ka etsa eng entle hore ke be le bophelo bo sa feleng?'' 17Jeso are ho eena, '' Ke ka lebaka la eng u mpotsa ka tse ntle? Ke e mong feela ea lokileng, empa ha u batla ho kena bophelong, boloka melao.''18Monna are ho eena, '' E fe melao? Jeso are, " U se ke oa bolaea, u se ke oa feba, u se ke oa utsoa, u se ke oa ba paki ea leshano, 19hlompha ntatao le mmao, ebile o rate mohahisane oa hao joale ka ha u e thata.''20Mohlankana eo are ho eena, '' Tsena tsohle ke li mametsi. Ke sa hloka eng?'' 21Jeso are ho eena, " Ha u batla ho phethahala, tsamaea, rekisa tsohle tse u nang le tsona, mme u abele bafotsana, mme u tla ba le khumo lehholimong; mme utle u ntatele.'' 22Empa e re le mohlankana a utloa seo Jeso a se buoang, a tsamaea a utloa bohloko haholo hobane o ne a na le lintho tse ngata.23Jeso are ho barutuoa ba hae, '' Ka nnete ke re ho lona, ho boima ho monna a khumileng ho kena mmusong oa leholimo. 24Ke re hape ho lona, '' Ho bonolo hore kamela e kene ka lesoba la lemao hona le hore monna oa morui a kene mmusong oa Molimo.''25E re le ha barutuoa ba utloa tseo, ba makala haholo mme bare, '' Joale ke mang ea ka pholosoang?'' 26Jeso a ba lebella mme are, '' Ho batho sena ha se etsahale, empa ho Molimo tsohle li ea etsahala.'' 27Joale Petrose a araba mme are ho eena, '' Bona re tlohetse tsohle ebile ra u latela. Re tla ba le eng?''28Jeso are ho bona, '' Ka nnete kere ho lona, ka nako encha mohla Mora Motho a lutse teroneng ea khanya, lona le ntatetsing le lona le tla lula literoneng tse leshome le metso e mmeli, le ahlole maloko a leshome le metso e mmeli a Israele.29E mong le e mong a tlohetsing lintlu, bo abuti, bo ausi, ntate, mme, bana, kapa masimu ka lebaka la lebitso la ka o tla amohela ha lekholo mme a je lefa la bophelo bo sa feleng. 30Empa ba bangata ba bong pele ba tla ba morao, mme ba morao ba tla ba ba pele.
1Jeso a tsoela ntle ha tempele mme a etsamaela. Barutuoa ba hae ba tla ho eena ba mmontsa mehaho ea tempele. 2Empa a araba mme are ho bona, '''Ha le li bone lintho tsohle tsena? Ka nnete ke re ho lona, ha ho lejoe le tla salang holimo ha le lengoe le sa ka la phekolosoa.3Erile ha a lutse Thabeng ea Mehloare, barutuoa batla ho eena ka sephiring mme bare, '' Re bolelle, lintho tsena li tla etsahala neng? E tla ba efe tsupo ea ho tla ha hao le ea bofelo ba nako?" 4Jeso a araba mme a re ho bona, '' Le hlokomele hore ho se ke ha ba leo a le khelosang. 5Ka hobane ba bangata ba tla tla ka lebitso laka. Ba tla re, ' Ke nna Kreste', mme ba tla khelosa ba bangata.6Le tla utloa ka lintoa le menyenyetsi ea lintoa. Bonang hore ha le khathatsehi, ka hobane lintho tsena li tsoanetsi ho etsahala', empa ha se bofelo. 7Kahobane sechaba se tla tsohela sechaba, mmuso oa loantsana le mmuso. Ho tla ba le litlala le tsisinyeho ea lefatse lipolekeng tse fapaneng. 8Empa lintho tsena tsohle ke ho qala ha bohloko ba ho beleha.9Ba tla letlisa matsoenyehong le ho le bolaea. Le tla hloioa ke lichaba tsohle ka lebaka la lebitso la ka. 10Ke moo ba bangata ba tla khopjoa mme ba khelosana ebile ba hloeana. 11Baporofeta ba leshano ba bangata ba tla hlaha mme bakhelosa ba bangata.12Ka hobane ho tla hlokeha molao, lerato la ba bangata le tla hula. 13Empa ea tiisetsang ho fihlela qetellong o tla pholosoa. 14Litaba tsena tse monate tsa mmuso li tla boleloa lefatseng lohle joale ka bopaki lichabeng tsohle. E tla ba bofelo bo tla.15" Joale, ha le bona manyala a bofeliso, a builoeng ke moporofeta Daniele, a emi polekeng e halalelang." ( mmali ha utloisise), 16e reng ba bong Judea ba balehe lithabeng, 17e reng eo a bong holimo ha ntlu a se ke a theohela fatse hore a nke ntho efe '' kapa efe ntlung ea hae, 18e reng eo a bong masemong a se ke a buela ho eo nka kobo ea hae.19Empa ho malimabe ho baimana le ba anyisang ka matsatsi a oo! 20Rapelang hore paleho ea lona e se ke e tshahala ka mareha kapa e leng ka sabata. 21Hobane ho tla ba le matsoenyeho a maholo a eso ka a ba teng ho tsoa ho qaleng ha lefatse ho fihlela kajeno, che, kapa hore a ka se be teng hape. 22Ntle ha hore matsatsi a khutsafatsoe, ha hona nama e tla pholosoang. Empa ka lebaka la ba khethoa, matsatsi a oo a tla khutsofatsoa.23Joale ha e mong a kare ho lona, '' Bonang, ke eo Kreste!'' kapa, '' ke o la Kreste!'' le se ke la lumela. 24Hobane Bokreste ba leshano le baporofeta ba leshano ba tla hlaha mme ba le bontsa lipontso tse khole le limakatso, hore ba le khelose, ha ho etsahala, le bakhethoa. 25Bonang, ke le boleletse pele ha nako.26Ka baka leo, ha bare ho lona, ' Bonang, o lefeelleng le se ke la ea lefeeleng.' Kapa, ' Bonang, o ka hare ha lintlu, le se ke la lumela. 27Hobane joale ka ha lehalima le khanya ho tsoa bochabela mme le benyetsa ho ea bophirima, ho tla ba joalo le ho tla ha Mora Motho. 28Moo ho nang lephoofolo e shoeleng, manong a ea bokana teng.29Empa ka sebakanyana ka morao ha matsoenyeho a matsatsi a oo letsatsi le tla fifala, khoeli e ka se nee khanya, linaleli li tla oa ho tsoa leholimong, mme le matla a leholimo a tla sisinyeha.30Joale tsupo ea Mora Motho e tla hlaha leholimong, mme lichaba tsohle tsa lefatse li tla lla. Li tla bona Mora Motho a tla ka maru a leholimo ka matla le ka khanya e kholo. 31O tla romela mangeloi a hae le molumo o moholo oa lenaka mme ba tla kopanela le bakhethoa ba hae ho tsoa moeng emine, ho tsoa pheletsong e ngoe ea leholimo ho ea ho engoe.32'' Rutang ho tsoa ho sefate sa feie. Ha a bona kala ea sona e le bonolo mme e hlahisa mahlaku, u ea tseba hore lehlabula le haufi. 33Ho joalo, le lona ha le bona lintho tsohle tsena, le tsoanetsi ho tseba hore o haufi, o monyakong.34Ka nnete kere ho lona, leloko lena le ka se fete ho fihlela lintho tsohle li etsahetsi. 35Leholimo le lefatse litla feta, e mpa mantsoe a ka ha ke ke a feta.36Empa ha e le letsatsi le hora ha hona eo a tsebang, le ha e le mangeloi a leholimong, kapa Mora, empa Ntate feela.37Joale ka ha ho bile joalo ka matsatsi a Nowe, ho tla ba joalo le ka buela ha Mora Motho. 38Hobane ka matsatsi a oo pele ho tle moroallo ba ne ba eja le ho noa, ho nyala le ho nyaloa ho fihlela letsatsi leo Nowe a keneng ho areka, 39mme ba ne ba sa tsebe letho ha ba ha fihla moroallo mme oa ba nka bohle- ho tla ba joalo le ka ho tla ha Mora Motho.40Joale banna ba babeli ba tla ba ba letsimong- e mong o tla nkoa, mme e mong o tla sala. 41Basali ba babeli ba tlaba ba sila leloaleng- e mong o tla nkoa, mme e mong o tla sala. 42Ka lebaka leo e hlokomeleng hobane ha le tsebe letsatsi leo Morena oa lona a tla tlang ka lona.43Empa tsebang se na, hore ha e ne e le hore mong oa ntlu o ne a tsebile hore lesholu le tla buea ka nako e fe ea bosiu, o ne a tla be a hlokometsi mme a se lumele hore ntlu ea hae e phonyoe. 44Ka lebaka leo le lona letsoanetsi ho etukisetsa, hobane Mora Motho o tla tla ka hora le sa e hopolang.45'' Kahoo ke ofe mohlanka a tsepehileng ebile a hlalefileng eo morena oa hae a mmeileng hore a hlokomele ntlu ea hae hore a ba nee lijo ka nako e tsoanetsing? 46Ho lehlohonolo ho mohlanka eo morena oa a tla mo fumanang a etsa seo ha tla. 47Ka nnete kere ho lona morena eo o tla mo nea matla holimo ha tseo a bong le tsona.48Empa ha mohlanka o mobe are pelong ea hae, ' morena oa ka o liehile', 49mme a qala ho otla bangoe bahlanka ka eena, mme a ja le ho noa le litaula, 50joale morena oa mohlanka eo o tla tla ka letsatsi leo mohlanka a sa le lebellang ebile ka hora eo a sa e tsebeng. 51Morena oa hae o tla mo khaola a mo etsa likarolo ebile a mo nea tulo le baikaketsi, mo ho nang le lillo le litsikitano tsa meno.
1Mona ke qalo ea efangeli ka Jeso Kreste, Mora oa Molimo. 2Ka mona e ngoliloeng ho Esaea moporofeta, '' Bonang, ke romela seromioa ho lona, le ena atlang lelokesetsang tsila ea lona. 3Lentsoe le halang le feeleng, lokesetsang tsela ea Moren,; lokesa litsila tsa hae lihlamalale.""4Johane atla, a kolobetsa lefeeleng a rera ka kolobetso le ka tsoarelo ea libi. 5Lefatse lohle la Judea le bohle ba Jerusalema bafihla ho eena. ba kolobetsoa ke Johane nokeng ea Jorodane, ba epaka libi tsa bona. 6Johane a ne a epere baki ea mokhupha oa kamela ne le banta la mokhupha linokeng, mme ne a e ja litsie le linotsi.7A ne a rera, a re,'' Ea tla hlahang morao haka o matlafetsi ho fera nna; ha kena tukelo ea ho ntsa lieta tsa hae. 8Ke kolobetsa ka metsi, empa eena o tla le kolobetsa ka moea o halalelang.''9Ho etsahetsi ka nako Jeso atsoa Nazaretha ea Galelea, mme a kolobetsoa ke Johane nokeng ea Jorodane. 10Ha Jeso a tsoa metseng, a bona leholimo lefuleha hape moea ohalalelang oa nyolohela ho eena otsoana leeba. 11Ha tsoa lentsoe leholimong la re, '' O mora oaka ea ratehang, ke ea thakhala ka oena.''12Moea oa mokhopeletsa ho ea lefeeleng. 13A ba lefeeleng ha matsatsi a mashome amane a lekoa ke satane. A ne a kopane le liphoofolo tsa naha, mme mamgeloi a mo sereletsa.14Morao ha ho tsoaroa ha Johane, Jeso a etela Galelea atiisa efangeli ea Molimo. 15A re, '' Nako e phethiloe, le mmuso oa Molimo o haufi. Sukolohang le amohele efangeli ea Molimo.''16Ha Jeso a sepela pulekeng ea leoatle la Galelea, a bona Semeone le Andrease moholo oa Semeone batsoara lihlapi leoatleng, hobane bane ba le batsoari ba lihlapi. 17Jeso are ho bona, '' Ntlong, ntateleng, ke le etsa ba tsoari ba batho.'' 18Kapelanyana ba molatela basiea letlooa metseng.19Ha Jeso a se a tsamaile ha sebakanyana, a bona Jakobo mora Zebedea le Johane moholo oa hae; ba le sekepeng ba lokisa letlooa la Lihlaphi. 20A ba betsa mme ba furalla Zebedea ntate oa bona sekepeng le lisebetsi, mme ba molatela.21Bafihla Kapernauma, ka le tsatsi la Sabata, Jeso a kena Senagogeng a qala ho baruta. 22Bamakala tsila ea thutiso ea hae, hobane o ne arutisa ka tsebo e botibo bo sa tsoaneng le ba bangoli.23Hare ha senagoge monna aneng moea o litsila a hala, 24a re, '' Ke eng re ka etsang ka oena, Jeso oa Nazaretha? U latile ho re timetsa? Ke ea tseha hore u mang. U ea halalelang oa Molimo!'' 25Jeso a khalemela le timona mme a re, '' Fumula mme otsoe ho eena!'' 26Moea o litsila oa molahlela fase mme oa tsoa ho eena olla ka lentsoe le halang.27Batho bohle ba makala, ho le joalo ba botsana, '' Ke eng enoa? Thuto encha e matlafetsing! O laea le moea e litsila ea mohlompha!'' 28Litaba ka eena tsa ea hohle hofihla khaolong ea Galelea.29A tsoa senagogeng, a kena motseng Semeone le Andrease, bane Jakobo le Johane. 30Joale matsoale oa Semeone o ne a robetsi a kula a tsoaroi ke fevara, mme ba tsebisa Jeso ka eena. 31A fihla, a motsoara ka letsoho, mme a mo emeletsa, fevara ea mo tlohela, a qala ho ba sebeletsa.32Bosiu bong ha tsatsi le se le phirimile, ba tlisa bohle ba kulang kapa ba neng matimona. 33Toropo eohle ea khubakana ntle ha monyako. A 34folisa bihle ba kulang mme a leleka matimona a mangata, empa a oa thiba hore a buoe kahobane a ne a mo tsiba.35A tsoha matocha, ho le lefifi, a tsoa a ea pulekeng e senang molumo mme a ea rapela. 36Semeone le bohle batsamaeang le ena ba qala ho mmatla. 37Ba mofumana mme ba re ho eena,'' Batho ba ea u batla.''38A re,'' a re etelleng ho lingoe li puleke, mong ke tla rerang teng. Ke hona ke tlile mmo.'' 39A tsamaea Galelea eohle, a rera li Senagogeng tsa bona mme a leleka matimona.40A nang le bolepera a tla ho eena. a na a mo kopa; a khubama mme a re ho eena,'' Ha o rata, u ka nketsa ka hloeka.'' 41Ka kutloelo bohloko, Jeso a otlolla letsoho la hae a mo tsoara. a re ho eena,'' Ke ea rata. hloeka.'' 42Ka bo nako bo lepera ba mutluhela, mme a hloekisoa.43Jeso a ba laea haholo mme a ba roma khakala. 44A re ho eena, '' O se ke oa bua letho ka nna,mme u neele hloekiso ea hao joale ka Moshe a laile, ho be bopaki ho bona.''45Empa a tluha mme a qala ho phatlalatsa ka bophara, Jeso a sitoa ho kena ho kena litopropong a hololehile empa a lula lipulekeng tse khakala. Ho le joalo batho ba ne batla ho eena batsoa lipulekeng tse sieaneng.
1Ka morao ha matsatsi a manyenyane mo Jeso a bolela Kapanauma, hone oa otloa hala hore o hae. 2Babangata ha khobakana oa ba oa hlokalahala sebaka, ke ra lemo monyakong, a ba a ba rota lentsoe.3Ha ba ho tla bannaba neng ba tlisa monna oa sehole; a roetsoe ke batho ba banne. 4Ba rile ba seteiloe ho fihla haufi le ena ka lebaka la bongata ba batho,ba ntsa morulelo one o holimo ha Jeso, ka moraho ha ho etsa le soba, ba tlisa phathe e monna oa se hole ane a robetse mo ho oe ne.5A ba abona tumelo ea bona, Jeso a re ho monna oa sehole,'' Moroa, o tsoaretsoe libe tsa hao. 6''Bangoli bane ba lutsi mo, ba nahana lipelong tsa bona, 7''Hobaneng monna o bolela joalo? O bua lehlapa! Ke mang o a tsoa relang libe kantle ha Molimo a le mongoe?''8Ka ho phakisa Jeso one atsiba mo moeng oa hae tse bali nahanang lipelong tsa bona. A re ho bona, 9'' hobaneng le nahana tsena mo pelong tsa lona? Ke eng se bonolo, 'hore monna oa sehole, a tsoareloe libe' kapa hore 'Ema, nka phathe ea hao, o tsa mae'?10Empa hore le tsebe hore Moroa oa Molimo o na le matla le fatsieng a ho tsoarela libe, ''A re ho monna oa sehole, 11''Ke re ho oena, ema, nka phathe ea hao, o e ntlong ea hao. 12''A ema ka ho phakisa a nka phathe, a bo a tsoela ntle ha ntlo pele ha batho bohle, bane ba makala bohle ebele ba rorisa Molimo, empa ba re, ''Ha re eso re bone ntho e tsoanang le e.''13A tsoa hape a ea leoatleng, photheho ea tla ho ena, abo aba rota. 14A re ha feta, a bona Levi moroa oa Alfea a lotse ntlong ea ba thelisi a ba a re ho ena, ''Ntatele.'' A ema a mo latela.15Jeso one a eja lijo mo ntlong ea Levi le bathelisi ba bangata le ba etsa libe le ena le ba lateli, ka ho bane bane ba le bangata ba ne ba molatela. 16Ha bangoli, ba bane bae baFarese, ba bona hore Jeso one a eja le ba etsa libe le bathelisi, ba re ho ba lateli ba hae, '' Ke ka lebaka la eng a ja le bathelisi le ba etsa libe?''17Erile Jeso a otloa a re ho bona, ''Batho ba tiileng mmeleng ha ba batli ngaka; e fela batho ba kolang bae batla. Ha kea tla ho bitsa batho ba lokeleng, empa ba etsa libe.''18Ba lateli ba Johane le ba Farese bane bae timile lijo. bangoe batho bane batla bare ho ena, ''Ke ka le baka la eng balateli ba Johane le ba lateli ba ba Farese ba e tima lijo, empa balateli ba hao ha bae e time lijo. 19Jeso are ho bona, ''Na babatlileng moketing oa lenyalo ba ka e tima lijo ha monyali asa nale bona? Ha ba sa nale monyaliba ka se e time lijo.20Empa matsatsi a tlatla mo monyali a tla nkoang ho bona, matsatsing ao, ba tla e tima lijo. A hona ea rokang lesela le lecha sea aparong sa khale. 21Ho se joalo setseba se tla tsoa ho sona, se secha ho sa khale, ho ea ta boha ho feta.22Ha hona o a keneang veine encha mo lipitseng tsa veine tsa khale. Ha ho se joalo veine e tla phatlola lipitsa mme ha ba le tahleho ea veine le pitsa ka bo beli ba tsona. Empa veine e ncha e kenea pitseng tse ncha.''23Ka tsatsi la Sabata Jeso a feta hare ha masimo, mme le balateli ba hae ba qala ho kha li eako tsa mabele. 24Ba Farese bare ho ena, ''Bona, ke ka baka la eng ba etsa ntho e se leng mo laong ka tsatsi la Sabata?''25A re ho bona, ''Le ile la bala tse Davita a li entseng mo a neng a hloka mme a na le tlala--ene le banna ba bane ba na le ene-- 26ka moo a keneng ntlong ea molimo mehleng Abiata a le mo presita o moholo mme aja borotho bo sa lumelelieng hore abo je kantle ha presita, o bele a neha leba ba ne ba nale ene?''27Jeso are, '' Sabata e lelitsoe batho, e seng hore batho ba etsetsoe Sabata. 28Ka baka leo, Moroa oa Molimoke Morena, e bile le oena Sabata.''
1Jeso one a kena Senagogeng, hone ho nale monna a neng le tsoho le omeletsieng. 2Batho bane ba mo lebelela hobana ba bone hore ha hona a ka motsilisang ka tsatsi la Sabata ba etsela ho mo nea molato.3Jeso are ho monna oa letsoho le omeletsieng, ''Emmela o eme hare ha batho bothle.'' 4Abe are bathong, '''ho moaong na ho etsa hantle ka tsatsi la Sabata kapa ho etsa kotsi, ho loela bophelo kapa ho bolaea?'' Empa ba homola.5A ba lebelela ka ho hopisea, a otloisoa botloko ke ho oma ha lipelo tsa bona, a be a re ho monna, '' otlolla letsoho la hao.'' a otlolla , abo a fola. 6Ba Farese baile ntle kapile baqala ho baha ma eano le ba Heroda hobana baka mmolaea joang.7Empa Jeso, le balateli ba hae, bane ba ea leoatleng joale batho ba bangata ba latela ba tsoa Galelea le ba tsoang Judea 8joale ba tsoa Jerusalema le Idumea joale le ka mose ha Jorodane ba pota ka Tire le Sidone. Ba re ba otloa ka lintho ane ali etsa, batho ba bangata batla ho e ena.9One a bolela balateli ba hae hore ba mo loke setse sekepe kale baka lahobana a sa batle batho babangatha bamo hateletse. 10Ka ho bana a folisetse ba babangata, hore batle baneng mahlomola ba mo atamela hobana ba mo tsoare.11Moea osa emebe ene ere ha e mmona, ene e oela fafase pele ha hae ea hlaba mokhosi, ea re, '' O Moroa oa Molimo.'' 12O ile aba nea molao oa hobana baseke ba mo etsa a tsibehe.13O ile a namela thaba, a bitsa ba a ba batlang, batla ho ena. 14O ile a khetha bale mashome le metso e mebeli ( a ba neileng mabitso are ke ba postoli) ho lirela hore babe le ena a ba rome ho tsamaisa me laetsa, 15le hobane ba be le matla a ho koba ma timona. 16O khethile ba mashome le metso e mebeli : Semone, o a mo neileng lebitso are ke Petrose;17Jakobo moroa oa Zebedia, le Johane moholo oa Jakobo, o a moneileng lebitso a re ke Boanerga,ho ra hore, ba roa ba molumo, 18le Andrease, Philipe, Batholome, Mateu, Thomase, Jakobe moroa oa Alphea, Thaddea, Semone oa Zelote, 19le Judase Isikarote, a tla morekisang.20Aba a ea hae, le photheho ba kopana hape, ho lirela hore basaja borotho. 21Ba le lapa ba rile ha ba otloa, ba tsoa ho ea motsoara, bare, '' ha sa e kutloa.'' 22Bangoli batlileng ba tsoa Jerusalema bare, '' O tsenie ke Beelzebul'' le'' ka mo lauri oa ma temona a ntsa matimona.23'Jeso o ba betsa abo are ho bone ka le tsoantso, '' Satane aka ntsa joang Satane? 24Ha mmuso o khaukhalintsoe, mmuso oe ha o ka se eme. 25Ha ntlo e khaukhalintsoe, ntlo eo hae ka se khone ho ema.26Ha Satane a e kemeletse a e khaukhantsa,ha khone ho e kemela, me o fihlile mafelelong. 27Empa ha hona a ka tsenang ntlong ea monna a teeleng a o tsoa lintho tsa hae a sako qala ko ho monna o teeleng, hape o tla senya ntlo ea hae.28Ka nete ke re ho lena, libe tsohle tsa baroa bohle le tla tsoareloa, le tse mpe ba li boileng, 29empa eo a buoang ha mpe ka Moea o Halalelang ha ka seke a tsoareloa, empa o na le sebe se sa feleng.'' 30Jeso are ke ka le baka la hore bane be reing, '' O nale moea o lichila.''31Mme oa hae le ba holo ba hae batla ba ema kantle. ba romela ho ena, ho mmitsa. 32Photheho ene e lotse le ena bare ho ena, ''Mme oa hao le baholo ba hao ba kantle, joale ba ea ho batla.''33A ba araba, '' ke bomang bomme lebaholo baka?'' 34A lebelela ha ba lotsieng mo sekeleng a re,'' Bonang, ke ba bomme le baholo ba ka! 35Ka hobane a etsang thato ea Molimo, motho eo ke moholo, le khaetsali le mme.''
1Hape a qala ho rotisa ka thuko ha leoatle, ebele batho ba bangata bamo khobokanetsi. A tsena sekepeng sebong hare ha leoatle, a lula fase. Batho ba bangata sale ba le ntle ha leoatle. 2O ba rotisitse lilo tsengata ka li tsoantso, li thutong tsa hae, se ke se ase buoileng ho bona.3''Mamelang! Moleme o ile a jala peo ea hae. 4Ha a ntse a jala, peo engoe ea oela thuko ha tsela, linonyana tsa tla tsa eja. 5Peo engeoe ea oela sebakeng sa mojoe, mo e neng e sena mobu o mongata. Eile ea mela ka pela,ka hore e ne e se na mobo o tebileng.6Empa ha le tsatsi le tlaba, limela line tsa soa, ka hobane ne li sena mili, tsa oma. 7Peo engoe e ele ea oela mo ho nale limela tsa metloa. Li mela ts ametloa tsa li khama, ebele tsa se hlahisi lijalo.8Peo engoe e ele ea oela mobung o montle sejalo sa hola le ho hlahisa mashome a mararo, amatsilele, le a le kholo. 9Oile are, ''Onale litsebe tsa ho otloa, ha otloe!''10Jeso o rile a le nosi, Bo bane ba mo khoba kanetsi le ba le shome le metso e me beli ba mmotsa ka litsoantso. 11Are ho bona, '' Le neiloe le kunutu la muso oa Molimo. Empa ho ba bo ntle tsotle li ka li tsoantso, 12hore ha ba libelela, balibelele, empa ba saboni, hape ha ba otloa, ba otloe, empa ba sa otloisisa, kapa ba fetuhe Molimo a ba tsoarele.''13Are ho bona, '' A le otloisisi le tsoantso tsohle na?'' 14Mojali o jala lentsoe. 15Ba ke babong thuko ha tsela, ko ho jaloa lintsoe. Ha ba o tloa, Satana o phakisa a tla ho nka lentsoe le jaliloeng ho bona.16Mme ena ke peo e jaliloeng sebakeng sa majoe; ba, ba o tloang le ntoe ba le amohela ka khathalo. 17Empa ba bana mili ho bone, empa ba tiisa ha sebaka. Ha matsoenyeho le ho bolaoa ho ba fihlela kabaka la lentsoe, ba phakisa bashoa.18Ba bangoe ba ho jaloa ho nale metloa. Ke bona ba otloang lentsoe, 19Empa ho rata lefatse le boikhancho ba bo homi litakatso bo fapantsa lentsoe, la tloka tsoelapele. 20E joaliloeng mobung o montle ke ba ba otloang lintso, bali amuhela ba linea litholoana, tse mashome amararo, ama tsilela, le a lekholo.21Jeso are ho bona, ''Le tlisa lebone hare hantlo ho le bea kafase ha semanke kapa ka fase ha mopete? Etlang ne le be e setelong sa lebone. 22Ka hobana a hona ntho efihliloeng e ka se tsebahale, e bile a hona sephere se sa tsoeling la baleng. 23A neng litsebe tsa ho otloa, ha otloe!''24A re ho bona, ''Mamelang tse otloang, ka hore sepemo le se sebelisang, se tla pemeoa le ho oena, hape ho tlo ekeletsoa ho ena. 25Ka hobane a nale, o tlo feoa tsengata, empa a senaho, le tse a nale tsona batlali nka.''26A tla are hape, ''Muso oa Molimo o tsoana le monna a jalang peo ea hae mobung. 27A robalang bosiou a tsoha masiare, peo e ea mela ea hola, le ha asa tsibi hore joang. 28Lefatse le tsoalisa lithoro: La mathomo a matlare amasoa, ha bo tsebe, le thoro e fihlileng tsebeng. 29Lilemo leli botsoa, o phakisa a romela sikela ka hore kotulo e fihlile.''30Abo are, ''Ha re tsoantsa muso oa Molimo, re ka sebelisa se tsoantso se feong ho hlalosa? 31E tsoana le peo ea mosetareda, ee, e reng ea jaloa, e bo e le enyenyane lefatsieng. 32Ebile, ha e jaloa, e hola ea ba e kholo ho phala limela tsotle serapeng, e bopa lekala tse likholo, hore linonyana tsa liholimo likhone ho aha lihlaha moriteng.''33Ka litsoantso tse ngata joale kase oile a bolela lebona, ka ho khona ho otloisisa ha bona, 34mme ha ko bolela le bona ho senale litsoantso. empa a re a le nosi, a tlalosetsa balateli ba hae ntho oetle.35Ka tsatsi le, ha thapama e fihla, a re ho bona, '' Are thatuheleng thuko le lingoe.'' 36Batloha bathong babangata, ba tsamea le Jeso, ka hobana, ne ale sekepeng. Ho nale likepe tse lingoe haufi le bone. 37Ha tsoha moea o nale matla a kotsi leqhubu le kena hare ha sekepe li etsa hore sekepe se tlale metsi.38Empa Jeso ane a le atiileng, arobetse mosamong. Ba ile ba mo tsosa, bare, ''Tichere, ha na taba hore re tlo shoa?'' 39Atsoha, a khalemela moea, are leoatleng, khotso! Ema, habo le khutso e kholo.40A re ho bona, '' ke eng le tsohile? Ha lena tumelo?'' 41Ba ba ni le chuho leliholo bare ho bangoe ba bone, '' Ke mang ona, ka hore moea le leoatle le ea mo hlompha?''
1Balta ho lehlakare la leoatle, ho khaolo ea Gerasene. 2Ha Jeso a tsoa, sekepeng, monna a nang le moea o lichila a tla ho eena a tsoa mabetleng.3Monna one a lula mabetleng. Ha hona a ne a ka mo emisa hape, le ha a na la liketane. 4O ne a bofiloe ha sebaka setelele ka likhole le liketane. O ne a khaola liketane le likhole. Ha hona a ne a na le matla a ho mohlola.5O ne a lla bosiu bohle le masieare mabetleng le lithabeng, one a lla le ho itaha ka mafika a bohale. 6O rele a bona Jeso a le sebaka, a motitimela a inama pele ha hae.7A lla ka lentsoe le phahameng, ''Ke etse eng ko oena, Jeso, Mora Molimo o phahameng? Kea ho kopa ka eena Molimo, o se ke oa hlokofatsa.'' 8Bakeng se o ne a re ho ena, ''Etsoa monneng, oena moea oa lichila.''9A mmotsa, ''Ke mang lebito la hao?'' Amo a raba, ''Lebitso la ka ke Legione, ho bane re babangata.'' 10A mo kopa haholo hore a seke a ba koba khaolong.11Joale likolobe tse ngata line lija thabeng, 12ba mokopa, bare, ''Re rumele likolobeng; re lumelele re kene ho tsona.'' 13A e lumella; moea oa lichila oa tsoa oa kena likolobeng, mohlape oa phakisa oa titima oa foloha oa kena leotleng, ebile likolobe tse ka fihlang likete tse peli tsa khangoa leoatleng.14Bao ba ne ba nea likolobe lijo ba tsaba ba ea bolela tse etsahetsing litoropong le mahaeng, le batho bae bona tse etsahetsing. 15Batla hape ho Jeso ba bona hape monna a kenoeng ke litimona, eo a ne a kenoe ke Legione, a lutse mong, a apere a lekhopolong ea hae e lokeleng, mme ba tsaba.16Bao ba boneng tse etsa hetseng ho monna a kenoeng ke letimona ba ba bolela ka botlalo, ba ba bolela hape ka likolobe. 17Ba qala hape ho mokopa hore a tlohele khaolong ea bona.18O re le a kena sekepeng, monna a kenoeng ke letimona a mokopa hore a be leena. 19Empa Jeso ha mo lumella, empa are ho eena, ''Tsamaea ntlong le ho patho ba henou ba tsebise se Morena a entseng sona, le ka tsela a o bontsitseng mohau.'' 20A ba a tsamaea hape a qala ho bolela naheng ea Dekapolise lintho tse kholo tse Jeso a mo entseng tsona, motho ohle a makala.21Joale Jeso a setsi a nyoetsi mose a le sekepeng, batho ba bangata ba phutheha ba molikeletsa, a le kantle ha leoatle. 22Joale e mong oa ba eteleli ba Senagogeng a bitsoang Jairosa a tla, mme o rele a mmona, a oela maotong a hae. 23A kopa ha holo, a re, Moetsanana oaka o haufi le ho shoa. Kea o kopa, e tla o mmee matsoho hore a fole a phele.'' 24Ea ba o tsamaea leeana, mme bongata ba batho ba molatela mme ba ne ba mohatella.25Joale mosali ea neng le phallo ea mali ha lilemo tse leshome le metso emmeli. 26Ea neng otloile tse bohloko tse ngata ka lingaka tse ngata a qetile ntho tsa hae kaofela, empa sebakeng sa hore a e kotloe a le betere a ba le ho feta. 27Ho re a otloa litaba kaJeso, a tla ka morao ha hae bongateng ba batho a tsoara kobo ea hae.28Hobane one a re, ''Le ha nka tsoara liaparo tsa hae feela, ke tla fola.'' 29A se a moamile, mali a hae a khautsa, ebile a otloa mmeleng oa hae hore o folile bohlokong.30Jeso a hlokomela hore matla a tsoile ho eena. Ea ba a ea batlisa a re, ''Ke mang a tsoereng liaparo tsaka?'' 31Balateli ba hae bare ho eena, ''O bona hobane bongata bo a o hatelela, mme oa re, ''Ke tsoeroe ke mang?'' 32Empa Jeso a lebelela a batla ho bona eo a entseng seo.33Mosali, a tseba se etsahetsieng ho eena, a tsaba le ho thothomela. Atla a oela fatse ho eena a molela nete eohle. 34A re ho eena, ''Morali, tumelo ea hao e u pholositse. Tsamaea ka khotso o fole mahlokong a hao.''35A re a sa bua, bangoe batho ba tsoang ho baeteleli ba Senagogeng, bare, ''Moroli oa hao o shoele. O sa khathatselang moruti?''36Empa Jeso ha otloa molaetsa o boleloang, a re ho moeteleli oa Senagoge, '' O seke oa tsaba. Lumela feela.'' 37Ha ka lumelela le ha e le mang hore a molatele kantle ha Petrose, Jakobo le Johane, le a buti oa Jakobo. 38Batla ntlong ea bateleli ba Senagoge mme a bona batho mong ba baka molumo; ba ne ba lla ba bokolla haholo.39O rele a kena ntlong, a re ho bona, ''Keng le koatile ebile lella? Ngoana ha ka a shoa empa o robetsi.'' 40Ba qala ho motseha. Empa a ba ntsetsa ntle bohle anka ntate le mme oa ngoana la bao ba ne ba na le ena, a ee kena mo ho neng le ngoana.41Onkile letsoho la ngoana a re ho ena, ''Thalitha, kumi!'' se fetoletsoeng, ''Ngoanana, ke re, tsoha.'' 42Ka pela ngoana a tsoha a tsamaea( o ne o na le lilemo tse mashome le metso a mmeli tsa ho tsoaloa). Ba makala ka thabo ekholo. 43A ba laea ha holo hore ho se ke ha ba le eo a tsebang ka seo. Aba bolela hore ba monee se seng sa hoja.
1A tsoa mong a ea pulekeng mo a tsoaloang teng, le balateli ba hae ba mo latela. 2Ha tsatsi la Sabata le fihla, a ruta Senagogeng. Batho ba bangata ba mo utloa ba makala. Ba re, '' O li fumane kae lithuto tsena?'' 'ke bohlale bo bo joang a bo neiloeng?'' '' Ke mehlolo e joang a e tsang ka matsoho a hae?'' 3'' Ha se mmetli, mora Maria le abuti oa Jakobo le Jose le Jutase le Simoni? Li khaetsali tsa hae ha li eo mmo le rona?'' Ba khopiseha ka Jeso.4Jeso a re ho bona, '' Moporofeta o hlompeha, hantle ha pulekeng ea hae, hare ha metsoalle ea hae le ho ba ntlu ea hae.'' 5O ne a se etsi mesebetsi e meholo, a ba bea matsoho ba kulang a ba folisa. 6A makatsoa ke ho hloka tumelo ha bona. A tsamaea li pulekeng tse haufi ho ea ruta.7A bitsa balateli ba hae, a ba roma ka ba babeli, a nea matla holimo ha moea e litsila, 8a ba laea hore ba se ke ba nka letho leetong la bona kantle ha lithoka- ha ho borotho, ha ho sekhoama, ha ho chelete liqhameng ts bona - 9empa ba apare lieta, ba se ke ba apara li aparo tse peli.10A re ho bona, '' Ha le kena ntlung, lulang mong ho fihlela le tluha. 11Ha ba sa le amohele kapa ho le mamela, tlusang lerule maotong a lona, ha le tluha pulekeng eaong hobe bopaki ho bona.12Batsoa ho ea bulela batho hore ba sokolohe. 13Ba leleka mitemona, ba tlotsa ba kulang ka oli, ba bafolisa.14Khosi Herodi a li utloa tsena, hoba lebitso la Jeso le ne la tuma. Bangoe bare, '' Johane Mokolobetsi o tsohile bafung, ke hona a etsa mehlolo.'' 15Bangoe bare, '' Ke Elia.'' Bangoe le bona bare, '' Ke moporofita, joale ka bangoe baporofita ba khale.''16Erile Herodi a utloa tsena a re, '' Johane, ke mo khautseng hloho, o se a tsusitsoe. 17''Herodi a romela lentsoe hore Johane a tsoaleloe teronkong ka baka la Herodiase ( mohatsa Filepi), a neng a monyetsi.18Hobane Johane a ne a boletsi Herodi a re, '' Ha ho molaong hore u nyale mohatsa moholo oa hao.'' 19Herodiase a khopiseha ka eena hape a batla ho mo bolaea, empa a sitoa, 20hobane Herodi a ne a tsaba Johane; o ne a tsiba hore ke monna ea lokileng, ea halalelang, kahong a mo boloka hantle. Ho mo mamela ha mo makatsa haholo, le ha a mo otloile hantle,21Ha fihla sebaka sa hore Herodi a etse mokete oa ho thabela tsatsi la hae la ho tsoaloa kahong a etsa lijo tsa ba kabelo ea mmuso oa hae le ba laoli le ba eteleli ba Galelea. 22Morali oa Herodiase a tla ho ba binela, a thabisa Herodi le baneng baja le eena. Khosi ea re ho mosetsana, '' Kopa e ka ba ke eng mme ke tla u neela.''23A e kana ho ena a re, '' E ka ba ke eng o e kopang, ke tla u neela, e ka ba halofo ea mmuso oaka.'' 24A ea ho mmae a re ho eena, '' ke ka kupa eng?'' A re, '' hloho ea Johane Mokolobetsi.'' 25A boela khoseng ka potlako a re, '' Ke batla hloho ea Johjane Mokolobetsi ha na joale tilong.''26Khosi ea otloa bohloko haholo, e ne e se ke ea hana kopo ea hae ka hobane o ne a e kanne le ka baka la baneng a ja le bona. 27Ho le joalo khosi ea roma lesole le neng le moletile hore le tle le hloho ea Johane. Lesole la ea ho khaula hloho ea Johane teronkong. 28A tla le hloho ea hae tilong a e nea mosetsana, mosetsana a ea ho e nea mmae. 29Ha balateli ba Jeso ba otloa tsena, ba tla ho nka mmele ho ea ho boloka lebitleng.30Baapostola batla ho Jeso ho mo bolela tsohle ba li entseng le tse ba lirutileng. 31A re ho bona, '' E eang pulekeng e se nang batho le e khutse hanyenyane.'' Hobane batho ba bangata ba ne batla batluha, ba hloka le sona sebaka sa hoja. 32Ba tluha ka sekepe ba ea pulekeng e senang batho.33Batho ba ba bona batluha, ba titima ka maoto ba tsoa litoropong tsohle tse sieaneng, ba ea ba fihlela pele. 34Ha ba fihla, ba bona bongata ba batho a ba otloela bohloko hobane ba ne ba le ja ka linku tse senang molisa. A qala ho baruta tse ngata.35Erile ha nako e tsamaile, balateli ba hae ba tla ho eena bare, '' Puleke ena e hole le nako e tsamaile. 36Ere batho ba tsamaee ho ea e patlela lijo lipulekeng tse haufi.''37Empa a ba araba mme a re ho bona, '' Ba neeng lijo baje.'' Bare ho eena, '' Re ka ea ho ea barekela borotho ba chelete ea makholo a mabeli baje nnang?'' 38Are ho bona, '' Le na le borotho bo kaakang? E eang le o bona.'' Ba se ba fumane, ba re, '' Re na le borotho bo bohlanu le lihlaphi tse peli.''39A re batho bohle ba lule fase ka lihlopha holimo ha bojang bo botala. 40Ba lula ka lehlopha tsa batho ba lekholo le mashome a mahlanu. 41A nka borotho bo bohlanu le lihlaphi tse peli, a lebelela leholimong a hlonolofatsa a roba borotho a nea balateli hore ba nee batho. A ba khobela hape lihlapi tse peli.42Baja bohle ba khura. 43Ba nka borotho bo setseng ba tlala limanki tse shome le metso e mmeli, le lihlaphi tse setseng. 44Ho ne ho le banna ba le likiti tse hlanu bajileng borotho bona.45Ka bonako a re balateli ba hae ba kene sekepeng ba tsamaee pele ha hae, ba ee Bethesaida, eena a bolela batho hore ba tsamaee. 46A khauhana le bona, a ea thabeng ho ea rapela. 47Tapama, sekepe se setsi se le hare ha leoatle, eena o ne a setsi a le nose ntle ha leoatle.48A bona hore ba loantsana le sefefo sa moea. Hare ha bosiu a tla ho bona, a tsamaea leoatleng, a batla ho ba fita. 49Erile ha ba mmona a tsamaea leoatleng, ba nahana hore ke sepoko mme balla haholo. 50kahobane barile ho mmona ba khathatseha. A bua le bona a re, '' E mang sebiti! Ke nna! Le se ke la tsoha!''51A kena sekepeng le bona, sefefo sa thula. Ba makala haholo. 52Ba ne ba siea otloisisa hore lelofo tsa borotho li ra horeng. Empa lipelo tsa bona tsa thatafala.53Barile ho tsilela, naheng ea Ganasareta ba emisa sekepe. 54Barile batsoa sekepeng, batho ba mohlokomela, 55ba titima ba tsoa pulekeng tse sieaneng batla le bakulang ba ea hotle mo ba otloang a le teng.56Ne e re ha kena metseng, litoropong, le mafatseng, batho batlisa bakulang. Ba isa bakulang litolong. Ba mo kopa hore a ba lumelele batsoare mophetho oa seaparo sa hae, ea re ba bangata ba e tsoereng ba folisoa.
1Ba Farese leba bangoe bangoli ba tsoang Jerusalema ba khobakana ho ena.2Ba bona hore bangoe balateli ba jile borotho ka ma tsoho anale lichila, a sa, ko tlapioang. 3(Ba Farese le ma Juda ha baje ba sako tlapa matsoho hantle, ka le baka la hore ba latela tlaelo ea ba holo. 4Ha ba Farese ba tsoa litolong, ha baje kantle ba tlape mebele ea bona, ebele ba tsoarelela ho lintho tse lingoe ba lifeloeng, joale ka ho tlapisa likopi, lipitsa, lijana tsa kopa, le litulo ba seso baje.)5Ba Farese le bangoli ba botsa Jeso, " ka eng balateli ba hao baslateli tlaelo ea baholo, empa baja borotho kama tsoho alichila?"6Empa are ho bone, "Isaya one a porofita hantle ka lona barekisi. Ka ha ho ngoliloe, 'Batho ba hlompha ka le limi, empa lipelo tsa bone lihole ho nna. 7Mo mahlokong ba ea rorisa, baruta melao ea batho.'8O tlohela melao ea Molimo le latela tloaelo ea batho." 9Abe are ho bone, " le etsa joang ho latla melao ea Molimo le latela tloaelo ea lona! 10Moshe one are, 'tlompha ntate le mme oa hao', le, 'O abolelang bompi ka ntate oa hae kapa mme otla bolaea.'11Empa le re, 'ha motho akare ho ntate kapa mme, " engoe le engoe thuso o fumanang mo ho nna ke Corban"' ( ho rela hore, ' ke mpho'), 12joalo hale sa molumelela ho etsa sengoe ho ntate kapa mme oa hae. 13Le etsa letsoe la Molimo le feela ka tloaelo ea lena e lee latelang. Le jaka lentho tse ngata tse leli etsang tse tsoanang."14One a bitsa photheho hape abe are ho bone, "mamelang nna, lotlhe, le otloisise. 15Ha hona letho leli kantle ha motho leli ka mo etsang lichila ha le ka kena ka mo ho ena. 16Ke se setsoang mo mothong se se etsang motho abe lechila."17Ha Jeso a tsoa phothehong a kena mo ntong, balateli ba hae ba mmotsa ka letsoantso. 18Jeso aba are, " Ha lena kotloisiso? Ha le tsibi hore sengoe le sengoe sesi kenang mo mothong ha se matlakala, 19ka lebaka la hore ha se keni pelong ea hae, empa sea maleng se be sefitela montloaneng?" Ka le lentsoe Jesu one a supis hore lejo kaufela le hloekeleng.20Abe are, " ke se setsoang mo mothong se se estang hore abe lechila. 21Ka hore ka hare ha motho, ka ntle ha pelo,ho nale me nahano emimpi, thobalano, bopatsoa, ho bolaea, 22bofebe, ho lakatsa, bo mpi, ho ropa, me nahano ea thobalano, ho seba, ho e hohomo, ho sa nahane ha botse. 23Tse tsothle tse tsempi litsoa ka hare ha motho, ke tsona tse le etsang motho lechila."24One a tsoa mole abo atsamea a ea Tire le Sidoni. A fihla a kena mo ntlong, one asa batle batho ha tsebe hore o kae, empa ha ka se fihlei. 25Empa mosali o mongoe onale ngoana oa lesea oa moretsana one anale moea omubi abo a otloa ka ena, abo atla oa oela pele ha hae. 26Mosali oa mo Gereke, mo Sphonica ka ho tsoaloa. One a mo kopa hore a kobe moea omobi mo ngoaneng oa hae.27Abo are ho ena, " ha bana ba feoe lijo pele. Ka hore ha ho ho koloka ho neha lintsa borotho ba bana." 28Empa afetula are ho ena, ''Ehe, Morena, le lintsa kafasi ha tafule lija masalela abana.''29Abo are ho ena, ''ka lebaka la lintho tse o li apileng, o holo leile ho tsamaea. Le timona le tsoile mo ngoaneng oa hao.'' 30One a boela mo ntlong ea hae a fumana ngoana a robetsi bolaou, letimona le tsamaile.31One a tsoa hape Tire, a tsena Sidoni ea leoatleng la Galalea a tota Decapoli. 32Bane batlisa motho asa otloing litsebeng abele anale bothata ba ho bolela, bane bakopa hore a mo be ee letsoho.33One a mo ncha mo phothehong ka sephiri, a kenea menoana ea hae mo litsebeng tsa hae, a khoa mare a tsoara le leme la hae. 34One a leba maholimong are ho ena, a hema, ''Ephphatha,'' mo ho rela hore, 'Bula!'' 35Ka pele litsebe line tsa boleha, le leme la hololea, a qala ho bolela hantle.36Jeso one aba laea hore baseka ba bolela motho. Empa ha ba laea, bone ba tsoelela ba bolela. 37Bane ba papatsa, bare,'' O elitse lintho ha botse kaufela. One a etsa tsebe-tutu a otloa hape a sa bolelieng a bolela.''
1Mehleng oong, hona ho ene batho ba bangata, mme ne ba sena lijo. Jeso a betsa ba lateli ba hae mme a re ho bona, '' 2Ke na le kutloelo bohloko ka bongata kahobane ba ntse ba na le nna ha matsatsi a mararo mme ha bana se ba ka sejang. 3Ha ke ka ba romela metsing ea bona ba se ea ja, ba ka e libala tseleng. Bangoe ba tsoa khakala. 4Balateli ba hae ba araba ba re,'' Re ka fumana kae borotho bo ka ba lekanang pulekeng ena e khakala.''5A ba butsa, '' Le na le borotho bo kaakang?'' Ba re, '' Bo bosupa.'' 6A laea batho ba bangata hore ba lule fase. A nka borotho bo bosupa, a leboha, mme a bo roba. A bo nea balateli ba hae hore ba bo nee batho, mme ba bo bea pele ha batho ba bangata.7Ba ne ba na le lihlaphi tse nyenyane ka palo, mme morao ha ho li rapelela, a laea balateli ba hae hore ba li nee batho le tsona. 8Baja mme ba lekana, mme ha ba nka masalela, ha tlala limanki tse likholo tse supa. 9E ne e le batho ba ka fihlang sekiti. A bo a ba romela morao. 10Ka ho phakiso a kena sekepeng le balateli ba hae, mme ba ea khaolong ea Dalmanutha.11BaFarise batla mme baqala ho ngangisana le eena. Ba batla ho eena lipontso litsoang leholimong, ho mo leka. 12A bea moea oa hae mme a re, '' Ke eng leloko lena le kopa pontso? Ka nnete ke re ho lona. A hona pontso e tla neoang leloko lena.'' 13A bo a ba tluhela, a kena sekepeng, mme ea ho lengoe le hlakore.14Hona joale balateli ba ne balebetsi ho nka borotho. Ba ne ba e ne borotho bongoe fela sekepeng. 15A balaea, a re, '' Iponeleng mme le tsabe litomoso tsa bafarisi le litomosa tsa Herodi.''16Balateli ba buisana, '' Ke ka baka la hore a rena borotho.'' 17Jeso a se a lemohile tsena, mme a re ho bona, '' Ke eng le nahana ka ho hlokahala ha borotho? Ha le eso ho bona? Ha le utloisisi? Pelo tsa lona li omeletsi?18Le na le mahlo, ha le boni? Le na le litsebe, ha le utloi? Ha le hopole? 19Ka le tsatsi ke roba lelofo tsa borotho tse hlanu ho nea batho ba likiti tse hlanu, le hotholetsi limanki tsa masalela tse kae?'' Ba re ho eena, ''' Leshome le metso e mebeli.''20'''Ka letsatsi ke roba lelofo tsa borotho tse supa ho nea batho likiti tse nne, le hotholetsi limanki tsa masalela tse kae?'' Ba re ho eena, '' tse bosupa'' 21A re,'' Le ntse ha le utloisisi.''22Ba fihla Bethsaida. Batho ba mong ba mo tlisetsa monna ea sefofu mme ba mo kopa hore a mo tsoare. 23Jeso a tsoara sefofu ka letsoho, mme a ea le sona ntle ha motse. Ha a se a mo khoetsi mare mme a mo bea matsoho, a mo butsa, '' Se teng o se bonang?''24A talima holimo, mme a re,'' Ke bona banna ba tsoanang lifate tse tsamaeang.'' 25A boela a bea matsoho a hae mahlong a sefofu, khanya ea boleha, mme a bona ntho tsohle hantle. 26Jeso a re a tluhe a ea ha habo mme a re, '' U se ke oa kena toropong.''27Jeso le balateli ba hae ba ea Sesarea oa Filipe. Tseleng a botsa balateli ba hae, ''Batho bare kenna mang?'' 28Ba mo araba ba re, '' Johane Mokolobetsi. Bangoe bare,' Elia', mme bangoe, '' Mongoe oa baporofita.''29A ba botsa a re,'' Empa lona le re kenna mang?'' Petrose a re ho eena,'' U kreste.'' 30Jeso a ba laea hore ba se ke ba bulela ka eena.31A qala ho baruta hore Mora Motho o tla o tloa bohloko, mme o tla lahloa ke baholo le baprista ba baholo le bangoli, mme o tla bolaoa, mme o tla tsoha morao ha matsatsi a mararo. 32A bolela ka mo ho utloahalang. Ho le joalo Petrose a ea le eena lethoko mme a qala ho mo khalimela.33Empa Jeso a khutlela mme a lebelela balateli ba hae mme a khalemela Petrose a re, '' E tsoa honna, Satan! Ho ba oena menahano ea hao a e eo ho Molimo, empa ho ntho tsa batho.'' 34A bitsa batho ba bangata le balateli ba hae hammoho, mme a re ho bona, '' Ha motho a batla ho ntatela, o tsoaneloa ho e tela, anka sefapano, mme a ntatela.35Mang le mang a ratang ho boloka bophilo ba hae bo tla molahlehela, mme ea lahleheloang ke bophilo ba hae ka baka laka kapa la efangeli o tla bo boloka. 36Ho thusa eng hobane motho a ruoe lefatse lohle mme a lahleheloe ke bophilo ba hae? 37Ke eng motho a ka e neang ho reka bophilo ba hae?38Eong a bang masoabi kanna le mantsoe aka lelokong lena la bofebe le libi, Mora Motho u tla ba masoabi ka eena mohleng a tlang ka khanya ea Ntatae le mangeloi a halalelang.
1A re bona, '' Ka nnete ke re lona, ho na le bangoe ba lona ba emeng mona ba ka se keng ba shoa pele ha ho bona Mmuso oa Molimo o tla le matla.'' 2Morao ha matsatsi a ma tsilela, Jeso a a tsamaea le Petrose le Jakobo le Johane holimo ha thaba. A fetoha sebopeho sa hae pele ha bona. 3Li aparo tsa hae tsa khanya ka matla, tsa ba soeu ho fita, bo soeu bo fitang se ka li soeufatsang le fatseng.4Elia le Moshe ba bonahala ho bona, mme ne ba bua le Jeso. 5Petrose a araba mme a re ho Jeso, '' Rabbi, ho molemo hore re be mona, mme re lumelele re entse lintlu tse tharo, ea hao, ea Moshe, le ea Elia. 6( Hobane o ne a se tsebi se a ka se buoang, ka hore ne ba tsohile.)7Ha fihla leru la ba apesa. Ha tsoa lentsoe lerung, " Enoa ke mora oaka ea ratehang. Le mo mamele.'' 8Ka ho phakisa, barile ha ba talima, ha ba ea bona motho, empa Jeso fela.9Erile ha ba theoha thabeng, a ba laea hore ba se ke ba bulela motho tse ba li boneng hofihlela ha Mora Motho a se a tsohile bafung. 10Kahong ba e fumula taba eong, empa ba buisana ba le nose hore '' ho tsoha bafung'' ho ra horeng.11Ba mo butsa, '' Ke eng bangoli bare Elia o tsoanetsi ho tla pele?'' 12A re ho bona, '' Elia o tla tla pele ho lokisa tsohle. Ke eng ho ngoliloe hore Mora Motho o tla o tloa bohloko ho tse ngata mme a nyefoloa? 13Empa ke re ho lona Elia o tlile, mme ba etsa tsohle tse ba neng ba batla ho li etsa ho eena, joalo ka ho ngoliloe ka eena.''14Ha ba fihla ho balateli ba hae, ba bona batho ba bangata ho eena, le bangoli ba ngangisana le eena. 15Erile ha ba bona Jeso, batho ba bangata ba makala mme ba titima ho ea mo lumelisa. 16A botsa ba lateli ba hae, " Le ngangisana ka eng le bona.''17Mongoe hare ha batho ba bangata a mo araba, '' Moruti, ke tlisitse mora oaka ho oena. O na le moea o mo etsang a sitoe ho bua. 18Oa mo tsoara mme oa mo lahla fase, mme a tsoa maphuko molomong, a luma mano, mme a oma. Ke kupile balateli ba hao hore ba o leleke, empa ba sitoa.'' 19A ba araba, '' Le loko le senang tumelo, ke tla lula le lona ho fihlela neng? Ke tla le tiiseletsa ho fihlela neng? Mo tliseng ho nna.''20Ba mo tlisetsa moshemane ona. Ha moea o bona Jeso, moea oa phakisa oa molahla fase ka matla a maholo. Moshemane a oa fase mme a tsoa maphuko molomong. 21Jeso a butsa ntate oa hae, '' ke ha nako e kaakang a le joalo?'' Ntate oa hae a re, '' Ho tlohela bongoaneng. 22Eile ea mo lahla mollong kapa metsing hangata mme oa leka ho mmolaea. Ha o khona ho etsa sengoe, re hauhele mme o re thuse.''23Jeso a re ho bona, "' Ha ke khona'? Tsohle li ka etsahala ho ba kholoang.'' 24Ka nako eong, ntate oa ngoana alla haholo a re, '' Ke ea kholoa! thusa ho se kholoe haka!'' 25Ha Jeso a bona batho ba bangata ba titimela ho bona, a leleka moea o litsila, Oena moea o sa buoing le tsebe tutu, ke ea ho laela, etsoa ho ena, mme o se ke oa kena ho eena hape.''26Oa lla haholo mme oa mosisinya moshemane haholo mme oa tsoa ho eena. Moshemane a bonahala joale ka motho a neng a shoile, ba bangata bare, '' O shoile.'' 27Empa Jeso a motsoara ka letsoho mme a mo emeletsa , mme moshemane a emelela.28Ha Jeso a fihla ntlung, balateli ba hae ba mmotsa sephiring, '' Ke eng re sitoile ho leleka moea o litsila?'' 29A re ho bona, '' Moea oa mofuta ona o lelekoa fela ka thapelo."30Ba ile ba tsoa mong mme ba fita Galelea. A ne sa rata hore batho ba tsibe mong ba leng teng, '' 31hobane o ne a ruta balateli ba hae. A re ho bona, '' Mora motho o tla neoa matsohong a batho, mme o tla bolaoa. Ha se a bulailoe, morao ha matsatsi a mararo o tla tsoha hape.'' 32Empa ba se ke ba utloisisa taba ena, empa ba tsaba ho butsa.33Ba fihla Kapernaume. Ha se a kene ntlung a ba butsa, '' Ne le buoa ka eng tseleng?'' 34Empa ba fumula. Ka hobane ba ne ba ngangisana tseleng ka hore ke mang ea tla bang moholo ho bona. 35A lula fase, a bitsa balateli ba hae bohle mme a re ho bona, '' Ha emong a batla ho ba oa pele, o tsoanetsi ho ba oa mafello ho bohle le sebereki sa bohle.''36A nka ngoana mme a mo bea hare ha bona. A mo nka matsohong a hae mme a re ho bona, 37''Mang le mang a amohelang ngoana o joale ka lebitso laka o amohela nna; mang le mang a amohelang nna ha a mohele nna empa ea nthumileng.''38Johane a re ho eena, '' Moruti, re bone mongoe a leleka matimona ka lebitso la hao mme ra mo emisa, kahobane ha re latele." 39Empa Jeso a re, ''Le se ka la mo emisa, a ho motho a ka etsa mesebetsi e meholo ka lebitso laka mme ka moraho ha mong a bua tse mpi ka nna.40Mang le mang a otloisisanang le rona ke oa rona. 41Mang le mang a o neang kopi ea metsi ho re o noe ka lebitso laka ka hobane o oa Kreste, ka nnete ke re ho lona, a ka ke a lahleheloa ke moputso oa hae.42Mang le mang a etsang ba ba banyenyane ba kholoang honna ba lahlehe, ho ka ba hantle hore mjoe a maholo a bofelloe thamong ea hae a lahleloe leoatleng. 43Ha le tsoho la hao le etsa hore o lahlehe, le khaule. Ho ntle hore o kene bophilong o holofetse ho na le hoba le matsoho a mabeli mme oa ea liheleng, mollong o sa teming. 44.45Ha leoto la hao le o etsa oa lahleha, le khaule. Ho ntle hore o kene bophilong o sa tsamae hantle hona le hoba le maoto a mabeli mme oa lahleloa liheleng. 46.47Ha leihlo la hao le o etsa oa lahleha, le ntse. Hontle ho kena mmusong oa Molimo ka leihlo le le ngoe hona le hoba le mahlo a mabeli mme oa lahleloa liheleng, 48mmong sefoko sa bona se sa shoing, mme le mollo o sa temeng.49Hobane mongoe le mongoe o tla baboloa ka mollo. 50Letsoai le molemo, empa ha letsoai le lahleheloa ke botsoai ba lona, o ka le etsang joang hore le tsoae hape?
1Jeso a tloha polekeng eong mme a ea khaolong ea Judea mme a ea ka mose ha noka ea Jorodane, le bongata ba batho batla ho eena hape. A ne a ba ruta hape, joale ka tloaelo ea hae. 2Ba Farese ba tla ho mo leka mme ba mo botsa, '' Ho molaong hore monna a hlale mosali oa hae?'' 3A ba a raba, ''Moshe o le laetseng?'' 4Ba re, ''Moshe o lumetse hore monna a ngoale le ngoalo la hlalo mme a mo hlale.''5''E ne e le baka la hore lipelo tsa lona li thata hobane a le ngolele taelo ena,'' Jeso a re ho bona. 6''Empa ho tlohela ho qaleng ha popo, 'Molimo o entse bona monna le mosali.'7'Ka baka leo monna o tla tlohela ntate le mme a kopana le mosali oa hae, 8mme ba babeli ba tla ba nama engoe.' 9Ka hong se Molimo a se kopantseng hammoho, se se ke sa khauhantsoa ke motho.10Barile ha ba le ntlong, ba lateli ba hae ba mo botsa hape ka taba e na. 11A re ho bona, ''E mong le e mong ea hlalang mosali oa hae mme a nyala e mongoe o ea mo feba. 12Le mosali ea hlalang monna oa hae a nyala e mongoe, o ea feba.''13Ea ba ba tlisa bana ba ba nyenyane ho ena hore a ba tsoare, empa ba lateli ba hae ba ba khalemela. 14Jeso ha a ba bona, a khopiseha mme are ho bona, ''Tlohelang bana babanyenyana batle ho nna, mme le se ke la ba hanela, ho ba muso oa Molimo ke oa ba joalo ka bona.15Ka nete ke ho lona, e mong le e mong ea sa amoheleng mmuso oa Molimo joalo ka ngoana a ka ke a kena teng.'' 16Mme a nka bana matsohong a hae mme a ba hlonolofatsa a ba bea matsoho a hae holimo.17Erile ha a qala leeto la hae, monna a titimela ho ena mme a khobama pele ha hae mme a mmotsa, ''Moruti o molemo, ke eng e ke kae etsang hore ke tle ke fumanane bophilo bo sa feleng?'' 18Jeso a re, ''Ke eng o mpitsa ea molemo? Ha ho motho ea molemo kantle ha molimo a le nose. 19O tseba melao: 'O se ke oa bolaea, o se ka oa feba, o seka o otsoa, o se ke oa thetsa, hlompha ntate oa hao le mme oa hao.''20Monna a re, ''Moruti, tsohle tse ke li hlomphile ho tlohela bonyenyaneng ba ka.'' 21Jeso a mo lebelela a mo rata. A re ho ena, ''O hloka ntho e le engoe. O tsoanetsi ho rekisa tsohle o nang le tsona o nee bafotsana, mme o tla ba le tlotlo le holimong. Ea ba o tle o ntatele.'' 22Empa ka baka la polelo ena a lebeleleha a hlomohile mme a tloha a le bohloko, hobane a ne a roile.23Jeso a talima mme a re ho ba lateli ba hae, ''Ho thata ha kaakang hore ea roileng a kane mmusong oa Molimo!'' 24Ba lateli ba makala ka mantsoe a hae. Empa Jeso a re ho bona hape, ''Bana, ho thata ha kaakang ho kena mmusong oa molimo! 25Ho bo bebe hore kamela e kene ka thuba ea nalete ho nale hore ea roileng a kene mmussong oa Molimo.''26Ba makala haholo mme ba botsana ba re, ''Ho tla bolokeha mmang?'' 27Jeso a ba lebelela a re, ''Ke ntho e setang batho, empa ho se ho Molimo. Hobane tsohle Molimo o ka li etsa.'' 28Petrose a qala ho buoa le eena are, ''Lebelela, re siile tsohle mme ra o latela.''29Jeso a re, ''Ka nete ke re ho lona, a ho na ea tlohelang ntlo kapa ba holo kapa le khaetsali kapa mme kapa ntate kapa bana kapa masimo ka baka laka kapa efangeli 30a ka se keng a amohela ha le kholo joale mehleng ena: linto le bo a buti le likhaetsali le bommae le masimo,le hloriso, mme le fatseng le tlang, o tla fumana bophilo bo sa feleng. 31Empa ba bangata ba pele batla ba ba morao, le ba morao batlaba ba pele.''32Ba ne ba le tsileng ba ea Jerusalema, mme Jeso o ne a tsamaea pele ha bona. Balateli ba ne ba maketsi, mme bane ba latela moraho ba ne ba tsohile. Ea ba Jeso o biletsa balateli ba hae thoko mme a qala ho ba bolela tseo li tla ho etsahala ka nako eong ho eena. 33''Bonang, re ea Jerusalema, mme Moroa Motho o tla neeloa ha presita ba baholo le bangoli. Ba tla mo a hlolela lefo mme ba mo neele ho balichaba. 34Ba tla monyefula, ba mo khoela mare, ba mo otla, mme ba mo bolaea. Empa morao ha matsatsi amararo o tla tsoha.''35Jakobo le Johane, bara ba Zebedia, ba tla ho ena bare, ''Moroti, re batla o re etsele sengoe le sengoe re tla se kopang ho oena.'' 36A re ho bona, ''Ke eng le batlang ho re ke le etsele eona?'' 37Ba re ho eena, ''Re lumelele re lole khanyeng ea hao, e mongoe le tsohong le le tona e mongoe letsohong le le tsehali.''38Empa Jeso a ba araba a re, ''A le se tsebi seo le se kapang. Le ka khona nang ho noa kopi ee ke tla e noang kapa ho kolobetsoa ka kolobetso ke tla kolobetsoang ka eona?'' 39Ba re ho eena, ''Re ea khona.'' Jeso a re ho bona, ''Kopi ke tla enoang, le tla e noa, le kolobetso ke kolobetsoang ka eona, le tla kolobetsoa ka eona. 40Empa ea tlang lola letsohong la ka le letona kapa le letsehali a se na ke mo neang, empa ke tsa ba ho lokiselitsoeng bona.''41Erile ha bangoe ba lateli ba leshome ba otloa a tsena, ba khopiseha ka Jakobo le Johane. 42Jeso a ba biletsa ho eena a re, ''Le ea tse hore bong ba bitsoang ka marena a balichaba ba ea bosa, mme ba baholo ho bona ba na le matla holimo ha bona.43Ho se ke ha ba joalo le ho lona. Ea ratang ho ba e moholo ho lona o tsoanetsi ho ba sebereki sa lona, 44mme ea ratang ho ba oa pele ho lona o tsoanetsi ho ba sebereki sa lona lohle. 45Hobane Moroa Motho ha a atla ho sebeletsoa, empa ho sebetsa, le ho nea bophilo ba hae ho ba topollo ea bangata.''46Ba fihla Jeriko. Ha a tloha Jeriko le balateli ba hae le batho ba bangata, mora Timea, Bartmea, oa sefofo, a ne a lotse thoko ha tsela. 47Ha otloa ho re ke Jeso oa Nasaretha, a qala ho huoa a re, ''Jeso, Moroa Dvita, o nkotloele bohloko!'' 48Ba bangata ba mo khalemela, ba re a fomale. Empa a lla ka matla, ''Moroa Davita, nkotloele bohloko!''49Jeso a ema mme a laea hore a betsoe. B betsa sefofo ba re, ''Ema sebeti! Emelela! O ea hobetsa.'' 50A lahla baki ea hae, a emelela, a tla ho Jeso.51Jeso a mo araba mme a re, ''O batla ke o etsele eng?'' Sefofo sa re ho ena, ''Rabboni, ha ke boele ke bone.'' 52Ea ba Jso o re ho ena, ''Tsamaea. Tumelo ea hao e o folisitse.'' Ka potlako a bona hape, a latela Jeso tseleng.
1Ha ba kena Jerusalema, ba ne ba le haufi le Bathpage le Bethane thabeng ea Mehloare, mme Jeso a roma balateli ba hae ba babeli 2mme a re ho bona, '' E ea motseng o ka thoko. Ha le kena, le tla fumana esele e nyenyane e so ho nameloa. Le e bofolole mme le tle le eona ho nna, 3Ha mongoe a kare ho lona,' Ke eng le etsa sena?' le re,' Morena ea e batla mme o tla e khutlisa ka bonako.''4Ba ne batsamaea mme ba fumana esele enyenyane e bofeletsoe ka monyakong kantle setarateng, ba e bofolola. 5Bangoe batho ba ne ba eme mong mme bare ho bona,'' Le etsang, le bofolola esele enyenyane?'' 6Ba buoa le bona ka ha Jeso a ba laetsi, mme batho ba batluhela ba tsamaea.7Ba isa esele enyenyane ho Jeso mme ba e apesa libaki tsa bona, mme a lula holimo. 8Batho ba bangata ba oala li aparo tsa bona tseleng, mme bangoe ba oala likala tsa lifate ba li khautseng masemong. 9Ba tsamaileng pele ha hae le ba morao ba mo hueletsa, '' Hosanna! Ea hlonolofalitseng a tlang ka lebitso la Morena. 10Ho le hlohonolo mmuso otlang oa ntate oa rona Davida! Hosana maholimong!''11Jeso a kena Jerusalema mme a ea tempeleng mme a lebelela hohle. Joale nako e tsamaile, a ea Bethane le balateli ba hae. 12Ka tsatsi le latelang ha ba tsoa Bethane, o ne a tsoeroi ke tlala.13A bona sehlare sa fiega se le khakala se na lematlare, a ea ho ea leba hore a ka fumana lithoala nna,mme ha fihla ho sona, a fumana matlare fela, hobane e ne e se nako ea litholoana sa fiega. 14A bua le sona, '' A ho motho ea tla jang litholoana tsa hao hape.'' Le balateli ba hae ba mo otloa.15Ha a fihla Jerusalema, mme a kena tempeleng hape a qala ho leleka barekisi le bareki tempeleng. A oisa litafule tsa ba chenchi ba chelete le litulo tsa ba neng ba rekisa maeba. 16Ha ea lumelela motho ho nka letho lerekisoang mo tempeleng.17A ba rute a re, Ha ho ea ngoloa, ' Ntlu eaka e tla bitsoa ntlu ea thapelo ea lichaba tsohle.'? Empa li e entse ntlu ea ba tsietsi. 18Baprista ba baholo le bangoli ba otloa tse a li buileng, mme ba batla tsela ea ho mo bulaea. Ba ne ba mo tsaba kahobane batho ba bangata ba ne ba makalitsoe ke lithuto tsa hae. 19Ka tapama, a tsoa toropong.20Ha ba fita ka phakela, ba bona fiega e omile ho fihlela miling. 21Petrose a hopola mme a re, '' Rabbi, lebelela! Sehlare sa fiega o se rohakeleng se omile."22Jeso a ba araba are, '' E bang le tumelo ho Molimo. 23Ka nnete ke re ho lona ha motho a kare thabeng, 'Emelela mme o oele leoatleng,' ha a sa belaele pelong ea hae empa a kholoa hore se a se buoang se tla etsahala, ke se Molimo a se etsang.24Joale ke re ho lona: Tsohle tse le lirapelelang le tse le likopang, kholoang hore le lifumane, mme li tla ba tsa lona. 25Ha le ema mme le rapela, le tsoanetsi ho tsoarela mang le mang ea lekhopisitseng, hore Ntate oa lona ea le holimong a tle a le tsoarele libe. 26.27Ba kena Jerusalema hape. Erile ha Jeso atsamaes tempeleng, baprista ba baholo, bangoli, le baholo batla ho eena. 28Ba re ho eena, '' Lintho tsena tse ngata o li etsa ka matla afe, hape ke mang a o neileng matla a o li etsa?''29Jeso a re ho bona, '' Ke tla le botsa putso engoe. Njoetseng mme ke tla le bulela hore ntho tysena ke li etsa ka matla afe. 30Kolobetso ea Johane, e tsoile leholimong kapa bathong? Nkarabeng.''31Ba buisana mme bangangisana mme ba re, '' Ha re kare,' Etsoa leholimong,' o tlare, ' Ke eng le sa mo kholoe?' 32Empa re kare, ' Etsoa mothong,'... .'' Ba ne ba tsaba batho, hobane motho eohle a ne a tseba hore Johane ke moporofita. 33Ho le joalo ba fetola ba re, '' A re tsibi.'' Jeso a re ho bona,'' Lenna a ke ka se le bolele hore tsena ke li etsa ka matla afe."
1Joale Jeso a qala ho ba ruta ka litsoantso. A re,'' Monna a joala tsemong ea veine a e baeletsa a epa moleti o ntsa veine. A aha ntlu ea ho bona tsimo ena a e rakisa balemi ba veine. Empa a tsamaea leeto. 2Ka nako e moloketseng a roma sebereki sa hae ho ba lemi ba veine hore se ee nka litholoana tsa veine tsimong. 3Empa ba mo tsoara, ba mo otla, mme ba mo leleka a sena letho.4Hape a roma sengoe sebereki sa hae, le sona ba se ho bafatsa hlohong ba se tsoara hampi. 5A roma sengoe sebereki, mme sena ba se bulaea. Libereki tsena tsa tsoaroa ka tsela e tsoanang, lingoe tsa otloa mme lingoe tsa bulaoa.6O ne a setsi ka motho e mong ho mo roma, mora a ratehang. Ke ena oa mafelelo ho mo roma ho bona. A re,' Ba tla hlompha mora oa ka.' 7Empa baleme ba veine ba buisana ba re, ' Ona ke mojalefa. Etlang, a re mo bolaeng, mme lefa le tla ba la rona.'8Ba motsoara, ba mo bulaea, mme ba mo lahlela tsimong ea li veine. 9Ka hong, mong oa tsimo ea li veine o tla reng? O tla tla ho bolaea baleme ba li veine le ho nea tsimo ena bangoe baleme.10Ha lea bala lengolo lena? ' Lejoe le eleng la lahloa ke ba ahi le ile la sebelisoa ho aha sekhutlo. 11Tse li tsoa ho Morena, mme ke limakatso mahlong a rona. 12Morao ha tsena baholo ba maJuda a batla tsela ea ho tsoara Jeso ka baka la hore ba otloisisitse hore litsoantso a buoang ka tsona li fapane le bona. Empa bane ba tsaba batho. Kahong ba mo tluhela ba tsamaea.13Ho le joalo ba roma baFarise le ba Herodi ho re ba motsoare ka mantsoe. 14Ha bafihla, bare ho eena, '' Moruti, re ea tsiba hore a hona taba le lipono tsa bangoe batho, ebile a ho khauhantsi batho. U ruta ka tsela ea Molimo. Ho molaong ho patela tsa leshome ho Kesare kapa che? 15Empa Jeso a tsiba bo e kaketsi ba bona mme a re ho bona, '' Keng le ntika? Tlisang denari ke e bone.''16Batla le engoe ho Jeso. A re ho bona, '' Ke setsoantsao le mongolo oa mang ona?'' Ba re, '' Ke oa Kesare.'' 17Jeso a re ho bona, '' Neang Kesare tse li beng tsa hae, mme ho Molimo tse li beng tsa Molimo." Ba mo makala.18Joale BaSadusi, bareng a hona tsuho ea bashoeleng, ba tla ho eena. Ba mmotsa, bare, 19'' Moruti, Moshe o re ngoletsi, 'Ha monna a ka shoa mme a siea mosali, a sena bana, monna o tsoanetsi ho nyala mosali oa abuti oa hae, mme a holise bana ba abuti oa hae.'20Ho ne ho na le bo abuti basupileng; oa pele a nyala mosali mme a shoa, a sena bana. 21Ea re abuti oa bobeli a mo nyala mme a shoa, a sena bana le oa boraro a etsa joalo. 22Bohle ba basupa ba shoa ba sena bana. Mafelelong a bohle, mosali a shoa. 23Tsuhong ea bafu, ha ba tsuha hape, e tlaba mosali oa mang? Hobane bo abuti bohle ba le basupa ba kile ba mo nyala.24Jeso are, '' A se lona lebaka le ne fapantsang, kahobane ha le tsebe mengolo kapa matla a Molimo? 25Ha ba tsuha bafung, ha ba nyale kapa ho nyalisoa, empa ba tsoana mangeloi leholimong.26Empa ha re bua ka bafu ba tsusitsoeng, ha lea bala bukeng ea Moshe, kopanong ea hae le sefate, tsela Molimo a buileng le eena a re,' Ke Molimo oa Abrahama le Molimo oa Isaka le Molimo oa Jakobo'? 27Ha se Molimo oa ba shoileng, empa ba philang. Le fapantsehile haholo.28Mongoe oa bangoli a tla mme a otloa babuisana; a bona hore Jeso o ba araba hantle. A mmotsa, ''Ke molao ofe o bohlokoa ho eohle.'' 29Jeso a araba, Molao o bohlokoa hofeta eohle ke, Utloa, Iseraele, Morena Molimo oa rona, Morena o nose. 30U tsoanetsi ho rata Morena Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle, ka moea oa hao ohle, ka khupolo ea hao eohle, mme le ka matla a hao ohle.' 31Molao oa bobeli o re, ' U tsoanetsi ho rata eo o ahisane le eena joalo ka o e thata.' A hona molao o fetang ena.''32Mongoli are, '' Hontle, Moruti, U buile ka nete hore Molimo o nose, le hore a hona emong kantle ha eena. 33Ho morata ka pelo eohle le ka kutloisiso eohle le ka matla ohle, le ho rata eo o ahelaneng le eena joalo ka ha o e thata ho feta lihlabelo le lineelo.'' 34Ha Jeso a bona hore o mo neile petsulo e hlalefileng, a re ho eena, '' A ho hole le mmuso oa Molimo.'' Morao ha mong a hona a ile a botsa Jeso hape.35Erile ha Jeso a ruta tempeleng, a re, '' Ke eng bangoli ba re Kreste ke mora Davida? 36Davida ena, moeng o halalelang, a re, ' Morena a re ho Morena oaka, '' Lula letsohong laka le leholo hofihlela ke etsa lira tsa hao bo hato ba maoto a hao.'''' 37Davida ka bo ena o e pitsa ' morena', kahong Kreste o tlaba mora Davida joang?'' Batho ba bangata haholo ba mo mamela ka thabo.38Lithutong tsa hae Jeso are, Hlokomelang bangoli, baratang ho tsamaea ba apere liaparo tse telele mme ba lumelisoa mong ho rekisoang, 39mme ba na le litulo tse bohlokoa lisenagogeng le li pulekeng tsa ho hlompheha lijong. 40Hape ba kena lintlung tsa ba hlolahali, mme ba rapela lithapelo tse telele hore batho ba ba bone. Banna bana ba tla neoa katlolo e kholo.41Ho le joalo Jeso a lula fase haufi le serotu sa moneelo tempeleng, a na a boha ha batho ba neela serutung. Ba bangata ba ruileng ba ne baneela ka chelete tse kholo. 42Ho le joalo ha tla mohlolahali oa mofutsana mme a neela ka chete tse peli, tse lekanang le peni.43A bitsa balateli ba hae mme a re ho bona, '' Ka nnete ke re ho lona, mohlolahali ena oa mofumanehi o neetsi ho feta bohle ba neetsing serutung. 44Hobane bohle ba neetsi ho tsengata ba nang le tsona. Empa mohlolahali ena, bo fumaneheng ba hae, o neetsi ka chelete eohle a tsoanetsing ho phila ka eona.
1Ha Jeso a tluha tempeleng, e mong oa balateli ba hae a re ho eena, '' Moruti, lebelela majoe le lintlu tse makatsang!'' 2Jeso a re ho eena, '' o ea li bona lintlu tse likholo? Ha hona le lejoe le tla salang holimo ha lelengoe le ka se keng oela fase.''3Ha a lutse holimo ha thaba ea Mehloare mabapa le tempele, Petrosi, Jakobo, Johane le Andreaser ba mmotsa sephiring, '' 4Re bolele, lintho tsena li tla etsahala neng? Ho tlaba le pontso mang ha le se le tla etsahala?''5Jeso a re ho bona, " Hlokomelang ho se ke haba le ea le phamosang. 6Ba bangata ba tla tla ka lebitso laka mme ba re ' Kenna', mme ba tla phamosa ba bangata.7Ha le utloa ka lintoa le masebela a lintoa, le se ke la bilaela; lintho tsena ho tsoanetsi hore li etsahale, empa bofelo ha bo eso bo fihli 8.Hobane sechaba se tla tsohela sengoe sechaba, mme le mmuso oa tsohela omong. Ho tlaba le ho sisinyeha ha lefatse ngalong tse ngta, le litlala. Tsena lisupa ho qala ha bohloko.9" Hlokomelang. Ba tla le neela ho ba mmuso, mme le tla otloa lisenagogeng. Le tla ema pele ha babusi le likhosi ka baka laka, eleng bopaki ho bona. 10Empa efangeli e tsoanetsi hore e buleloe lichaba tsohle.11Ha ba le tsoara mme ba le isa pele, le se ke la belaela ka se le tla se buoang. Hobane nakong oong, se tla se buoang le tla se neoa; e ka se be lona le buoang, empa moea o Halalelang. 12Abuti o tla neela abuti oa hae lefung, mme ntate ngoana oa hae. Bana ba tla tsohela batsoali ba bona mme ba etsa hore ba bulaoe. 13Le tla hlooa ke bohle ka baka laka. Empa ea tla tiisetsang ho fihlela bofelong, o tla bolokoa.14''Ha lebona se sa tsoanelang ho ba mong se le teng, '' ( ea balang a otloisise) '' Baleng Judea ba balehele lithabeng, 15aleng holimo ha ntlu a se ke a folooa a kena ntlung kapa ho nka sengoe ntlung, 16hape aleng tsimong a se ke a khutlela morao ho nka baki ea hae.17Empa ho tla ba thata ho baemana le ho ba nang le bana ba banyenyane ka matsatsi ao! 18Rapelang hore ho se ke ha etsahala ka mareha. 19Hobane a oo e tla ba matsatsi a bohloko haholo, mong ho e so ho bonale ho tluha hoqaleng, ha Molimo a bopa lefatse, hofihlela kajeno, mong ho ka se keng ha etsahala hape. 20Kantle ha hore Molimo a khutsufantse matsatsi, ahuna nama e ka bolokehang. Empa ka baka la ba khethiloeng, bong a ba khethileng, o khutsufantse matsatsi.21Joale ha emong a re ho oena, ' Lebelela, enoa ke Kreste!'' kapa ' Lebelela, ke ong!' o se ke oa kholoa. 22Hobane bo Kreste ba bohata le bapofofeta ba bohata ba tla bonala mme ba hlahisa lipontso le limakatso ho le tsietsa, ha ho etseha, le ho bakhethoa. 23Hlokomelang! ke le buletsi lintho tsena tsohle pele.24''Empa ka morao ha meferefere ea matsatsi a oo, ' letsatsi le tla fifala, khoeli ea se bontsi khanya ea eona, 25linaleli le tla oa sebakeng.' 26Ho le joale ba tla bona Mora Motho a tla ka maru le matla a maholo le khanya. 27Ho le joale o tla romela mangeloi a hae hape o tla bukantsa hammoho bakhethoa ba hae ngalong tsohle,ho tluhela bofellong a lefatse hofihla bofellong ba leholimo.28Ruta thuto sefateng sa fiega. Ha kala ea sona e hlahlamoha mahlare, u tsiba hore selemo se haufi. 29Hape, ha le bona lintho tsena li etsahala, le tsibe hore o haufi, haufi le monyako.30Ka nnete ke re ho lona, leloko lena ha le ka sefeti lintho tsena li sa ka tsa etsahala. 31Leholimo le lefatsa le tla feta, empa mantsoe aka a ka sefeti. 32Empa ka letsati leo kapa hora e o, ha ho motho a tsibang, le ona mangeloi leholimong, le Mora, empa ke Ntate.33'' Hlokomelang! lebelela, ka hobane a le tsibe hore ke nako efe. 34Ho tsoana monna a leng leetong- o siea ntlu ea hae mme a e neela matsohong a lisebetsi tsa hae, mongoe le mongoe le mosebetsi oa hae, mme o laela lebileng monyako hore a hlokomele.35Kahong lulang le lemohile kahobane ha le tsibe hore mong oa motse o tlang leng; e ka ba tapama, bosiu, ha mokuku olla, kapa ka hosasane. 36Ha a tla kapela, a se ke a o fumana o robetsi. 37Se ke le bulelang sona ke se bulela ho bohle: Hlokomelang
1E ne e le matsatsi a mabeli ho ea ho paseka le mokete oa borotho ba litomoso. Ba presita ba baholo le bangoli ba ne ba batla litsela tsa ho motsoara sephiring Jeso mme ba mmolae. 2Ka hobane ba ne ba re, ''E seng nakong ea mokete, ho etsela hore moferefere o seke oa tsoha hare ha batho.''3Jeso a sa le Bethani, ntlong ea Semeone molepara,ha a sa lotse tafoleng, mosali a tla ho eena ana le pitsa ea setlolo sa teko e holimo, e neng e le nareda ea sebele. A bolaea pitsa a tsela nareda holimo ha hloho ea hae. 4Empa ho ne hona le ba bang ba neng ba koatile. Ba buisana mme ba re, ''Ke le baka la eng ho senya setlolo? 5Setlolo sena se ka rekisoa ka thoko e fetang litinare tse makholo a mararo ea nea ba fumanehi''. ba ba ba mo roa.6Empa jeso are, ''Mo tloheleng a le mongoe. Ke ka baka la eng le mohlorisa? O entse mosebetsi o montle ho nna. 7Le lula le ha le bafunehi nakong tsohle, ha le lakatsa le ka etsa tse molemo ho bona, empa le ke ke la ba le nna nakong tsohle. 8O entse se a khonang ho se etsa. O tlotse mmele oa ka ho o lokisela poloko. 9Ka nete ke re ho lona, moa lentsoe le boleloang lefatseng lohle, se entsoeng ka mosali ena se tla bolela, ka ho mo hopola.''10Ea ba Judase iskariote, e mong oa ba leshome le metso e mmeli, ea ho ba presita ba baholo hore a ka mo nehela eena ho bona. 11E rile ba presita ba baholo ba li ntloa, ba thaba mme ba tsepisa ho mo nea chelete. A qala ho batla monyetla oa ho mo nehela ho bona.12Ka tsatsi la pele la borotho bo se nang litomo, ba etsa sehlabelo sa konyana balateli ba hae ba re ho eena, ''Ke kae moo o batlang re eo lokisa, hore o eo ja lijo tsa paseka?'' 13A roma balateli ba hae ba babeli mme a re ho bona, ''E eang toropong, monna a nang le emere ea metsi o tla kopana le lona. Le molatele. 14Moo a ke nang ntlong, le molatele mme le re ho mong ntlo, 'Moruti o re, ''' E kae ntlo ea baeti moo ke tla jang paseka le balati ba ka?''15O tla le bontsa ntlo e kholo e nang le litulo ea holimo e nang le litulo ea ka holimo e lokisitsoeng. Le etse litokisetso tsa rona mono.'' 16Balateli ba tsoa ba ea toropong. ba fumana ntho tsohle ka ha a boletse, mme ba lokisa lijo tsa paseka.17E rile e le mantsi boea, a tla le ba le shome le metso e mmeli. 18E rile ba lotse ta foleng ba eja, Jeso a re, '''Ka nete ke re ho lona, e mong a jang le nna o tla nthekisa.'' 19Ba ba masoabi bohle, mme ka e mong le e mong a re ho eena, ''nete a se nna?''20Jeso a arabela mme a re ho bona, '' Ke e mong oa ba leshome le metso e mmeli. Kenyang barotho le nna senoelong. 21Ka hore Mora Motho o tla tsamea joalo ka haho ngotsoe ka eena. Empa malimaboho monna eo ka ho eena Mora Motho a tla rekisoang! Hone ho kaba molemo ha a se ea tsoaloa.''22E rile ba eja, Jeso a nka borotho, a bo hlonolofatsa, a bo ngoatha. A ba nea mme are, ''Nkang moo, ke mmele oa ka.'' 23A nka senoela, a boka, mme a ba nea, mme bohle ba noa ho sona. 24A re ho bona, ''A na le mali a ka a selekane, mali a tsolloleloang ba bangata. 25Ke tiisitse hore ho lona, nke ke ka noa hape thoalana ea veine ho fihla letsatsi moa ke tla se noang s le se eha mmusong oa Molimo.26Ba rile ba binne sefela, ba tsoa ho ea thabeng ea Mehloare. 27Jeso are ho bona, ''Lona lohle le tla timela, ka hobane ho ngoliloe, ke tla otla molisa mme linko tsa phatlalala.''28Empa ka morao ha ho tsosoa, ke tla le etela pele ho ea Galalea.'' 29Petrose ho eena, ''Le ha bohle ba ka timela, nke eo.''30Jeso a re ho bona, '' Ka nete ke re ho lona, kajeno--e, bosiung bona pele mokoko o lla ha beli le tla ntatola hararo.'' 31Empa Petrose are ka tiisetso, ''Ha ke tsoanetse ho shoa le oena, nke ke ka o latola.'' Bohle ba etsa tsepisa e tsoanang.32Ba fihla polekeng e bitsoang Getsemane, mme Jeso a re ho balateli ba hae, ''Lulang mona nna ke rapela.'' 33A tsamaea le Petrose, Jakobo, le Johane mme a qala ho khathatseha mme a hlora haholo. 34A re ho bona, ''Moea oa ka o bohlokong, ho fihla seemong sa lefu. Lulang mona le lete.''35A ea sebakanyana hole, Jeso a oela fatse mme a rapela hore nkabe ho khoneha nako eo e ka feta ho ena. 36A re, ''Abba, Ntate, Ntho tsohle li ka khoneha ka oena. Ntsa senoelo sena ho nna. Empa e seng thato ea ka, empa ea hao.''37A khotla, mme a fumana ba robetse, mme a re ho Petrose, ''Semone, na o robetse? Ho ka se khonehe o falimehe ho hora engoe? 38Falimehang le rapele hore le se kene molekong. Moea oa lakatsa rori, empa mmele oa fokola.'' 39A boela khole hape mme a rapela, a sebelisa mantsoe a tsoanang.40E rile a khotla hape, a fumana ba robetse, ka hore mahlo a bona a ne a le boima. Ha ba ea tseba hore ba reng ho ena. 41A khotla la boraro mme a re ho bona, ''Le sa ntse le robetse mme le e khutsitse? Ho lekane! Hora e fihlile. Bonang! Mora Motho o rekisetsoa liateng tsa ba libe. 42Tsohang; a re tsamaeng. Bonang, ea nthekisang o haufi.''43Ea re a sa bua, Judase, e mong oa ba leshome le metso e mebeli, a fihla, mme le bangata ba batho bane bana le eena le marumo le melamo, ho tsoa ho ba presita ba baholo, bangoli, le ba holo. 44Nakong eo morekisi oa hae a ba neile tsupo, a re, ''Eo ke tla mo akang ke eena. Le motsoare le tsamae le eena le mohlokometse.'' 45E rile Judase a fihla, ka ho phakisa a tla ho Jeso mme a re, ''Rabbi,'' aba a mo aka. 46Ea ba ba motsoara ba tsamaea le eena.47Empa e mong oa bona ea emeng kathoko a ntsa lerumo la hae a otla mosebeletse oa mopresita o moholo mme a ntsa tsebe ea hae. 48Jeso a re ho bona, ''Letla hona joalo ka ho lesholu, le na le marumo le melano, ho ntsoara?'' 49Moo ke eng ke na le lona mme ke rota tempeleng, ha le ea ka la ntsoara. Empa sena se e tsetsoe hore mongoli a phetehe.'' 50Bohle boo ba neng bana le Jeso ba ba tloha mme ba baleha.51Mohlanka ea apering seaparo sa lesela ea neng a e photile ka lona, a ne a latela Jeso. Erile banna ba mo nka 52a tlohela seaparo sa lesela mme a baleha a sa apara.53Ba isa Jeso ho mopresita o moholo. Bane ba bokane le eena le ba presita bohle, baholo, le bangoli. 54Nakong eo Petrose a ne a molatela a le hole, ho tsoana joalo ka lebala la mopresita e moholo. O lotse le bahlankana, a e futumatsana haufe le mollo.55Nakong eo bapresita ba baholo ba ne ba batla bopaki khahlanong le Jeso hore ba khone ho mo isa lefong. Empa ha ba ea bo fumana. 56Ka hobane ba bangata ba tlisitse bopaki ba leshano khahlanong le eena, empa le bopaki ba bona ha bo ea lumela.57Ba bangoe ba emeletse mme ba tlisa bopaki ba leshano khahlanong le eena; ba re, 58''Re otloile are, ' Ke tla thuba tempele ena e a hiloeng ka matsoho, mme matsatsieng a mararo ka aha e eng e sa ahoang ka matsoho.'' 59Le ho le joalo bopaki ba bona ha bo ea lumela.60Mopresita e moholo a ema hare ha bona mme a botsa Jeso, ''Ha o na karabo? Ke eng se batho ba pakang khahlanong le oena?'' 61Empa a lilimala mme a sa arabe letho. a boela mopresita e moholo ho mmotsa lipotso mme a re, ''Ke oena Kreste, Mora ea Hlonolofalitsoeng?'' 62Jeso a re, ''Ke nna; mme le tla bona Mora Motho moo a lula letsohong le letona la matla mme a etla le maro a leholimo.''63Mopresita e moholo e khaela liaparo tsa hae mme are, ''Re sa batla bopaki na? 64Le otloile lehlapa. Lona le reng?'' Bohle ba mmona molato joalo ka ea lokelang lefo. 65Ba bangoe ba qala ho mo khoela mare mme ba koala sefahlehong sa hae mme ba moshapa ka liatla mme ba re ho eena, ''Porofita!'' Bahlanka ba mo nka ba moshapa.66Ea re Petrose a le katlase lebaleng, e mong oa banyana ba mo presita e moholo a tla ho ena. 67A bona Petrose a e futumatsa, mme a molebelelisisa mme are, ''O ne o na le moNasareta, Jeso.'' 68Empa a hana, a re, ''A ke tsebe kapa ho otloisisa se o buang ka sona.'' A ba a e tsoa ho ea khotloaneng. Mme mokoko oa lla.69Empa monyana oa mosebetsi a mmona mme a qala hore ho boo ba e meng moo, ''Monna ena ke mong oa bona!'' 70Empa a latola hape. Ka morao ha nakoana bo ba e emeng moo ba bare ho Petrose, ''Rori o mong oa bona, ka hobane o mo Galalea.''71Empa a qala ho ikisa ka tlase ha hlopano le ho ana, ''A ke tsebe monna ena le buang ka eena.'' 72Mokoko ka ho phakisa oa lla la bobeli. Ea ba Petrose a hopola mantsoe a Jeso a mo joelitseng ona: ''Pele mokoko o lla habeli, o tla nlatola hararo, ''A oela fatse a lla.
1Ka meso, ba presita ba baholo, le baholo le bangoli le le khotla lohle la bajuda ba kopanela. ba bofa Jeso ba tsamae le eena. Ba mo neela ho Pilato. 2Pilato a mmotsa, '' U Morena oa baJuda na?'' A mo araba, ''U rialo.'' 3Bapresita ba baholo ba ne ba mo roesa melato e mengata.4Pilato a boella a mmutsa, ''Na hao arabe? U ea bona melato bao roesanh eona!'' 5Empa Jeso ha a ka a araba Pilato, mme a makala.6Ka nako ea mokete, Pilato o tloaetsi ho lokolla motlamuoa o mong, motlamuoa eo ba mo kopileng, 7Ho ne ho na le monna a bitsoang Barabase toronkong le ba entse moforefere mme ba bolaile motho moferefereng. 8Batho ba ba ngata batla ho Pilatao mme ba qala ho mo kapa hore a ba etsetse se a se entseng ka nako e fitileng.9Pilato a ba araba mme a re, '' Le batla ke lokolle ho lona Morena oa bajuda?'' 10Ka hobane o ne a tseba hore ke ka lebaka la mona hore ba presita ba baholo ba neele Jeso ho ena. 11Empa bapresita ba baholo ba hlohlohetsa batho bangata hore ba lella hore ho lokolle Barabase.12Pilato a ba araba hape mme a re ''Ke etse eng kaMorena oa Bajuda?'' 13Ba boela ba hoeletsa ba re, ''Mo thakhise!''14Pilato a re ho bona, ''O entse bobe bofe?'' Empa ba hoeletsa ha ngata, ''Mo thahise.'' 15Pilato o ne a batla ho khotsofatsa batho ba bangata, a ba lokolla Barabase. A otla Jeso a mo neela hore a thakhisoe.16Masole a mo etela pele ka hare ha le khotla ( e leng lekhotla le le holo la mmuso) mme ba bitsa sehlopha sohle sa masole. 17Ba apesa Jeso seaparo s se purepera, mme ba loha mofapahloho oa meitloa ba o bea ho eena. 18Baqala ho mo lumelisa mme ba re, Lumela, Morena oa baJuda!''19Ba mo otla hloho ka le hlaka ba mo tsoela mathe. Ba oa ka mangole ba khumama pele ha hae. 20Ha ba bile ba mo somele, ba mo hlobola seaparo sa hae, ba tsamea le eena ho eo mo thakhisa. 21Monna e mong, Simeon oa sirere, o re a kena a tsoa naheng (e ne e le ntate oa Aleksandere le Rufase) mme ba mo ha peletsa hore a roale sefapano sa hae.22Masole a isa Jeso mo bareng ke Golgotha( e fotoleoa '' Poleke ea lehata''). 23Ba mo nea veine e tsoakiloeng le mira, empa ha ka a e noa. 24Ba mo thakhisa mme ba roala liaparo tsa hae ba li khaukhanya hore ba tsebe seo lesole le leng le leng le tla senkang.25E ne e le hora ea boraro ha ba mo thakhisa. 26Ho saene ba ngola molato ba mo roesang oona ba re, '''Morena oa baJuda.'' 27Hamoho le eena ba thakhisa masholu a mabeli, e mong letsohong le letona e mong hole letsehali. 28Ha hona Mareka 15:28, lentsoe le phethiloe la hore,'O ne a baliloe le ba ba se hong molaong;29Bao ba ne ba feta moo ba mo roha, ba sesenya lihloho tsa bona mme, ba re, ''Aha! Uena eo a ka qhaqhang tempele a e a ha ka matsatsi a mararo, 30ipholose mme u tsoe sefapanong utle fatse!''31Ka tsela e tsoanang bapresita ba ba holo ba re ba somesana ka eena hare ha bona, hamoho le ba ngoli, mme ba re, ''O pholositse ba bang empa eena o sita ho ipholosa. 32E reng Kreste, Morena oa israel a tle fatse ho tsoa sefapanong, hore re bone mme re lumele.'' Bao ba ne ba thakhisitsoe le eena le bona ba moroha.33Ka hora ea bo tsilela, lefifi la ba teng lefatseng lohle ho fihlela ho hora ea robong. 34Ka hora ea robong Jeso a lla ka lentsoe le leholo, ''Eloi, Eloi, lama sabakathane?'' ho hlalosoa ka hore, Molimo oa ka, u ntsielang na?'' 35Ba bang ba neng ba emi haufi ba utloa mantoe a hae ba re, '''Lebellang, o bitsa Elia.''36E mong a kitima, a thela veine e babang ho seponse, a e loka hlakeng, mme a mo nea hore a noe, Monna a re, '' A re boneng kapa Elia o tla tla a mo theosa fatse.'' 37Ea ba Jeso o lla ka lentsoe leleholo mme a shoa. 38Kharetene ea tempele a khaoha ea ba likhao tse peli e tsoa holimo e ea fatse.39Erile ha molaoli oa lekhotla a ne a eme mo mme a lebeletse Jeso a bona hore o shoele ka tsela e na, a re, '''Ruri motho e na e ne e le Mora oa Molimo.'' 40Ho ne ho na le basali ba ne ba lebeletse ba lehole. Hare ha bona ho na le Maria Magadalena, Maria(mme oa Jakobo o monyenyane le oa Jose), le Salome. 41Erile ha a le Galalea bo mo latela ebile ba mo sebeletsa. Basali ba bangata le bona ba tlile le eena Jerusalema.42Ka mantsiboea, ka hore e ne ele letsatsi la Tokisetso, e le hore, letsatsi lelateloa ke Sabata, 43Josefa oa Arimathea a fihla mong. A ne a le mongoe oa ba hlompehang a ne a e metsi mmuso oa Molimo. A tsamea a se na tsabo ho Pilato a kopa mmele oa Jeso. 44Pilato a makala hore Jeso o bile o shoele; a bitsa mohlomphei a botsa hore a ka ba a shoele.45Ha Pilato a utloa ka mohlomphei hore Jeso o shoele, a nea Josefa mmele oa hae. 46Josefa o ne a rekile lesela. Amo theosa sefapanong, a mo phothela ka lesela, mme a mmea libitseng le betliloeng lefikeng. A phekoloseta lefika monyakong oa lebitla. 47Maria Magadalena le Maria mme oa Jose ba bona poleke moo Jeso a beilong.
1Erile ha Sabata e fetile, Maria Magadalene, Maria mme oa Jakobo, le Salome bareka linoko hore ba tle ba tlotse mmele oa Jeso. 2Ka meso ka letsatsi la ho qala la beke, ba ea lebitleng letsatsi lesetse le chabile.3Ba ne ba butsana ba re,'' Ke mang ea tla re phekolosetsang lefika monyakong oa lebitla?'' 4Ha ba lebella holimo, ba bona lefika le phekolositsoe, ka hore e ne e le leholo.5Ba kena lebitleng ebile ba bona mohlanka a apere seaparo se setsoeu, a lutse letsohong le letona, ebile ba tsoha. 6A re ho bona, ''Le se ke la tsoha. Le batla Jeso, oa Nazaretha, ea thakhisitsoeng sefapanong. O tsohile! Ha eo monna. Lebellang moo ba neng ba mmeile teng. 7Empa tsamaeang, le bolelle barutuoa ba hae le Petrose, ' O pele ha lona o ea Galelea. Ba tla mmona joale ka ha a le boleletse.' ''8Ba tsoa lebitleng ba titima; bathothometsi e bile ba maketsi. A ba ea ka ba bolella motho ka hore ba ne ba tsohile haholo.9[ Ka meso, ka letsatsi le qalang, la beke ka morao ha a tsohile, o hlahile pele ho Maria Magadalene, eo a neng a tlositse ho eena matemona a supileng. 10A tsamaea a bolella bao ba neng ba na le eena, ba le bofifing le ho lla. 11Ba utloa hore o ea phela le hore o bonoe ke eena, empa ha ba ka ba lumela.12Ka morao ha lintho tseo a hlaha ka sebopeho se fapaneng ho ba babeli ba bona ba ne ba tsamaea ba ea naheng. 13Ba khutlela morao ba bolella bangoe bohle, empa ha ba ka ba ba lumela.14Ka morahao ha moo, Jeso a hlaha ho ba leshome le motso o mong ba lutse tafuleng, a ba khalemela ka ho sa lumele le bothata ba lipelo tsa bona, ka hore ha ba ka ba lumela bao ba moneng ka morao ha ho tsoha ha hae bafung. 15A re ho bona, '' E eang lefatseng lohle, le rute efangeli ho libopuoa tsohle. 16Ea lumelang ebile a kolobetsoa o tla pholosoa, ebile ea sa lumeleng o tla ahloloa.17Litsupo tsena li tla tsamaea le ba ba lumelang: Ka lebitso laka ba tla leleka matemona. Ba tla bua ka lipuo tse lincha. 18Ba tla tsoara linoha ka matsoho a bona, ha ba ka noa ntho e bolaeang, ha e ka ke ea utloisa bohloko. Ba tla bea matsoho a bona holimo ha bakulang, e bile ba tla fola.''19Ha Morena Jeso a se a buile le bona, a nyolosetsa leholimong ebile o lutse letsohong le letona la Molimo. 20Barutuoa ba tloha ebile ba rera hohle, ebile a sebetsa le bona mme a tiisa lentsoe ka litsupo tse ba neng ba tsamaea le tsona.]
1Jeso hape a re ho balateli, '' Ho ne ho na le mongoe monna ea mokhumi a neng a na le motsoari, mme o ne a buleloa hore motsoari oa hae o phatlalatsa li phatlo tsa hae. 2Joale monna ea mokhumi a mo bitsa mme a re ho eena, '' Ke eng ena ke e utloang ka oena? Mpolele ka tsela o tsoarang khoebo, hobane o ka feleloa ke botsoari.3Motsoari a bua a le nosi, '' Ke etse joang, joale ka mohiri oaka a nka mosebetse oaka oa botsoari? Ha ke na matla a ho epa, hape ke masoabi ho kupa. 4Ke ea tseba se ke tla se etsang, hore ha tsoa mosebetseng oaka oa bo tsoari, batho ba tla nkamohela lintlung tsa bona.'5Joale motsoari a bitsa ba kolotang mohiri oa hae, mme a butsa oa pele, '' U kolota mohiri oaka bukae?'' 6A re, '' Li botelo tse kholo tsa makhura a oliva.' '' A re ho eena, ' Nka sekoloto sa hao, u lule fase kapela, o ngole mashome a mahlanu.'' 7Joale motsari a re ho e mongoe, ' U kolota bukae?' '' A re, ' Lisaka tse kholo tsa korou.' A re ho eena, ' Nka sekoloto sa hao, o ngole mashome a robong.'8Mohiri a ba a sola motsoari ea sa lokang ka hobane a entse hampe. Hobane batho ba lefatse lena bampe haholo ho sebelisana le batho ba bona ho feta batho ba khanya. 9Ke re ho lona, etsa balekane ba lona ka khumo e sa lokang hore ha e se etsamaile, ba tla le amohela malulong a bona a sa feleng.10Ea tsepehileng ho tse nyenyane o tsepehile le ho tse kholo, hape le ea sa lokang ho tse nyenyane ha ea loka le ho tse kholo. 11Ha u ne o se ea tsepeha ho sebeliseng khumo e salokang, ke mang ea tlang ho u tsepa khumong e lokileng. 12Ha u ne u se ea tsepeha ho sebeliseng thuo ea batho, ke mang ea tla ho u nea chelete ea hao?13Ha ho sebereki se ka sebetsang bahiri ba babeli, hobane se ka hloha e mong sa rata e mong, kapa se tla e neela ho emong sa nyatsa e mong. U ke ke oa sebeletsa Molimo le khumo.14Joale Bafarise, ba neng ba le barati ba chelete, ba otloa nto tsohle tsena, mme ba mo sola. 15A re ho bona, "Le e paka pele ha batho, empa Molimo o tseba lipelo tsa lona. Se tlutloang hare ha batho ha se amohelehe pele ha Molimo.16Molao le baporofeta ba ne basebetsa ho fihlela Johane a tla. Ho tluhela nako eong, efangeli ea mmuso oa Molimo e ea reroa, hape bohle baleka ho kena ho eona. 17Empa ho bolelu hore lefatse le leholimo le fite hona le hore tlhaka ea lebala la molao le se ke la sebetsa.18Ea thalang mosali oa hae a nyala eo mong o ea feba, le ea nyalang eo a thaliloeng ke monna oa hae o ea feba.19Joale ho ne ho na le monna ea etseng ea khumileng ea ne a apara tse pherese le kobo tse bonolo hape a ne a thabela matsatsi a hae ohle a khumo e kholo. 20Se kupi se etseng se neng se bitsoa Lazaro a ne a robalisitsoe keiting ea hae, a tletsi lilota, 21mme a lakatsa ho hoja lijo tse oang litsoa tafoleng ea monna a khumileng. Le lintja li ne li tla ho natsoa lilota tsa hae.22Ha fihla hore sekupi se shoe mme sa roaleloa le hlakoreng la Abrahama ke mangeloi. Le mokhumi a shoa mme a bolokoa, 23mme liheleng, a leng bohlokong, a phahamisa mahlo a hae mme a bona Abrahama a le hole le Lazaro le hlakoreng la hae.24Kahong a lla haholo mme are,'Ntate Abrahama, nkhauhele mme o rume Lazaro, hore a noetse menoana ea hae metsing mme a mpolise leleme, hobane ke bohlokong le lakabeng lena.25'' Empa Abrahama a re, "Ngoanaka, hopola hore bophilong ba hao o fumane nto tse ntle, mme Lazaro a fumane tse mpe. Empa kajeno o ea tsilisoa mona, mme le eona bohlokong. 26Kantle ha tsena tsohle, mosieano o moholo o beiloe, hore ba batlang ho tsilela ho oena ba ke ke, hape a huna ea ka tsilelang ho rona a tsoa kong.27" Monna a khumileng a re, ' ke ea ho kupa, Ntate Abrahama, hore o mo rume ntlung ea bo ntate- 28hobane ke na le bo abuti ba bahlanu- hore a ee ba lemosa, hore ba se ke ba tla mo pulekeng ea bohloko.29'' Empa abrahama a re, ' Ba na le Moshe le baporofita; ba lese ba ba reetse. ' 30Munna a khumileng a petsula, ' Che, Ntate Abrahama, empa ha mongoe a ka ea ho bona a tsoang bafung, ba tla sokoloha.' 31Empa Abrahama a re ho eena, ' Ha ba sa reetse Moshe le baporofita, ba ka se ke ba lemoseha le ha mongoe a ka tsoha bafung.'''
1Joale erile ha Jeso a tsiba hore Bafarise ba otloile hore o etsa le ho kolobetsa balateli ba bangata hofeta Johane 2(leha Jeso a na a sa kolobetsi, empa balateli ba hae ba ne bakolobetsa), 3a tloha Judea mme a buela morao hape Galelea.4Empa ho ne ho tsoanetsi ho re a tsamaee a fite Samaria. 5A fihla toropong ea Samaria, e bitsoang Sichar, haufi le tsimo ee Jakobo a e neileng mora oa hae Josefa.6Seliba sa Jakobo se ne se le mong. Jeso o ne a lapile ka leeto la hae mme a lula fase haufi le seliba. E ne e ka ba hora ea botsilela. 7Mosali oa samaria a tla ho kha metsi, mme Jeso a re ho eena, '' Mphe metsi ke noe.'' 8Hobane balateli ba hae ba ne baile toropong ho ea reka lijo.9Joalo mosali oa Mosamaria a re ho eena, '' Ke eng hore oena, o le mo Juta, o kupa nna, ke le mosali oa Mosamaria, metsi a ho noa?'' Hobane BaJuta ha ba kenelane le Basamaria. 10Jeso a araba mme a re ho eena, '' Ha o ne o tsibile mpho ea Molimo, le hore ke mang a reng, Mphe metsi,' u ne utla mo kupa, mme a ne a tla u neela metsi a bophilo.''11Mosali a re ho eena, " Rra, a huna gokoko mme seliba se ea tiba. O na le oona kae metsi a bophilo? 12A o moholo, o joalo, ho fita ntate oa rona Jakobo, a re neileng seliba le eena a noa ho sona, le bara ba hae le leruo tsa hae?''13Jeso a araba mme a re ho eena, '' Mang le mang ea noang metsi ana o tla khala hape, 14empa ea noang metsi ea ke mo neang ha ke ke a khala hape. Empa metsi ke mo neang a ba seliba sa metsi ho eena, ea ba bophilo bo sa feleng.''15Mosali a re ho eena, '' Rra, nee metsi ana hore ke se ke ka khaleha mme ke se ke ka tla mona ho tla kha metsi.'' 16Jeso a re ho eena, '' Tsamaea, u ee bitsa munna oa hao, mme utle monna hape.''17Mosali a araba mme a re ho eena, '' A ke na munna.'' Jeso a araba, '' U buile hantle, ' Ha ke na munna,' 18hobane u na le banna ba bahlanu, le eo o na le eena joale ha se munna oa hao. Se o se buileng ke nnete.19Mosali a re ho eena, Rra, ke ea bona hore o moporofita. 20Bontatarona ba ne ba rapela thabeng ena, empa u re Jerusalema ke poleke e tsoanetsing hore batho ba ee rapela teng.''21Jeso a re ho eena, '' Lumela ho nna, mosali, hore hora e eetla mong u tla rapelang Ntate eseng thabeng ena kapa Jerusalema. 22Le rapela se le sa se tsibing. Re rapela se re se tsebang, hobane pholoso e tsoang ho BaJuta.23Hora e etla, mme joale ke ee, mong ba rapeli ba nneti ba tla rapela Ntate ka moea le nnete, hobane Ntate o batla batho ba joalo hore ba be ba rapeli ba hae. 24Molimo ke moea, le batho ba mo rapelang ba tsoanetsi ho mo rapela ka moea le nnete.25Mosali a re ho eena, '' Ke ea tseba hore Messia o e tla ( ea bitsoang Kreste). Ha e tla, o tla hlalosa tsohle.'' 26Jeso a re ho eena, Ke eena, ea buang le oena.''27Ka nako eong balateli ba hae ba khutla. Joale ba ne ba makala hore ke eng a bua le mosali, empa ha ho motho a rile, '' U batla eng?'' kapa '' Keng u bua le eena?''28Joale mosali a siea pitsa ea hae ea metsi, a buela toropong, mme a re bathong, '' 29Etlang, lebone munna ea mpuletsing tse ke li entseng. E kaba kreste, e kaba eena?'' 30Ba tluha toropong mme ba tla ho eena.32Ka nako eong, balateli ba hae ba ne ba bua le eena, bare, '' Rabbi, eja.'' 31Empa a re ho bona, '' ke na le lijo tse le sa li tsibing.'' Joale balateli ba re, '' 33A ho na motho ea mo tliselitseng lijo, o teng na?''34Jeso a re ho bona, '' Lijo tsa ka ke ho etsa thato ea eong a nthumileng le ho qeta mosebetsi oa hae. 35Ha le re, ' Ho na le khoeli tse nne mme ha tla kotulo'? Ke re ho lona, lebelelang holimo mme le bone tsimo, hobane e botsoile loketsi kotulo! 36Ea kotulang o fumana moputso a bukella litholoana tsa bophilo bo sa feleng, hore ea jalang le ea kotulang ba thabe bohle.37Hobane mona ho puo ena, ' Mongoe o ea jala, mme o mong o ea kotula,' ke nnete. 38Ke le romele ho ea kotula seo le se ea se sebetselang. Bangoe ba sebelitse, mme le kene mosebetsing oa bona.''39Babangata ba Masamaria toropong eong balumela ho eena ka baka la pulelo ea mosali ea neng a paka, '' O mpoleletsi tsohle ke li entseng.'' 40Joale ha Masamaria a tla ho eena, ba mo kupa hore a lule le bona, mme a lula matsatsi a mabeli.41Ba bangata ba lumela ka baka la lentsoe la hae. 42Ba re ho mosali eo, '' Ha se sa lumela ka baka la se u se buileng, hobane rona re utloile, mme re ea tsiba hore ena ka nnete ke Mopholose oa le fatse.''43Ka morao ha matsatsi a oo a mabeli, a tluha mong a ea Galelea. 44Hobane Jeso ka bo ena a bua hore moporofeta ha hlompehi lefatseng la hae. 45Ha fihla Galelea, Ba Galata ba mo amohela. Ba ne ba boni tsohle lintho a li entseng Jerusalema moralokong, hobane ba ne baile moralokong.46Joale a tla hape Kana ea Galelea, mong a entseng metsi waine. Ho ne ho na le motsoari oa mmuso a itseng ea nang le mora a kulang Kaperenaume. 47Ha u tloa hore Jeso o tlile Galelea a tsoang Judea, a ea ho Jeso mme a mo kupa hore a tle ho folisa mora oa hae, a neng a le haufi le ho shoa.48Jeso a re ho eena, '' Kantle ha hore le bone li pontso le limakatso, le ka se lumele.'' 49Motsoari oa mmuso a re ho eena, '' Rra, etla ngoanake a se a shoi.'' 50Jeso a re ho eena, '' Tsamaea. Mora oa hao a phile.'' Munna a lumela lentsoe leo jeso a le buileng ho eena, nne a tsamaea.51Erile ha a tsamaea, libereki tsa hae tsa mo kopanetsa, li re mora oa hae o ea phila. 52Joale a butsa hora mong a qalile ho supa bophilo. Ba re ho eena, '' Maobane ka hora ea bosupa fevera ea motluhela.53Joalo ntate oa hae a hlokomela e ne e le eong Jeso a rileng ho eena, '' Ngoana oa hao a phile.'' Joalo eena le bantlu ea hae ba lumela. 54Ena e ne e le pontso ea bobeli eong Jeso a entseng ha a tsoa Judea a ea Galelea.
1Ke buile ntho tsena ho lona hore le se ke la oa. Ba tla le lahlela ntle ha li senagoge. 2Empa hora e ee tla mong bohle ba le bulaeang ba tla hopolang hore ba neela ho Molimo.3Ba tla etsa lintho tsena ka baka la hore ha ba ea tsiba Ntate kapa nna. 4Ke buletsi ntho tsena ho lona hore ha hora ea bona e fihla, le tla hopola ke le boletsi ka bona.Ha ke ea le bulela ntho tsena ho qaleng, ka baka la hore ne ke na le lona.5Empa joale ke ea ho ea nthumeleng, a ho motho hare ha lona ea mpotsang, ' U ea kae?' 6Empa ka hore ke buile ntho tsena ho lona, pelo tsa lona li bohloko. 7Empa ka nnete ke ea le bulela, ho betere ho lona ho ba ke ea tsamaea. Hobane ha ke ka se tsamaee, Motsilisi ha ka setli ho lona, empa ke ka tsamaea, ke tla mo romela ho lona.8Ha a tla, Motsilisi o tla supa hore lefatse le mpi ka sebe, ka holoka, le ka kahlolo- 9ka sebe, ka hobane ha ba lumele ho nna; 10ka holoka, ka hobane ke ea ho Ntate, hape ha le sa na ho mpona; 11le ka kahlolo, hobane mmusi oa lefatse o se a ahlutsoe.12Ke na le ntho tse ngata tsa ho bua ho lona, empa le ke ke la li jara kajeno. 13Empa ha eena, Moea oa Nnete, o tla, o tla le e telela nneteng eohle, hobana a ka sa bui tse tsoang ho eena. Empa o tla bua tsohle a le utloang, hape o tla le bulela ntho tsohle tse tlang. 14O tla nkhalaletsa, hobane o tla nka tse e leng tsa ka mme o tla le bulela tsona.15Tsohle Ntate a nang le tsona ke tsa ka, Kahong, kerile Moea o tla nka ho tsa ka mme o tla le bulela tsona. 16Ka nako e khutsoane ha le ka se mpone, mme morao ha engoe nako e khutsoane le tla mpona.''17Joalo bangoe ba balateli ba hae bare ho bangoe ba bona, '' Ke eng tsena a li buang ho rona, ' Nako e khutsoane le ka se mpone mme morao ha nako e khutsoane le tla mpona,' hape, ' Hobane ke ea ho Ntate' ?''' 18Kahong ba re, '' Ke eng tse a le buang,' Nako e khutsoane' ? A re tsebe tse a buang ka tsona.''19Jeso a bona hore ba batla ho mmotsa, mme a re ho bona,'' Ke tsona tse ne li butsanang, se ke serang ka hore, ' Ka nako e khutsoane mme le ka se mpone, mme hape ka nako e khutsoane hape le tla mpona'? 20Kannete, kannete, ke re ho lona, le tla lela, empa lefatse le tla thaba. Le tla hlokofala, empa bohloko ba lona bo tla fetoha nyakallo. 21Ha mosali a beleha o na le bohloko ka hobana hora ea hae e fihlile, empa ha se a belehile ngoana, ha sa hopola matsoenyeho ka hobane ka baka la thabo hore motho o tsoetsoe lefatseng.22Joale le na le bohloko, empa ke tla le bona hape, hape le lipelo tsa lona li tla thaba, hape a ho motho ea ka khonang ho nka thabo ea lona. 23Ka tsatsi leo ha le ka ke la mpotsa letho. Kannete, kannete, ke re ho lona, ha le ka kopa ntho ka ea Ntate ka lebitso la ka, o tla le neela. 24Hofihlela le sa kupi ntho ka lebitso la ka. Kopang mme le tla neeloa, hobane thabo ea lona e phethehe.25'' Ke buletsi ntho tsena ka mantsoe a fehlahetseng, empa hora e etla mong ke senang ho bua le lona ka mantsoe a fehlahetseng, empa ke tla le bulela pepeneneng ka Ntate.26Ka tsatsi leo le tla kupa ka lebitso laka mme ha ke re ho lona ke tla le rapelela ho Ntate, 27hobane Ntate eena o ea le rata ka hobane le nthatile le ka baka la hore le lumetsi hore ke tsoa ho Molimo. 28Ke tsoile ho Ntate, mme ke tlile lefatseng. Hape, ke ea tluha lefatseng empa ke ea ho Ntate.''29Balateli ba hae ba re, '' Bona, u bua pepeneneng mme a u sebelise mantsoe a fehlahetseng. 30Joale re ea tseba hore u ea tseba ntho tsohle, mme ha o hloki motho ea ho butsang lipotso. Ka baka lena, re lumela hore o tsoile ho Molimo.'' 31Jeso a ba araba, '' Le ea lumela honna joale?32Bonang, hora e etla, eh, mme e tlile ka sebele, mong le tla phatlalalang, mongoe le mongoe ha bona, mme le ntluhela ke le nosi. Empa ha ke nosi ka hobane Ntate o na le nna. 33Ke buile li ntho tsena ho lona hore le be le khotso ho nna. Lefatseng le na le matsoenyeho, empa e bang le sebete, ke hlotse lefatse.''
1Se ke se ngolileng pele, Thiefile, o buletsi tsohle tse Jeso a qalileng ho le etsa le ho lirutisa, 2hofihlela letsatsi leo Jeso a nyolositsoeng holimo,ka morao ha ho nea melao ka moea o Halaleleng ho baapostole bao a ba khethileng. 3Ka morao ha ho sokola ha hae, o e hlahisitse ho bona a phela ka lipontso tse kholisang. Ha matsatsi a mashome a hlaha ho bona, mme a bua ka mmuso oa Molimo.4Erile ha a kopana le bona, a ba laea hore ba se ke ba tsoa Jerusalema, empa ba emele tsepiso ea Ntate, moo a rileng, '' Le utloile ka nna 5hore Johane o kolobetsa ka metsi, empa lona le tla kolobetsoa ka moea o halalelang matsatsing a se ma kae a tlang.''6Barile ha ba kopane hammoho ba mmutsa, '' Morena, e na ke eona nako ea ho buseletsa mmuso oa Israele?'' 7A re ho bona, '' Ha lea tsoanela ho tseba linako kapa lilemo tse beiloeng ke Molimo ka matla a hae. 8Empa le tla amohela matla ha Moea o Halalelang o tla holimo ha lona, mme le tla ba lipaki tsa ka Jerusalema le Judea eohle le Samaria, le ho isa pheletsong ea lefatse.9Erile ha Morena Jeso a se a buile lintho tsena, ha ba lebeletsi holimo, a nyolohela holimo, mme leru la mo fihla mahlong a bona. 10Ha ba ntse ba lebeletse holimo haholo ha a tsamaea, ka ho phakisa, banna ba babeli ba ema le bona ba apere liaparo tse lisoeu. 11Ba re, '' Lona banna ba Galelea, ka baka la eng le eme mona le lebeletse leholimong? Jeso eo a nyoloselitsoeng liholimong, o tla buea ka tsela e tsoanang joale ka ha le mmone a ea leholimong.12Ea ba ba khutlela Jerusalema batsoa thabeng e bitsoang hore Mehloare, e bong haufi le Jerusalema, e lekanang leeto la letsatsi la Sabata. 13Ha bafihla, ba ea ntlung ea holimo, moo ba neng ba lula teng. E ne e le Petrose, Johane, Jakobo, Andrease, Filepi, Thomase, Barthelome, Mateu, Jakobo mora Alfea, Semeone Moselote le Judase mora Jakobo. 14Bohle ba ne ba ineetse ka sepheo se leng sengoe thapelong, bohle le basali, le Maria mme oa Jeso le bo abuti.15Ka matsatsi a oo Petrose a ema hare ha bo abuti, e ka bang mabitso a lekholo le mashome a mabeli, mme a re, '' 16Bo abuti ho ne ho tsoanetsi hore lengolo le tlatsisehe, hore moea o halalelang o buile pele ka molomo oa Davida ka la Judase, eo a eteletseng ba tsoereng Jeso.17Hobane e ne e le mongoe oa rona mme a amohela karolo mosebetseng oo.'' 18( Joale monna eo a rekile tsimo ka moputso oa bokhopo ba hae, mme a oa ka hlooho, le mmele oa hae oa phatloloa haholo oa buleha, le mala a tsoela ntle. 19Bohle ba lulang Jerusalema ba utloa ka taba e na, ka baka leo ba bitsa tsimo ka puo ea bona bare '' Akeldama,'' ke hore, '' Tsimo ea Mali.'')20'' Hobane ho ngoliloe bukeng ea Lipesalema, ' Lesang tsimo ea hae e be mahlomola, mme le se ke la lumella motho leha e le e mong a lule mong'; ' Ereng e mong a nke setulo sa hae sa bo eteleli.'21Ho tsoanetsi, ka baka leo, hore e mong oa banna ea a neng a tsamaea le rona nako tsohle Morena Jeso a tsamaea a kena a tsoa hare ha rona, 22ho qala kolobetsong ea Johane ho fihlela letsatsi a tlosoa ho rona, a be paki le rona ka tsoho ea hae. 23Ba bea pele banna ba babeli, Josefa ea bitsoang Barsaba, eo a neng a bitsoa hape Justuse, Mathiase.24Ba rapela ba re, '' Uena, Morena, u tseba lipelo tsa batho bohle, re tsenolele hore hare ha ba ba babeli ke mang eo u mokhethileng 25ho nka setulo mosebetseng oo le bo apostole bo bo siiloeng ke Judase a ea polekeng ea hae.'' 26Ba laola ka lotho, mme lotho ea oela ho Mathiase, ebile a baloa le baapostole ba leshome le ngoe.
1Nakong eong Petrose le Johane bane ba ea tempeleng ka hora ea ho rapela, hora ea robong. 2Monna ea neng a le seritsa ha tsoa popelong ea mmae a ne a roeloe ho ea hekeng ea tempele e bitsoang Bontle. Bane ba mo isa mona matsatsi ohle hore a kope boo ba neng ba kena tempeleng thuso. 3Orile a bona Petrose le Johane ba le haufi le ho kena tempeleng, a ba kopa thuso.4Petrose, a mo hlaba ka mahlo, le Johane, bare, '' 5Re talime.'' Monna ea seritsa a ba talima, a lebella ho amohela ntho etsoang ho bona. 6Empa Petrose a re,'' silevera le gauta ha ke na, empa se ke nang le sona, ke tla o nea. Ka lebitso la Jeso Kreste oa Nazaretha, tsamaea.''7A mo nka ka letsoho le letona, Petrose a mo emisa, mme ka ho phakisa maoto a monna le mangole a tiisoa. 8A tlolela holimo, monna oa seritsa a e ma a qala ho tsamaea; mme a kena le Petrose le Johane tempeleng, a tsamaea, a tlola, mme a rorisa molimo.9Batho bohle ba monna a tsamaea mme a rorisa Molimo. 10Ba lemoha hore e ne e le eena monna ea neng a kopa thuso bathong hekeng ea Bontle ea tempele; mme ba tlala ho babatsa le ho makala ka ntho e etsahetseng ho eena.11Ha a sa tsoareletse ho Petrose le Johane, batho bohle ba titimela hammoho ho bona mathuleng a bitsoang a Solomone, ba maketse haholo. 12Ha Petrose a bona tsena, a arabela batho, '' Lona Banna ba Iseraele. ke ka baka la eng le tsotela? ke ka baka la eng le re hlaba ka mahlo, joalo e kare re mo entse hore a tsamae ka matla a rona kapa ho loka.13Molimo oa Abrahama, oa Isaaka, le oa Jakobo, Molimo oa bo ntatarona, o tlotlisitse mosebetse oa hae Jeso. Ke eena eo le mo neetsing mme la molatola pele ha Pilato, moo a neng a khethile ho mo lokolla. 14Le latotse ea Halalelang mme ea lokileng, empa la kopa ho neeloa mmolai.15Le bolaile Mosemololi oa bophelo, eo Molimo a mo tsositseng bafung- Re bapaki ba ntho tsena. 16Ka lebaka la tumelo lebitsong la hae, lebitso la hae le entse hore eo monna, eo le mmonang mme la mo tseba, a tiiee. Tumelo e leng ka Jeso e moneile bophelo bona bo feletseng pele ha lona lohle.17Joale, boabuti, ke ea tseba le entse ka ho se tsebe, se entsoeng ke le ke babusi ba lona. 18Empa lintho tse Molimo a li boletseng peleng ka melomo ea baa porofeta bohle, hore Kreste oa hae otla utloa bohloko, o e phetahalitse.19Sokolohang, ka lebaka leo, le fetohe hore libe tsa lona li hlokoloe, 20hore nako ea ho khathollo e tle ho tsoa pontseng ea Morena; mme hore a rumele Kreste eo a khethetsoeng lona, Jeso.21Ke Eena le holimo le tsoanetsing ho mo amohela ho fihlela nako ea tukiso ea lintho tsohle, tse ka tsona Molimo a boletseng ka tsonaho tsoa nakong tsa khale ka molomo oa ba porofeta ba hae ba halalelang. 22Ruri Moshe o rile, ' Morena Molimo o tla hlahisa moporofeta a tsoanang le nna hare ha bo abuti ba bo lona. Le tsoanetse ho mamela ntho tsohle a le bolelang tsona. 23Ho tla etsahala hore e mong le e mong motho ea sa mameleng ho moporofeta eo o tla felisoa hare ha batho.24E, mme bohle baporofeta ho tsoa ho Samuele mme le boo ba tlileng ka morao ha hae, ba buile mme ba tsebisa matsatsi ana. 25Le baroa ba baporofeta mme ba selekane se Molimo a se entseng le baholo ba lona, joalo ka a rile ho Abrahama, ' Lelokong la hao malapa ohle a lefatse a tla hlonofatsoa.' 26Kamorao ha hae Molimo a tsose mosebeletsi oa hae, a moruma ho lona pele, hore a le hlonofatse ka ho sokolla e mong le emong ho lona bobeng ba hae.
1Kajeno monna e mong ea bitsoang Ananiase, le mosali oa hae Safira, ba rekisa engoe ea liphahlo tsa bona, 2hape a bea engoe chelete ea thekiso ea bona ( mosali oa hae one a tseba), mme a tlisa engoe chelete mme a e bea maotong a baapostola.3Empa Petrose a re, ''Ananiase, keng Satane a kene pelong ea hao hore u buoe maka ho Moea o Halalelang mme o boloke engoe chelete ea tsimo o e rekisitseng? 4Pele e e so ho rekisoa, e ne e se ea hao, le ha e se no rekisoa, ne e sieo matleng a hao? Ke eng o e isitse pelong ea hao? Ha o ea hara ho batho, empa ho Molimo. 5'' A utloa mantsoe ana, Ananiase a oela fase mme a fema la bofelo, le tsabo e holo e apara hohle ba otloileng. 6Bahlanka ba emella ba mophutha, mme ba moroalela ntle ebile ba mmoloka.7Ka morao ha lihora tse tharo, mosali oa hae a kena, a sa tsebe se etsahetseng. 8Petrose a re ho eena, '' Mpolele hore le rekisitse tsimo ka theko e na.'' A re, '' E, ka eona.''9Petrose a re ho eena, ''Ke eng le lumelelana ho leka Moea oa Morena? Bona, maoto a banna ba bolokile monna oa hao a monyakong, mme ba tla u roalela ntle.'' 10Ka nakonyana a oela fatse maotong a hae a fema la bofelo. Ha bahlanka ba kena, ba mofumana a shoile, mme ba moroalela ntle ba ea ho mmoloka thoko ha monna oa hae. 11Tsabo e kholo ea fihlela kereke eohle le ho bohle ba utloileng taba tsena.12Lipontso le limakatso tse ngata ne li etsahala hare ha batho ka matsoho a baapostola. Ba ne ba le ha mmoho mong Mathuleng a Solomone. 13Empa ha ho motho hare ha bangoe a bileng le sebiti sa ho kopana le bona; empa, batho ba ne ba ba hlompha haholo.14Kamong balumeli ba bangata ba ne ba oketsoa ho Morena, bongata ba banna le basali, 15ba ne baroalela ba kulang litarateng mme ba ba robalisa bolaong le liphatheng, hore ha Petrose a tla, moriti oa hae o oele ho bangoe ba bona. 16Hape batho ba bangata ba tla mong batsoa litoropong tse a helaneng le Jerusalema, batisa ba kulang le bong ba kenenoeng ke moea e litsila, mme ba folisoa bohle.17Empa moprista e moholo a emella, le bohle a neng a le nabo ( e bong le loko la ba sadduse); mme batlala mona 18hape batsoara baapostola, ba ba kenya teronkong e tloaelehileng.19Ea re bosiu lengeloi la Morena la fula monyako oa teronko mme latsoa le bona, mme la re, 20'' Tsamaeang, le eme tempeleng mme le buoe le batho mantsoe a bophelo bona.'' 21Ha ba otloa tsena, ba kena tempeleng hare ha mosieare mme baruta.Empa moprista e moholo a tla, le baneng ba na le eena, mme ba bitsa ba molao hammoho, bohle baholo ba batho ba Iseraele, mme ba romela teronkong hore baapostola ba tlisoe.22Empa ba kabelo ea mmuso ba ileng ha ba ea ba fumana teronkong, mme ba khutla ho ea ba tsebisa, '' 23Re fumane teronko e tsoaletsoe haholo le balebeleli ba emi monyakong, empa ha se re e futsi, ha re ea fumana motho.''24Joale ha moholo oa tempele le moprista e moholo ba otloa mantsoe ana, ba makala haholo ka hore ho tla etsahala eng. 25Ho le joalo e mong a tla mme a ba bulela, '' Banna le ba isitseng teronkong ba emi tempeleng mme ba ruta batho.''26Ho le joalo moholo oa tempele a tsamaea le ba kabelo ea mmuso mme ba tla le bona, empa ho sena ho loantsana, hobane ba ne ba tsaba batho, hore ba ne ba ka bitsoa ka majoe. 27Ha se ba tlile le bona, ba ba esa pele ho ba molao. Moprista e moholo a ba butsa, 28a re, '' Re ne laile hore le se ke la ruta ka lebitso lena, mme le se tse le tlalitse Jerusalema ka thuto ea lona hape le lakatsa ho bea mali a motho eona holimo ha rona.29Empa Petrose le baapostola ba araba, '' Re tsoanetsi ho utloa Molimo eseng batho. 30Molimo oa bo ntate ba rona o tsositse Jeso, eo le mmolaileng ka ho mo lepeletsa sefateng. 31Molimo o mmeile letsohong la hae le letona hore a be Khosana le Mmoloki, ho sokolola Iseraele, le tsoarelo ea libe. 32Re ba paki ba lintho tsena, mme le moea o Halalelang, Eo Molimo a neileng bao mo hlomphang.''33Ha ba molao ba otloa tsena, ba khopiseha haholo hape ba batla ho bulaea baapostola. 34Empa mo Farise a botsoang Gamaliele, moruti oa molao a hlomehang ho batho batho bohle, a emella khotleng mme a laea hore banna ba tsoele ntle ha sebakanyana.35Joale ba re ho bona, '' Banna ba Iseraele, thokomelang hore le batla ho etsang ka batho bana. 36Hobane pele ha matsatsi ana, Theudase a emella a e pitsa mongoe motho, le sihlopha sa banna, e ka bang makholo a mane, ba kopana le eena. A bolaoa, le baneng ba mo otloa ba phatlalatsoa mme ba ba le feela. 37Morao ha munna eo, Judase oa Galelea a e bukela batho ho eena ka matsatsi a palo ea batho. A shoa le eena, le bohle ba neng ba mo otloa ba phatlalala.38Joale ke re ho lona, le se la ba le kopano le banna ba mme le ba tluhele ba le nose, hoba ha leano lena kapa tsebetso ena e le ea batho, e tla lahloa. 39Empa ha e le ea Molimo, ha le ka ke la e lahla; le tla hlokomela hore le loantsa Molimo.'' Joale ba khuthatseha.40Ho le joalo ba bitsa baapostola hore ba kene, mme ba ba otla hape ba ba laea hore ba se ke ba bua ka lebitso la Jeso, mme ba ba tluhela. 41Batluha khotleng ba thabile hore ba baletsoe ho hlokofatsoa ka Lebitso. 42Ho tluha mong matsatsi ohle, tempeleng le ka ntlu ka ntlu, ba ne ba rera ho sa feleng mme ba paka ka litaba tse molemo hore Kreste ke Jeso.
1Empa Saule, a sa ntse a bua litsosetso tsa ho bolaea balateli ba Morena, a ea ho moprista e moholo 2mme o kopa ho eena mangolo a lisenagoge tsa Damascus, hore ha ka fumana ea e leng oa tumelo eong, e kaba banna kapa basali, a ka ba tlisa ba bofiloe Jerusalema.3Erile a sa tsamaea, ha etsahala hore ha a fihla haufi le Damaseka, ka ho phakisa ha phatsima hohle haufi le eena khanya e tsoang leholimong; 4mme a oela fatse mabung mme a utloa lentsoe le reng ho eena, '' Saule, Saule, u ntlorisetsang?''5Saule a araba, '' Ke mang, Morena?'' Morena a re, '' Ke Jeso eo o mo hlorisang; 6Empa ema, kena toropong, mme o tla jetsoa seo o tsoanetseng ho se etsa.'' 7Banna ba neng ba ba tsamaea le Saule ba ema ba se bui, ba o tloa lentsoe, empa ba se bone motho.8Saule a emelela, mme ha a bula mahlo, a se bone letho; Ho le joalo ba mo supisa tsela ba motsoere ka letsoho mme ba mo fihlisa Damascus. 9Matsatsing a mararo a ne a sa bone, mme a sa je kapa ho noa.10Nakong eong hone hona le molateli ea bitsoang Ananiase, Molimo a re ho eena ka pono, '' Ananiase!'' A re, '' Bona, ke mona, Morena.'' 11Morena a re ho eena, '' Ema mme e ea seterekeng se bitsoang Lokile, mme ntlung ea Judase u kope monna a tsoang Tarsus ea bitsoang Saule, ka hobane oa rapela. 12A bona ponong monna a bitsoang Ananiase a tla mme a mmeha matsoho, hore a bone hape."13Empa Ananiase a araba, '' Morena, ke utloile ka babangata ka monna ena, senyahalo a e entseng bathong ba hao ba halalelang Jerusalema. 14O na le matla atsoang ho baprista ba baholo ho bofa emong le emong ea bitsang lebitso la hao.'' 15Empa Morena a re ho eena, '' Tsamaea, ka hobane ke se sebelisoa saka se khethehileng, ho isa lebitso la ka pele ha balichaba le likhosi le bana ba Iseraele; 16hobane ke tla mo bontsa tsela a tlang utloang bohloko ka baka la lebitso laka.17Ea ba Ananiase a tsamaea, mme a kena ntlung. A beha matsoho a hae holimo ha hae, a re, '' Abuti saule, Morena Jeso, ea e ponahalitseng ho uena tseleng moo u neng o e tla, o nthumile hore o amohele ho bona ha hao mme o tlale moea o halalelang.'' 18Ka ho phakisa ntho tse joale ka makhapetla tsa oa mahlong a saule, mme a fumana ho bona ha hae; a ema a kolobetsoa; 19mme a ja mme a tiisoa. A lula le balateli Damaseka ha matsatsi a mangata.20Ho tsoa hana moo a rera ka Jeso li senagogeng, a re ke eena Mora molimo. 21Bohle ba mo otloileng ba makala ba re, '' A se monna eo a bulaileng boo baneng ba le Jerusalema ba neng ba bitsa lebitso la hae? O tlile mona ho bofa ho ba isa ho baprista ba baholo.'' 22Empa Saule a ba le matla ho feta, mme a baka ho hloriso hare ha BaJuta ba neng ba lula Damaseka ka ho bontsa hore Jeso ke Kreste.23Ka morao ha matsatsi a mangata, Bajuta ba loha leano la ho mmolaea. 24Empa Saule a tseba leano la bona. Ba lebella herereng bosiu le masieare hore ba khone ho mmolaea. 25Empa balateli ba hae ba mo nka bosiu ba mo folosa ka leboto, ba mo theosa ka seroto.26Erile a fihlile Jerusalema, Saule a leka ho kopana le balateli ba Jeso, empa bohle bane ba mo tsaba, ba se tsepi hore a ne a le molateli. 27Empa Barnabase a mo nka mme a mo tlisa ho baapostola, mme a ba bolela ka moo Saule a boneng Morena tseleng mme le hore Morena o buile le eena, le ka tsela eo Saule a buileng ka tiiso lebitso la Jeso Damaseka.28O bile le bona, ho kena le ho tsoa Jerusalema. O buile ka tiiso lebitsong la Morena Jeso 29mme a buisana le Bajuta ba Gerike; empa ba lula ba ntse ba leka ho mmolaea. 30Ea re bo abuti ba li otloa, ba mo tlisa Sesarea mme ba mo rumela Terase.31Horile ho le joalo, kereke Judea eohle, Galelea, le Samaria ea ba le khotso mme ea ahoa; mme, ba tsamaea ka ho tsaba Morena mme ka tsiliso ea Moea o Halalelang, kereke ea hola ka lipalo. 32Nakong eong ha etsahala hore, ha Petrose a tsamaea khaolong eohle, a fihla bathong ba halalelang ba Molimo ba neng ba lula toropong ea Lida.33Moo a fumana monna ea bitsoang Anea, ea neng a le liphatheng ha mengoaha e robeli, ka hobane a le seritsa. 34Petrose a re ho eena, '' Anea, Jeso Kreste o ea folisa. Ema o lokise likobo,'' mme ho tsoa ha na moo a emella. 35Ho le joalo e mong le emong ea lutseng Lida le Sheroni a bona monna ea mme ba sokolohela ho Morena.36Nakong eong Jopa ho ne ho na le emong molateli ea bitsoang Thabitha ( e fetoleloang'' Doracasi''). Mosali eo a ne atletse ka mesebetsi e mentle mme le liketso tsa mohau tse a li etsetseng bafumanehi. 37Hoile ha etsahala matsatsing ao a kula mme a shoa; ba rile ba mo hlatsoile, ba mmeha ntlung ea ka holimo.38Kaha lida e ne e le haufi le Jopa, mme balateli ba otloa hore Petrose a ne a le mono, ba rumela banna ba babeli ho eena, ba mo kopa haholo, '' Etla ho rona ka pela.'' 39Petrose a emella mme a tsamaea le bona. Erile a se afihlile, bo mo tlisa ntlung ea ka holimo, mme bahlolahali bohle ba ema ho eena ba lla, ba mmontsa mese le lieaparo tse Doracase a li entseng a sa na le bona.40Petrose a bantsa bohle ntle ha ntlu, a khubama fatse, mme a rapela; eare, a khutlela setupung,a re, '' Thabitha, tsoha.'' Ea ba a bula mahlo, mme a bona Petrose a lula hantle. 41Petrose a mo neela letsoho la hae mme a mo emeletsa; mme erile ha abitsa batho ba Molimo ba halalelang le bahlolahali, a ba nehela eena ho bona a phela. 42Taba ena ea tsebeha hohle Jopo, mme ba bangata ba lumela ho Morena. 43Ha etsahala hore Petrose a lula matsatsi a mangata Jopo le monna ea bitsoang Simone, mosuhi oa mekhopa.
1Joale ka nako ea khosi Herodi a khetha bangoe ba kereke ho re atle a ba hlorise. 2A bulaea Jakobo abuti oa Johane ka leromo.3Ha a bona hore tsena li thabisitse baJuta, a tsoela pele ho tsoara Petrose hape. Ho ne ho le matsatsi a borotho bo senang moumelo. 4Morao ha ho mo tsoara, ba mokenya teronkong, a re a letoe ke masole a mane; ne a batla ho mp tlisa bathong morao ha Paseka.5Kahong Petrose a lula teronkong, empa thapelo ea etsoa ka tsepo ho Molimo ke ba kereke. 6Bosiu ba tsatsi leo Herodi a lokiselitseng hore a hloloe, Petrose o ne a robetse hare ha masole a mabeli, a bofeloe ka liketane tse peli, ebile baletileng pele ha monyako ba letile teronko eohle.7Lengeloi la Morena la fihla ka bo nako ho eena, mme ha khanya ntloaneng ea teronko. La sikinya Petrose a lehlakoreng mme a tsoha mme la re, '' Tsoha ka pela,'' liketane tsa oa matsohong a hae. 8Lengeloi la re ho eena, '' Khoata mme o apare lieta tsa hao.'' Petrose a etsa joalo. Lengeloi la re ho eena, '' Apara liaparo tsa hao mme o ntatele.''9Kahong Petrose a latela lengeloi mme atsoela ntle. Ha ea tsiba hore tse entsoeng ke lengeloi ne ne e le ntho e etsahalang. O ne a nahana hore o bona pono. 10Ha se ba fetile moleti oa pele le oa bobeli, ba fihla hekeng ea tsipi e eang hare ha toropo; ea buleha e le nose. Batsoa mme ba latela setarata, mme lengeloi la mo tluhela kapela.11Ha Petrose a buleha hlokomelo, a re, Joale ke ea tseba hore Morena o rometse lengeloi mme la ntokolola matsohong a Herodi, mme ho tsohle baJuta ba ne ba hopoletsi. 12Ha hlokomela tsena, a ea ntlung ea Maria mme oa Jakobo, ea bitsoang Mareka, mong ho ne ho khobakane batho ba rapela.13Ha a kokota monyakong oa hereke, sebereki se bitsoang Rhoda sa tla ho araba. 14Ha utloa lentsoe la Petrose, ka thabo a sitoa ho fula hereke, empa, a buela ntlung a titima; a bulela hore Petrsose o eme herekeng. 15Joale ba re ho eena,'' Oa loala khopolong." Empa a epaka nnete ho bona. Ba re, '' Ke lengeloi la hae."16Empa Petrose a tsoela pele a kokota, mme ba rile ha se ba futsi monyako, ba mmona mme ba makala. 17Petrose a ba supentsa ka letsoho hore ba fumole, mme a bulela tsela Molimo a mo tlusitseng teronkong. A re, '' Le tsebise Jakobo le bo abuti.'' Mme a tluha a ea ho engoe puleke.18Joale ha fihla letsatsi, ha ba le moferefere hare ha masole ka tse etsahetsing ho Petrose. 19Morao ha Herodi a batlile mme a se mo fumane, a butsa baleti mme a laea hore ba bulaoe. Herodi a ea Judea ho fihla Kesarea mme anna teng.20Ka nako eong Herodi a khopiseha ka batho ba Tire le Sidoni. Ba ea ho eena ka hloso engoe, mme morao ha ho pepetletsa Blastusa, mothusi oa khosi, hore a ba thuse, ba kopa khotso ka hobane fatse la bona le ne le amohela lijo litsoang fatseng la khosi eong. 21Ka tsatsi le khethiloeng Herodi a apara liaparo tsa bokhosi mme a lula teroneng; a bua le bona.23Batho ba huelela, Lena ke lentsoe la molimo, e seng la motho!'' 22Ka nakonyana lengeloi la Morena la mo nepa, kahobane ha ea isa khanya ho Molimo; a jeoa ke lifuku mme a shoa.24Empa lentsoe la Molimo la oketseha la ata. 25Erile ha Barnabase le Saule ba felitse hloso ea bona, ba khutlela Jerusalema, ba tla le Johane, ea bitsoang Mareka.
1Kajeno kerekeng ea Antioche, ho ne ho na le baporofeta le baruti. Ho ne ho le Barbabase, Semeone ( ea bitsoang Nigere), Luciuse oa Sirena, Manaene ( abuti oa Herodi motetarareke ka ho holisoa), le Saule. 2Ha ba sa ntse ba tlutlisa Morena le ho e tima lijo, Moea o Halalelang oa re,'' Mpeeleng Barnabase le saule, hore ba etsae mosebetseng ke ba belelitseng oona.'' 3Morao ha ho etima lijo, barapela, mme ba bea matsoho a bona holimo ha banna ba, bare ba tsamaee.4Kahong Barnabase le Saule ba rumiloe ke Moea o Halalelang, ba ea Seleucia; ho tsoa mong ka sekepe ba ea Cypruse. 5Ha ba le toropong ea Salamis, ba bua ka lentsoe la molimo lisenagogeng tsa Bajuta, Ba ne ba na le Johane a le mothusi.6Ha se ba tsamaile ka se hleke sohle ba ea Paphose, ba fumana moetsi oa mehlolo, moporofeta oa bohata oa Mojuta, a bitsoang Bare-Jeso. 7Moetsi oa mehlolo o ne a tsamaisana le motsamaisi oa provense, Sergius Pauluse, monna oa kelelelo ea bohale. Monna eona a bitsa Barnabase le Saule, ka baka la hore o ne batla ho utloa lentsoe la Molimo. 8Empa Elymase '' moetsi oa mehlolo'' ( ke tsela lebitso la hae le fetoleloang ka eona) a fapana le bona; o ne a leka ho khelosa motsamaisi oa provense tumelong.9Empa Saule, ea bitsoang Paulose, a tlala ka moea o Halalelang, a mo lebelela haholo 10mme a re, ''Oena mora diabolose, u tletse mefuta ohle ea kheloso le sebe. U sera sa mefuta ohle ea holoka. U ka se eme ho phamula litsela tsohle tse totileng tsa Morena, u tla ema?11Kajeno bona, letsoho la Molimo le holimo ha hao, mme u tla ba sefofu. U ka se bone letsatsi ha nakonyana. Ka nakonyana mose le lefifi la fihlela Elymase; a qala ho nyaka batho hore ba mothuse ba motsoare ka letsoho. 12Morao ha hore motsamaisi oa provense a bone tse etsahetseng, a lumela, ka hobane a makalitsoe ke thuto ea Morena.1314Joale Paulose le ba lekane ba hae ka sekepe ba ea Paphose mme ba fihla Perga e bong Pamphylia. Empa Johane a ba siea a khutlela Jerusalema. Paulose le balekane ba hae ba tsamaea ba tsoa Perga mme ba ea Antioche ea Pisidia. Mong ba ea senagogeng ka tsatsi la Sabata mme balula fase. 15Morao ha ho baloa ha molao le baorofeta, baeteleli ba senagoge ba ba rumela molaetsa, o reng, '' Metsoalle, ha o na le molaetsa oa khuthatso ea batho, u bulele.''16Ea ba Paulose a emelela mme a supa ka le tsoho; a re, ''Banna ba Israele le lona ba tsabang Molimo, mamelang. 17Molimo oa sechaba sa Israele o ekhethetse bo ntatarona mme a emeletsa batho baneng ba lula lefatseng la Egepeta, mme ka letsoho le phahaming a ba tlusa mong. 18Ha mengoaha efihlang mashome a mane a lula le bona feeleng.19Morao ha ho felisa lichaba tse supa le fatseng la Kanana, a nea batho ba rona lefatse joale ka lefa. 20Tsohle li etsahalo tse li e tsahetse ka lilemo tse fetang makholo a mane a nang le mashome a mahlanu. Morao ha nto tsohle tsena, Molimo a ba nea baahloli ho fihla ho moporofeta Samuele.21Ho le joalo, batho ba kupa khosi, mme Molimo a ba nea Saule mora Kish, monna oa leloko la Benjamine, hore a be khosi ha mengoaha e mashome a mane. 22Morao ha hore Molimo a mo tluse bokhosing, a emeletsa Davida hore a be khosi ea bona. E ne e le ka Davida eo Molimo a neileng bopaki, a re, ' Ke fumane Davida mora Jesse hore a be monna a leng pelong eaka, ea etsang tsohle tse ke batlang hore a li etse.23Ho tsoa ho leloko la monna ena Molimo o tliselitse Israele Mopholose, Jeso, joale ka a tsepisitse. 24Morao ha ho fihla ha Jeso, Johaneo buile ka kolobetso ea ho sokolola batho bohle ba Israele. 25Erile Johane a fetsa mosebetsi oa hae, a re, 'ne hopola hore kenna mang? A se nna ena. Empa mamelang, oteng ea tlang morao ha ka, ea nang le lieta tse ke sa tsoaneleng ho le bofa.'26Baneso, bana ba le loko la Abrahama, le bangoe ba leng hare ha lona ba tsabang Molimo, molaetsa ona oa pholoso o rometsoe ho rona. 27Ho ba lulang Jerusalema le ba eteleli ba bona ha ba ea ba hlokomela, mme ba phetha mantsoe a baporofeta a baloang ka li Sabata tsohle ka ho mo ahlola.28Le ha ho le joalo ha ba ea fumana mabaka a ho mo bulaea, ba bitsa Pilato hore a mmolae. 29Ha se ba qetile tsohle tse ne lingoliloe ka eena, ba mo folosa sefateng mme ba mea lebitleng.30Empa Molimo a mo tsusa bafung. 31A bonoa ha matsatsi a mangata ke ba ile batsamaea le eena ho tsoa Galelea ba ea Jerusalema. Batho ba ka jeno ke lipaki tsa hae batho.32Ka hong re le bulela taba tse monate. Tsepiso e tlileng ho bo ntatarona. 33Molimo o re phethetsi, bana ba bona, ka ho tsusa Jeso.Joalo ka ho ngoliloe ho Lipesaleme ea bobeli: ' U Mora oa ka, kajeno ke bile ke ntate oa hao.' 34Ka tsuho ea hae bafung, a ka ke a buela ho boleng, o buile ka tsela ena: ' Ke tla le nea mahlohonolo a halalelang a nnete a tsepisitsoeng Davida.'35Ke ka hong a re ho engoe Pesalema, ' O ka se lumeli ea Halalelang oa hao a bona ho bola.' 36Ha Davida a se a entse mosebetse oa hae le lokong la hae, a robala; a robatsoa le bo ntatae mme mmele oa hae oa bola. 37Empa ea tsositsoeng ke Molimo ha ea bola.38Kahong etsang tsena li tsebehe ho lona, metsoalle, hore ka monna eona tsoarelo ea libe e buletsoe ho lona. Molao oa Moshe o ka ke oa le etsa la loka. 39Empa ka monna eona Molimo o le etsa lohle le lumelang ho ena la loka.40Ka hong hlokomelang hore tse buleloang ke baporofeta ha li etsehale ho lona: ' 41Bonang, lona banyatsi, mme le makale hape le shoe; Hobane ke etsa tsebetso ka matsatsi a lona, tsebtso e le senang ho e lumela, leha motho a ka le bulela eona.''''42Erile ha Paulose le Barnabase batluha, batho ba kupa hore ba buoe mantsoe a tsoanang hape ka sabata e latelang. 43Ha phutheho ea Sabata e fela, bongata ba Bajuta le bangoe ba tsabang Molimo ba latela Paulose le Barnabase, ba neng ba bua le bona mme ba ba khuthatsa hore ba fetele pele ka mohau oa Molimo.44Ka sabata e latelang, batho bohle ba phutheha ho otloa lentsoe la Morena. 45Ha Jeso a bona batho ba bangata, ba ne ba tletsi mona mme ba bua hampi ka lintho tse builoeng ke Paulose mme ba mo roha.46Empa Paulose le Barnabase ba bua ba sena tsabo mme ba re,'' Ho ne ho tsoanetsi hore lentsoe la Molimo le boleloe pele ho lona. Ha le bona lona le le sutela hole le lona mme le ipona le se ea tsoanela bophelo bo sa feleng, bonang, re tla le fetola Balichaba. 47Ka baka leo Morena o re laile, a re, ' ke le khethile hore le be lebone la Balichaba, hore le tlise pholoso lefatseng lohle.''''48Ha Balichaba ba otloa tsena, ba thaba mme ba tlutlisa lentsoe la Morena. Ba bangata ba khetheloa bophelo bo safeleng ba lumela. 49Lentsoe la Morena la phatlalatsoa lichabeng tsohle.50Empa Bajuta ba etsa basali ba hlompehang le baholo ba toropo. Ba tsosetsa Paulose le Barnabase hloriso mme ba balahlela ntle ha toropo ea bona. 51Empa Paulose le Barnabase ba thathamula lerule maotong a bona. Ba ea toropong ra Iconiume. 52Mme balateli ba tlala thabo le Moea o Halalelang.
1Ho etsahetsi Iconiume hore Paulose le Barnabase ba kena bohle senagogeng ea Bajuta mme ba buoa ka tsela ea hore bongata ba Bajuta le Bagereke ba kholoa. 2Empa baJuta ba sakang ba lumela ba luba mehopolo ea balichaba mme ba ba etsa ba khopiseha ke metsoalle.3Ho le joalo ba lula mong ha nako e telele, ba buoa ba se na tsabo ka matla a morena, e bile a nea pako ka molaetsa oa mohau oa hae. A etsa tsena ka lokolla lipontso le limakatso tsa etseha ka matsoho a Paulose le Barnabase. 4Empa batho ba toropo ba arohana; bangoe ba ema le baJuta, bangoe le baapostola.5Bohle Balichaba le BaJuta ( bohle le ba eteleli ba bona) ba leka ho ba tsoenya le bo bitsa ka majoe, 6e mpa bare batsibile ka tseo, batsabela Lycaniea toropong ea Lystrae le Derbea le ho lingoe lipuleke tse haufi, 7mong ba fetetsi pele ba rera ka efangeli.8Bale Lystrae monna e mong, oa maoto a senang matla, oa seretsa a tsoang popelong ea mmae, eo a se so ho tsamaea bophelong. 9Monna eo a otloa Paulose a bua. Paulose a mo lebelella mme a bona hore o na le tumelo ea hore a folisoe. 10Mme a re ho eena ka lentsoe le phahameng,'' Ema ka maoto." Ho le joalo monna a tlolela holimo mme a tsamaea tsamaea hohle.12Ha sechaba se bona tse entsoeng ke Paulose, ba phahamisa mantsoe a bona, bare ka puo ea Lycaonia, Balimo batlile joale ka batho mme batlile fase ho rona.'' 11Ba bitsa Barnabase '' Zeuse,'' le Paulose ''Hermese,'' hobane a ne a le sebui se se holo. 13Moprista oa Zeuse, oa tempele e neng e le ntle, a tla le liphulu le limpho hekeng; eena le sechaba ba ne ba batla ho neela.14Empa erile ha baapostola, Barnabase le Paulose, ba otloa tseo, bakhaela liaparp mme batsoa ntle ka ho phakisa ba ea bathong ba bangata, ba buela holimo, 15''Banna, ke eng le etsa lintho tse joalo? Re batho le rona, ba neng mekhoa joalo ka lona. Re ne bulela litaba tse molemo hore le sokolohe linthong tsena tse senang mosebetsi le ee ho Molimo a phelang, ea entseng maholimo, lefatse, leoatle, le tsohle li leng ho oona. 16Mengoaheng e fetileng, a na a lumelela lichaba tsohle hore li tsamae ka tsela tsa tsona.17Empa joale, ha ea siea asena paki, hore o entse hantle hape a le nea pula etsoang leholimong le lilemo ntse ntle, tse tlatsang lipelo tsa rona ka lijo le thabo. 18Le ka mantsoe ana, Paulose le Barnabase ba emisa sechaba ho neela ho bona.19Mme bangoe BaJuta batsoang Antioche le Iconiume batla mme ba bontsa sechaba. Ba loantsa Paulose ka majoe mme ba mo hohela ntle ha toropo, ba nahana hore o shoile. 20Joale ka ha balateleli ba ne ba eme ho eena, a tsoha a kena toropong, Ka tsatsi le latelang, a ea Derbea le Barnabase.21Morao ha ho rere efangeli toropong eong mme ba etsa babangata balateli, ba khutlela Lystrae, ba ea Iconiume, mme ba ea Atioche. 22Ba hana ba tiisa moea ea balateli mme ba ba khuthatsa hore ba fitele pele ka tumelo, bare, '' Re tsoanetse ho kena mmusong oa Molimo ka matsoenyeho a maholo.''23Erile ha ba se ba e khethetsi baholo likereng tsohle, mme ba rapetsi ba e timile lijo, ba bapeha ho Morena, ba kholoang ho eena. 24Joale ba feta Pisidea mme ba fihla Pamphilea. 25Ha se ba buile lentsoe Perga, ba ea Attalea. 26Ba tluha mong ba tsilela Antioche, mong ba neng ba eneetsi ho mohau oa Molimo ka mosebetsi ba o felitseng.27Ha ba fihla Antioche mme ba khubakanya kereke hammoho, ba ba tsebisa tsohle Molimo a li entseng le bona, le ka tsela a futseng monyako oa tumelo ho Balichaba. 28Ba lula nako e telele le balateli.
1Bana ba bang ba tlile ho tsoa Judea ho tla Antioche mme ba ruta metsoalle, bare, '' Ha le sa rupisoa ka mokhoa oa Moshe, le ka se pholosoe.'' 2Sena se entse hore Paulose le Barnabase ba kene ho fetolana mme ba ngangisana le bona. Ea ba Paulose le Barnabase, le bangoe ba bona, ba khethoa ho ea Jerusalema ho ea kopana le baapostola le baholo mabapi le potso ena.3Barile ha ho le joalo, ba rumiloe ke kereke, ba feta Fenisia le Samaria mme ba tsebisoa ka tsokoloho ea ba lichaba. Ba tlisa thabo e kholo ho bohle batsoalle. 4Ba rile ba e tla Jerusalema, ba amoheloa ke kereke le ke baapostola le ke baholo, mme ba ba bolella ntho tsohle tse Molimo a li entseng le bona.5Empa banna ba bang ba lumetsing, ba leng ba sehlopha sa Bafarise, ba emella mme ba re, '' Ke tsoanelo ho ba rupa le ho ba laea hore ba boloke molao oa Moshe.'' 6Ea ba baapostola le baholo ba kopana mmoho ho rera taba ena.7Ka morao ha ho buisana, Petrose a emella mme a re ho bona, '' Metsoalle, le ea tseba hore nakong e ntle e fetileng Molimo o entse khetho hare ha lona, hore ka molomo oaka balichaba ba tsoanetse ho otloa lentsoe la efangeli, mme ba lumela. 8Molimo ea tsebang pelo, o pakile ho bona ka ho ba nea moea o halalelang, joale ka ha a entse ho rona. 9Ha ea khetholla hara rona le bona, ebile a hlatsoele lipelo tsa bona ka tumelo.10Kajeno ha ho le joalo ke ka baka la eng le leka Molimo, hore le ise joko melaleng ea balateli tse bontatarona kapa rona re sitiloeng ho li tiisetsa? 11Empa re lumela hore re tla pholosoa ka mohau oa Morena Jeso, joalo ka ho tsoana le se ba neng ba le sona.12Sechaba sohle sa fomula ha nakonyana ba mamela Barnabase le Paulose ba ba tsebisa ka lipontso le limakatso tse Molimo a li sebelitseng hara balichaba ka bona.13Ka morao ha hore ba fumole ho bua, Jakobo a araba, a e, '' Metsoalle, mmameleng. 14Simeone o buletse ka moo Molimo a qalileng ka mohau ho thusa balichaba hore a khone ho nka batho ho bona ho etsela lentsoe la hae.15Mantsoe a ba porofeta a lumellana le tsena, joalo ka ha ho ngoliloe, ' 16Ka morao ha ntho tsena ke tla khutla, mme ke tla aha hape tabanekele ea Davida, e oetseng fase; ke tla emeletsa mme ka bosetsa machupi a eona hape, 17hore masalela a batho a ka khona ho batla Morena, ho akaretsa balichaba bohle ba bitsoang ka lebitso laka. 18Tsena ke tse buleloang ke Morena, ea entseng ntho tsena tse neng litsejoa ho tsoa nakong tsa khale.19Ha ho le joalo, ke hopotse hore re se tsoenye boo balichaba ba sokolohelang ho Molimo. 20Empa re tla ba ngolela hore ba tsoanetse ho lula hole le tsilafatso ea melimo, ho febeng, le nameng ea liphoofolo tse sopiloeng melala, le maling. 21Ka hobane Moshe o pakiloe litoropong tsohle ho tsoa nakong tsa maloko a khale mme o reora lisenagogeng ka li sabata tsohle.22Ea ba ho bonahetsi ho le hontle ho baapostola le baholo, le kereke eohle, ho khetha Judase ea bitsoang Barsabbase, mme Silase, e neng e le moetapele oa metsoalle, mme ba ba ruma ho ea Antioche le Paulosi le Barnabase. 23Ba ngola tsena ka matsoho a bona,'' Ho tsoa ho baapostola le baholo, bo abuti ba lona, ho metsoalle ea balichaba ba leng Antioche, Siria, mme le Silisia: Lumelang!25Ka hobane re utloile hore ba bang bane ba tsoele ho rona, ho sena litaela li tsoang ho rona, mme ba le fapantsa ka mantsoe a khopisang moea ea lona, 24ho bonetsi ho le huntle ho rona, batlileng khopolong e le engoe, ho khetha banna le ho ba rumela ho lona le ba ratuoa Barnabase le Petrose, 26banna ba esetseng bophelo ba bona kotsing ho etsela lebitso la Morena Jeso Kreste.27Ka baka lena re rumile Judas le Silas, ba tla buoang taba tse tsoanang ka mantsoe a bona. 28Ka hobane ho bonetse ho le ho ntle ho Moea o halalelang le ho rona, ho le roesa moroalo o seng moholo hofeta lintho tsena tse tsoanetseng: 29hore le siee lintho tse hlabetsoe balimo, mali, ntho tse sopiloeng molala, le ho feba. Ha le ka se etse ntho tsena, le tla etsa hantle. Le sale hantle.''30Ea ba, nakong ba ba lokolotsoeeng, batla Antioche, morao ha ho kopana le sechaba, ba bala lengolo. 31Ha ba le bala, bathaba ka baka la khuthatso. 32Judase le silase, le baporofeta, ba khuthatsa metsoalle ka mantsoe a mangata mme ba ba tiisa.33Morao ha ho qeta nakonyana moo, ba rungoa ka khotso ho tsoa ho metsoalela ho ea ho bong ba barumileng. 3435Empa Paulose le Barnabase ba lula antiooche, baruta le ho rera ( le bangoe ba bangata) lentsoe la Morena.36Morao ha matsatsi Paulose a re ho Barnabase, '' A re khutlele ha joale mme re chakele metsoalle litoropong tsohle mong re rerileng lentsoe la Morena, mme re bone hore ba joang.'' 37Barnabase o ne a batla hore ba tsamae le Johane, ea neng a bitsoa Mareka. 38Empa Paulose a nahana hore ha hontle ho tsamaea le Mareka, a ba siileng Pamphylia mme a se tsamaee pele le bona ka tsebetso.39Ea ba ha tsoha ho ngangisana haholo, se entseng hore ba khauhane, mme Barnabase a nka Mareka mme batsilela Sepera. 40Empa Paulose a khetha silase mme a tluha, morao ha ho neoa boitsepo ke metsoalela ho mohau oa Morena. 41A tsamaea a feta Siria le silicia, a tiisa likereke.
1Paulose e ea Derba le Listra, mme bona, mongoe oa balateli a bitsoang Timothea a na a le teng, mora mosali oa Mojuta a neng a le molumeli, empa ntate oa hae a ne a le Mogerike. 2A na a buioa hantle ka metsoalle e neng e le Listra le Iconiume. 3Paulose a na a batla ho tsamaea le eena, kahong a mo nka a mo rupa ka baka la Bajuta ba neng ba le lipulekeng tseo, hobane ne ba tseba hore ntate oa hae ke Mogerike.4Ha ba ntse ba tsamaea liporopong, ba ne ba laela ka hlompho ea litaelo tse beiloeng ke baapostola le baholo ba ne ba le Jerusalema. 5Kahong likereke tsa matlafatsoa tumelong le palo ea oketseha matsatsi ohle.6Paulose le metsoalle ea hae ba ea likhaolong tsa Frigia le Galatia, joale ka ha ne ba hanetsoe ke Moea o Halalelang hore ba bulele lentsoe provenseng ea Asia. 7Ha ba fihla haufi le Maisia ba ea Bithinia, empa Moea oa Jeso oa ba thibela. 8Ka hong ba feta Maisia, ba ea toropong ea Troase.9Pono ea bonahala ho Paulose bosiu; Monna oa Macedonia o ne a emi mong, a mokupa a re, '' E tla Macedonia mme o re thuse.'' 10Ha Paul a bona pono, ka bonako ha lukela ho ea Macedonia, re phethile hore Molimo o re bilelitse ho rera efangeli ho bona.11Ra kena sekepeng re tsoa Troase, ra ea Samothrase, mme ka tsatsi le latelang ra ea Neapolise. 12Ho tluha mong ra ea Filepi, e bong toropo ea Macedonia, toropo e bohlokoa ngalong le e le ngalo ea roma, mme ra lula toropong ena ha matsatsi a etseng. 13Ka tsatsi la Sabata ha tsoa ntle ha hareke ra ea nokeng, mong ne re hopola hore ho tlaba le puleke ea thapelo. Ra lula fase ra bua le bo mmae ba ne ba tlile hammoho.14Mongoe mosali a bitsoang Ledia, morekise oa pherese a tsoang toropong ea Thiaratire, ba balumelang ho Molimo, ba re mamela. Morena a bula pelo ea hae hore a mamele seo Paulose a se buoang. 15Ha eena le ba ntlu ea hae ba kolobelitsoe, a re kopa, a re, '' Ha le nkahlutsi hore ho tsepehile ho Morena, etlang le lule ntlung eaka.'' Mme a re kupa.16Erile ka nako, ha re ea pulekeng ea thapelo, mosetsana a etseng a nang le moea oa ho lupa a tla ho rona. O ne a tlisetsa ba mo hirileng chelete e ngata ka ho bulela tse tla etsahalang. 17Mosali ena a latela morao ha Paulose le rona mme a huelela, a re, '' Banna bana ke sebeletse ba Molimo a Phahameng. Ba le bulele tsela ea ho pholosoa. 18A etsa tsena ha matsatsi a mangata. Empa Paulose a tsoenyehile haholo ka eena, a sokoloha mme a re ho moea oo, '' Ke ea laea ka lebitso la Jeso Kreste hore otsoe ho eena.'' Mme oa tsoa ka nako eong.1921Horile ba morileng hore tsepo ea bona ea moputso e tluhile, batsoara Paulose le Silase mme ba ba hohela pulekeng mong ho rekisoang pele ha ba babusi. 20Ha se ba tlile le bona ho ba ahluli, ba re, '' Banna ba na ba etsa buthata toropong ea rona. Ke Bajuta. Ba bua mekhoa e seong molaong ea Baroma ho e amohela kapa ho e etsa.''22Batho ba bangata batsuhela Paulose le Silase; ba ahluli ba kheila liaparo tsa bona mme ba laea hore ba otloe ka lithupa. 23Ha se ba ba otlile haholo, ba balahlela teronkong mme ba laea ba lebeleli ba teronko hore ba lete haholo. 24Ha se a fumane taela ena, moleti oa teronko a ba lahlela teronkong e kahare mme a ba bofa maoto.25Hare ha bosiu Paulosi le Silase ba ne ba rapela ba opela lifela tsa Molimo, mme lingoe ba tsoaleletsoe teronkong ba ne ba mametsi. 26Ka bonako ha ba le ho sisinyeha ha lefatse, motheo oa teronko oa sisinyeha; mme menyako ea fuleha ka bo nako, hape liketane tsa bohle tsa bofuloha.27Molebeleli oa teronko a tsuha borokong mme a bona monyako oa teronko o bulehile; a nka lerumo la hae mme a batla ho e pulaea, ka baka la hore o ne a hopola hore batsoeroeng ba balehile. 28Empa Paulose a huelela a re, '' O se ke oa e pulaea, ka hobane re teng rohle mona.''29Molebeleli a batla mabone mme a titimela ka teng, ebile a ruruma ka letsoalo, a oela pele ha Paulose le Silase, 30a tsoa le bona a re, '' Banna, ke etseng eng ho re ke pholosoe.?'' 31Ba re, '' Lumela ho Morena Jeso, mme o tla pholosoa, oena le ba ntlu ea hao.''32'Ba bua lentsoe la Morena ho eena, bohle le bangoe ba neng ba le ntlung. 33Moleti oa teronko a ba nka ka hora eong ea bosiu, mme a ba hlatsoa maqheba, mme eena le ba ntlu ea hae eohle ba kolobetsoa ka ho phakisa. 34A tlisa Paulose le Silase ntlung mme a bea lijo pele ha bona, a thaba ha holo le bantlu ea hae, hore o lumetsi ho Molimo.35Joale e ne e le letsatsi, ba ahluli ba rumetsi lentsoe ho balebeleli ba teronko, ba re, '' Lesang banna bong ba tsamae.'' 36Molebeleli oa teronko a bulela Paulose, '' Ba ahluli ba rumetsi lentsoe hore ke le lese le tsamae. Joale etsoang, mme le tsamae ka khotso.''37Empa paulose are ho bona, '' Ba re otlile bathong ho sena ho ahluloa, leha re le Baroma_ mme ba re lahletse teronkong. O batla ho re re tsamae sephiring? Che! E re batle bona bona ba re ntsetse ntle.'' 38Balebeleli ba teronko ba bulela mantsoe ana ho ba ahluli, mme ha ba otloa hore Paulose le Silase ke Baroma, ba tsuha. 39Ba ahluli batla mme ba kupa tsoarelo ho bona hape ba ba ntsetsa ntle, ba ba kupa hore ba ea hole le toropo.40ho le joalo Paulose le Silase ba tsoae teronkong mme ba ea ntlung ea Ledia. Ha Paulose le Silase ba bona metsoalle, ba ba khuthatsa mme batluha toropong.
1Joale bare ba fetile toropong ea ba Amfipolise le Apolonia, ba tla toropong ea Thesalonika mong ho ne ho na le senagoge ea Bajuta. 2Paulose, joale ka e ne e le mokhoa oa hae, a ea ho bona, mme ha matsatsi a Sabata amararo a buisana le bona ka mangolo.3O ne a bula mangolo mme a hlolosa hore ho tsoanetsi Kreste a utloe bohloko a boelle a tsohe ho ba shoeleng. A re, '' Jeso eo ke bolelang ka eena ke Kreste.'' 4Ba bang Bamajuta ba khuthaletsoa mme baile ba kopana le Paulose le Silase, ho akaretsang palo e kholo ea Bagerike, le ba bangata baeteleli ba basali.5Empa Bajuta ba sa lumelang, ba kenoa ke mona banka banna ba mamenemene limarekeng, ba phutha bo ngata ba batho ba tsosa molumo toropong. Ba hlasela ntlu ea Jasone, ba batla ho tlisa Paulose le Silase ntle bathong. 6Empa barile ha ba sa ba fumane, ba hoha Jasoni le mengoe metsoalle e etseng ho baholo ba toropo, balla,'' Banna ba fetotseng lefatse ha mpe ba fihlile le mo hape. 7Banna ba Jasone a ba amohetsing ba etsa tse fapaneng le molao oa Sesare; bare ho na le engoe khosi_ Jeso.8Ba khathalitse bongata ba batho le ba baholo ba toropo ba utloileng lintho tse. 9Empa ka morao ha ho fumane tsireletso ho Jasone le bang, ba ba lesa.10Bosiu bong batsoalle ba ruma Paulose le Silase Berea. Ba rele ba le mono, ba kena senagogeng ea BaJuta. 11Joale batho ba ba ne ba hlalefile ho fita bao ba bong Thesalonika, ea ba ba amohela lentsoe ka khopolo ea ikemisetsa haholo, ba hlolisisa mangolo ka mehla ho hlola hore lintho tse li joalo. 12Ka eong tsela bongata ba bona ba lumela, ho akaretsa bang basali ba Mogerike ba tsutsumetso le banna ba bangata.13Empa Bajuta ba Thesalonika ba utloa hore Paulose o ne a paka lentsoe la Molimo Berea, ba ea mong ebile_ ba susumetsa le ho khathatsa bongata. 14Ka pela, metsoalle ea roma Paulose leoatleng, empa Silase le Timothea ba lula mong. 15Bao ba neng ba etapele Paulose ba monka ba tsamaea le eena hole joale ka toropong ea Maathens. Ba mo siea mong, ba amohela litaelo tsa Silase le Timothea hore ba tle ho eena ka ho phakisa.16Joale Paulose a ba emetsi Athene, Moea oa hae oa halefa a bona toropo e tletse ka melimo. 17Ka baka leo o ne a buisana le BaJuta matsatsi ohle senagogeng le bangoe ba lumelang ho Molimo, le marekeng le bao ho ne ho etsahala hore ba be moo.18Empa bang ba Epicureana le Bastoike ba motsa. Bangoe ba re,'' Nna mobulai eo a reng?'' Bangoe ba re, '' U bonaha ka ke emong oa bao ba bitsang batho hore ba latele melimo e sa tlohelehang,'' ka hore o ne a phatlalatsa mengolo ka Jeso le tsuho.19Ba nka Paulose mme ba motlisa ho Areopago, ba re, '' Re ka tseba ka thuto encha ee u ne o e bolela. 20Hobane u tlisa lintho tse sa tloaelehang litsebeng tsa rona. Ka baka leo, re batla ho tseba hore lintho tse li ra ho reng.'' 21( Joale Maathene ohle le batho ba sa tsejoeng ba lulang mong ba ile ba qeta nako ea bona ba sa etsi letho empa ba bolela kapa ba mametsi lintho tse ncha.)22Joalo Paulose a ema bohare ha Maareopago mme are, " Lona batho ba Anthene, kea bona hore le balumeli haholo ho tsela tsohle. 23Joale ka ke feta ebile ke hlokomela lintho tsa lona tsa ho rapela, ke fumane aletare e na le mengolo, '' Ho Molimo a sa Tsejoeng.'' Ka baka lo le rapela ho hlokeng tsebo, se ke se phatlalatsa ho lona.24Molimo a entseng lefatse le tsohle li leng ho lona, joale ka a le Morena oa leholimo le lefatse, ha lule litempeleng li ahiloeng ka matsoho. 25Ha sebeletsoe ka matsoho a batho, joale ka o batla sengoe, hobane eena o nea batho bophelo le phefumoloho le tse ling tsohle.26Ka monna e mong o entse lichaba tsa batho hore ba lule lefatseng, a ba biela lilemo a likhethileng le meeli ea ngalo tsa bona tsa ho lula, 27hore ba tle ba batle Molimo le hore mohlomong ba ka utloa tsela e ba le bisoang ho eena mme ba mofumana. Hobane ha hole le rona hohle.28Hobane ho eena re phela le ho tsamaea le ho ba le botho, joale ka e mong oa baroki ba lona o rele, ' Hobane le rona re bana ba hae.' 29'' Kahong, joale ka re le bana ba Molimo, ha re ea tsonela ho hopola hore boleng ba molemo bo tsoana le gauta, kapa le silvera, kapa lejoe_ litsoantso tse entsoeng ka tsebo le mehopolo ea motho.30" Ka baka leo Molimo o hlokomolohile, empa joale o laea batho ohle lipulekeng tsohle hore ba sokolohe. 31Hobane o beile letsatsi a tla ahlolang lefatse ka monna a lokileng a mo khethileng. Molimo o neile bopaki ba monna eo ho motho ohle ka ho mo tsusa ho ba shoeleng.32Joale erile ha banna ba Maathene ba utloa ka tsuho ea bashoeleng, ba bang ba nyefela Paulose; empa bangoe ba re, '' Re tla u mamela hape ka taba ena.'' 33Morao ha mong, Paulose a tluha. 34Empa ba bang banna ba ile ba kopana le bona ebile ba lumela ho akarelletsa Denise oa Moareopago, mosali a bitsoang Damaris, le bang ba ne ba na le bona.
1Ha re ha Apolose a le Korinte, Paulose a feta ka naheng e le holimo mme a tla toropong ea Efesu, mme a fumana bangoe barutuoa mong. 2Paulose are, '' Le amohetse Moea o Halalelang ka nako le lumela na?'' Ba re ho eena, '' Che, ha re a ka ra utloa hore Moea o Halalelang o teng.''3Paulose a re,'' Le kolobelitsoe ka kolobetso e fe?'' Ba re,'' Ka kolobetso ea Johane.'' 4Mme Paulose a fetola, '' Johane o ne a kolobetsa ka kolobetso ea tsokoloho. O ne a bolela batho hore ba lumele ho eo a tla tlang ka morao ha hae, e leng Jeso.''5Batho ha ba utloa se, ba kolobetsoa ka lebitso la Morena Jeso. 6Ea re Paulose a se a beile matsoho holimo ha bona, Moea o Halalelang oa tla holimo ha bona mme ba bua ka maleme ebile ba porofeta. 7Bohle ba ne ba leshome le metso e mebeli.8Paulose a ea senagogeng mme a bua a se na tsabo ha likhoeli tse tharo, a nahana le ho ba kholisa ka mmuso oa Molimo. 9Empa bangoe Bajuta ba ithatafatsa mme ba sa lumele, ba qala ho bua ha mpe ka Tsela pele ha batho ba bangata. Ka baka leo Paulose a ba tlujela, mme a nka barutuoa le eena, a bontsana le bona ka matsatsi ohle ba le ntlung ea ho rutela ea Tyrannuse. 10Sena sa etsahala ha lilemo tse peli, hore ba lulang Asia ba utloe lentsoe la Morena, bohle BaJuta le Bagerike.11Molimo o ne a etsa limakatso tse makatsang ka matsoho a Paulose, 12ha re litukoana le li henki li mo tsoereng tsa isoa ho ba kulang mme maloetsi a bona a batluhele le moea e mebi ea tsoa.13Empa ho ne ho na le baJuta ba leng lingaka tse ntsang matemona tse neng li tsamaea pulekeng tsohle. Ba ne ba bitsa lebitso la Jeso hore ba tle ba be le matla a ho fenya moea e mebe ha ba re, '' Ka Jeso eo a bolelang ke Paulose, ke ea le laea hore le tsoe.'' 14Moprista e moholo oa bajuta, a bitsoang skefa, o ne a na le bahlanka ba ba supa ba etsang ntho e na.15Moea o mobe oa ba araba,'' Jeso kea motseba, mme Paulose kea motseba; empa oena o mang?'' 16Moea o mobe o neng o le ho monna eo, oa tlolela holimo ha lingaka tse reng li ntsa matemona mme oa ba hlola oa ba otla. Ba baleha ntlung eo ba hlobotse ebile ba na le maqheba. 17Se sa tsebeha ho bohle, Bajuta le Bagireke, ba neng ba lula Efesu. Ba tsoha haholo, mme lebitso la Morena Jeso a tlotlisoa.18Le balumeli ba bangata batla mme ba ipolela le ho hlalosa tse ba li entseng tse mpi. 19Ba bangata ba neng ba etsa boloi ba tlisa ba tlisa libuka tsa bona ba kopane mme ba li chesa pele ha bohle. 20Ebile lentsoe la Morena la haseha ka bophara ka tsela e matla a maholo.21Joale ka morao ha lintho tse li qetiloe, Paulose a nahana ka Moea ho feta Macedonia le Akaea a ea Jerusalema; a re, '' Ka morao ke ile teng, ke tsoanetsi ho bona Roma.'' 22Paulose a romela Macedonia ba babeli ba neng ba mosebeletsa, Timotea le Erastuse. Empa eena a lula Asia ha sebakanyana.23Ka nako eo ho ne ho sena moferefere o monyenyane Efesu o tsamaelanang le tsela. 24E mongoe monna, molokise oa litsepe a bitsoang Damatariose, a ne a etsa puleke e ea Artemese ka silvera, a tlisa mosebetsi oa hae o mongata ho ba betli. 25Ka baka leo a kopanya bohle batho ba etsang mosebetsi oona, mme a re, '' Banna, lea tseba hore mosebetseng o na re etsa chelete e ngata.26Lea bona ebile lea utloa hore, ha se Efesu fela empa e ka ba Asia eohle, Paulose eo o kholisitse mme a leleka batho ba bangata. O re melimo e ntsoeng ka matsoho hase melimo. 27Ho se hore ho na le kotsi ea hore mosebetsi oa rona o ka nyenyefatsoa, empa le hore tempele ea molimo o moholo Artemise e ka bonoa joalo ka ntho e se bong bohlokoa, mme boholo ba hae bo ka se be letho, eo Asia le lefatse lohle le mo rapellang.28E rile ba utloa se, ba tlala bohale mme ba hoeletsa, ba re, '' o moholo ke Artemise oa Efesu.'' 29Toropo eohle ea tlaloa ke moferefere, mme batho ba horometsea theatere ba le khopolo engoe. Ba tsoara ba tsamaeang le Paulose, Gaese le Aristachase, ba tsoang Macedonia.30Paulose o ne a batla ho kena a feta hare ha batho ba bangata, empa barutuoa ba mothibela. 31E bile le bangoe ba ba laoli ba sekoto sa Asia e leng balekane ba hae ba moromela molaetsa ba mo kopa hore a se ke a kena theatere. 32Bangoe batho ba ne ba hoeletsa ntho e le engoe, bangoe engoe, batho ba bangata ba ne ba le moferefereng. Ba bangata ba ne ba sa tsebe hore ba kopanetsi eng?33Bangoe batho ba bangata ba lemosa Aleksandere a bontsa ka letsoho hore o batla ho ikarabela ho phutheho. 34Empa erile ha ba hlokomela hore ke Mojuta, ba hoeletsa ha mahora e ka bang a mabeli ka lentsoe le le leng, ba re, 'O moholo ke Artemise oa Efesu.''35Erile ha mongoli oa toropo a khutsitse batho ba bangata, a re, '' Lona batho ba Efesu, ke mang motho eo a sa tsebeng hore toropo ea Efesu ke eona a bolokang tempele ea Artemise e moholo ebile le setsoantso se oetsing fase ho tsoa leholimong? 36Le bona hore lintho tse ha li hanetsehe, le tsoanetsi ho khutsa mme le se ke la etsa letho ka potlako. 37Hobane le tlisitse banna lekhotleng ba sele ba sholu kapa banyefoli ba melimo ea bona.38Ka baka leo, ha Damatariose le ba bope a nang le bona ba na le tsolo ho e mong, lekhotla le bulehile ho ba ahloli ba teng. E reng ba tlalehe e mong le e mong. 39Empa ha le batla tse lingoe, litsoanetsi ho lokisisoa phuthehong. 40Hobane re kotsing ea ho soloa ka moferefere oa kajeno, e bile ha ho na taba re ka itatolelang ka eona bakeng la pokano e na.'' Erile hobane a bulele taba tseo, a phatlalatsa phutheho.
1Kamorao ha ho ba meferefere e fetile, Paulose a rumela balateli mme morao ha ho ba khuthatsa, a re batsamae hntle mmea tluha hoea Macedonia. 2Erile a tsamaile likhaolong tseo mme a buile mantsoe a likhuthatso ho bona, a tla Gerike. 3Ka morao ha hoqeta khoeli tse tharo mong, leano la puptjoa khatlanong le eena ke Bajuda nakong a ne a setsi a batla ho ea Serea, ea ba o nahana ho khutlela Macedonia.4Ba mo felesetsa ho fihla hole ho tsoana le Asia ke Sopatore mora oa Perahusi oa Berea; Aristarke le Secundo, bohle batsoang ho balumeli ba Thessalonika; Gaiuse oa Thebe; Timothea; le Tikike le Trofine oa Asia. 5Empa banna bana, ba tsamaile pele ha rona mme bane ba re emetse Traose. Mono re lutsi matsatsi a supileng. 6Re tsamaile ka sekepe ho tsoa Filepe kamorao ha matsatsi a borotho bo se nang litemoso, mme matsatsing a mahlanu a boela ho bona Traose. Moo re lutse matsatsi a supileng.7Ka letsatsi la ho qala la beke, moo re neng re kopane ho ja borotho, Paulose a bua le balumeli. O ne a lokisetsa ho tsamaea ka tsatsi le latelang, mme a bua molaetsa oa hae hofihla hare ha bosiu. 8Ho ne ho na le mabone a mangata ntlung ea holimo mong re ne re kopane hammoho.9Fanstereng ho ne ho lutse mohlanka ea bitsoang Eutike, ea robetsing boroko bo boholo. Ea re Paulose a bua ha telele, mohlanka ena, a sa ntse a robetse, a oela fase ho tsoa ntlung ea boraro mme ba mo fumana a shoele. 10Empa Paulose a ea fase, a e otlololela ho eena, mme a mo khumarela. Ba re, '' Le se ke la tsoenyeha hape, ka hobane o ea phela.''11Ea ba a ea hape ntlung ea holimo mme a roba borotho a ja. Kamorao ha ho bua le bona ha sebaka selelele ho fihlela ka meso, a tluha. 12Ba tlisa moshemane a phela mme ba tsiliseha haholo.13Rona re tsamaile pele ho Paulose ka sekepe mme ra tsamaea ho ea Assos, mmo re hopotseng ho tsamaea le Paulose. Ntho ena ke eona le eena a neng a lakatsa ho e etsa, kahobane o ne a hopotse ho tsamaea mobung. 14Erile ha kopana le rona Assos, ra mo kenya sekepeng mme ra ea Mitelene.15Ha re tluha ka sekepe mme ra filhla ka tsatsi le latelang mabapi le bopo la Kio. Tsatsi le latelang ra tsoara lebopo la Samose, mme ka morao ha letsatsi ra fihla toropong ea Miletia. 16Ka hobane Paulose a ne a hopotse ho tsamaea ka Efese, hore a se qete nako a le Asia; ho ba a ne a e hlahanela ho ba Jerusalema letsatsing la Pentacosta, ha ne ho khoneha ho eena hore a etse joalo.17Ho tsoa Miletus a rumela banna Efese mme a bitsa baholo ba likereke. 18Ba rile ba fihlile ho eena, a re ho bona, '' Lona ka bo lonalea tseba, ho tsoa tsatsing la ho qala ke fihla asia, ka mong ke felitseng nako aka le lona. 19Ke lutse ke sebeletsa Morena ka boenyatso le ka likeleli, mme le ka meleko ee etsahetseng ho nna ka merero ea sephiring ea Bajuta. 20Le ea tseba ka moo ke sa buelang morao ka he tsebisa tsohle tse bohlokoa, le mong ke rutile batho ntle le ho ea ka ntlu ka ntlu, 21ke paka ho bohle Bajuta le Bagireke ka tsokoloho ho Molimo le ka tumelo ho Morena Jeso.22Joale bonang, ke ea Jerusalema, ke sutoa ke Moea o halalelang, ke sa tsebi se tla etsahala ho nna kong, 23kantle ha hore Moea oHalalelang o ea e ponahantsa ho nna litoropong tsohle mong leketane le kutloiso bohliko linkemetsi. 24Empa ha ke bone bophelo baka bo le bohlokoa ho nna, ha feela nka qeta mokitimo mme ka fetsa mosebetse ke o amohetseng ho Morena Jeso, ho paka efangeli ea mohau oa Molimo.25Kajeno bonang, ke ea tseba hore lona lohle, hara ha bong ke tsamaileng re paka efangeli ea mmuso, ba tla bona sefahleho saka hape. 26Ka baka lena ke paka ho lona nase, hore ke mosoloa maling a batho. 27Ka hobane ha ke ea lesa ho le bulela thato eohle ea Molimo.28Ho le joalo ihlokomeleng, mme le ka ohle mohlape ong Moea o Halalelang o u khethileng ho ba balebeleli. Hlokomelang ho lisa kereke ea Molimo, a erekileng ka mali a hae. 29Ke ea tseba morao ha ho tluha haka, liphokojoe tse bohale li tla tla hare ha lona mme li ka se phelisi mohlape. 30Le ho palona banna ba tla tsoha ba senya nnete hore balateli ba balatele.31Ho le joalo lulanh leletile. Hopolang hore ha mengoaha e mararo ha ke ea ka ka ema ho le lemosa bosiu le mosieare ka likeleli. 32Joale ke le neela ho Molimo le ho lentsoe la mohau oa hae, le khonang ho le aha le ho le nea lefa hare ha bohle ba pholositsoeng.33Ha ke ea lakatsa selvera ea motho, gauta, kapa liapero. 34Lona le ea tseba hore matsoho ana a sebelelitse litlhoko tsa ka le tsa ba neng ba na le nna. 35Nthong tsohle tse ke le neile mohlala oa hore le thuse joang ba senang matla ka ho sebetsa, le ka mong le tsoanetsing ho hopola mantsoe a Morena Jeso, mantsoe a a buileng eena a re: ' Ho le hlonolofalitsoe ho nea ho feta ho amohela.''''36Morao ha ho bua ka mokhoa ona, a khubama mme a rapela le bona bohle. 37Ha ba le ho lla ho hoholo mme ba khumarela Paulose ba mo aka. 38Ba ne ba hlokofetse ka tse a li buileng, hore ha ka sabona sefahleho sa hae hape. Ea ba ba mo felesetsa sekepeng.
1Joale, Festuse a kena provenseng, mme morao ha matsatsi a mararo, a ea Sesare ho ea fihla Jerusalema. 2Baprista ba baholo le bajuta ba tsebehang ba tlisa likahlolo tsa bona holimo ha Paulose, mme ba butsa Festuse hantla_ 3ba kupa hore a ba etsetse thato ea bona holimo ha Paulose_ ho re a mo rome Jerusalema, hobane ba ne ba lokisetsa ho mo tsuhela ba mmolaea tseleng.4Festuse a araba a re Paulose o tsoeroe Sesarea, mme le eena o ea teng ka putlako. ''' 5Kahong, ba ba khonang,''' a re, ''' ba ka tsamaea le rona. Ha ho na le se sempi ka munna ona, le tla mo nea molato.6Festus a lula matsatsi a sa feteng a arobeli kapa leshome mme a ea Sesarea, mme ka tsatsi le latelang a lula setulong sa ho ahlola mme a re Paulose a tlisoe ho eena. 7Ha a fihla, Bajuta ba tsoang Jerusalema ba ema haufi, mme ba tlisa melato e meholo ba senang bopaki le eona. 8Paulose a e kemela mme a re, '' Ha ke ea etsa molato ho molao ea bajuta kapa tempele kapa ho Seserea.9Empa Festus o ne a batla ho ratoa ke Bajuta, mme ka hong a araba Paulose mme a re, '' U batla ho ea Jerusalema mme o ee ahloloa kenna ka lintho tsena?'' 10Paulose a re, '' Ke emi pele ha setulo sa kahlolo ea Sesarea mong ke tsoanstsing ho ahloloa teng. Ha ke senyetsa Bajuta, joale ka ha u tsiba hantle.11Leha ke entse hampi hape leha ke entse setsoanelang lefu, ha ke hani ho shoa. Empa ha melato ba nneang eona e se letho, ha ho motho a ka nkisang ho bona. Ke kopa ho Sesare.'' 12Morao ha hore Festuse a buoe le lekhotla, a araba, '' U kopile ho Sesare, ho Sesare u tla tsamaea!''13Joale erile morao ha matsatsi, Khosi agripa le Bernise ba fihla Sesarea ho etela Festus ka tsa mmuso. 14Kamorao ha hore ba lule mong ha matsatsi a mangata, Festuse a tlisa taba ea Paulose khosing; a re, '' Monna e mongoe o siiloe mo ke Felix a tsoeroe. 15Erile ke le Jerusalema, baprista ba baholo le baholo ba bajuta batlisitse likahlolo ka munna enoa honna, mme ba kopa kahlolo ea molato ka eena. 16Ka ba araba ka re ha se mokhoa oa Baroma ho neela e mong pele ha hore moahloleloa a bone ba mo ahlolelang mme a fumane sebaka sa ho ikarabela khatlanong le molato.17Kahong, e rile ba fihla bohle mona, ha ke ea ema, empa ka tsatsi le latelang ka lula setulong sa kahlolo mme ka re monna a tlisoe kahare. 18Ha ba moahlolelang ba ema ha ba moahlolela ka letho, se ke se boneng e le bokhopa. 19Empa bane bana le ho sa utloisoisana ka tumelo ea bona le ka Jeso a shoeleng, eo Paulose a reng o ea phela. 20Ke ne ke khathalitsoe ke tsela nka batlisisang taba ena, mme ka mo botsa hore o ea lakatsa ho ea Jerusalema ho ea ahloloa teng ka taba tsena.21Empa ha Paulose a kopile ho lula polokelong moo a letetseng pheto ea morena oa khaolo, ka re a lule polokelong ho fihlela ke mo romela ho Sesare. 22Agripa a bua le Festuse, '' Ke rata ho utloa monna enoa.'' Festuse a re, '' u tla mo utloa.''23Joalo ka tsatsi le latelang Agripa le Berenese ba tla le bangoe moketeng; ba tla le balauli ba masole le banna ba tsibehang ba toropo. Erile ha Festuse a bua taelo, Paulose a tlisoa ho bona. 24Festuse a re, '' Khosi Agripa, le lona banna bohle ba leng mo le rona, le ea bona monna ona; bongata ba Bajuta ba kopile ho nna jerusalema le moo hape, mme ba huoeletsi ho nna hore ha ea tsoanela ho phela.25Ke fumane hore ha ea etsa letho le lokelang lefu. Empa kahobane o kopile ho mookameli, ke nahanile ho mo romela Roma. 26Empa ha kena se tsoarehang se ke tla se ngolela morena oaka. Ka baka lena, ke mo tlisitse ho lona, haholo oena, Khosi Agripa, hore ke tle ke be le se ke ka se ngolang ka taba ena. 27Hobane o kare a hona hlalohanyo honna ho romela ea tsoeroeng mme oa se bui se ase ahloletsoeng.''
1Joale Agripa a re ho Paulose, '' U ka ikarabela.'' Ea ba Paulose a otlolla letsoho la hae mme a itsireletsa. 2''Ke ipona ke le ea thabileng, morena Agripa, ho ikarabela molato oa ka pele ha hao kajeno khahlanong le molato eo Bajuta ba nthoesang eona, 3haholo kahobane u setsebi sa mekhoa ea bajuta mme le litaba ba lipotso. Ka baka leo ke kopa hore u mamele ka tiisetso.4Ka nnete, Bajuta bohle ba ea tseba ka tsela ke phetseng ka eona ho tsoa bonyenyaneng baka sechabeng sa haeso le Jerusalema. 5Ba ntsebele ho tsoa ho qaleng, ha ba rata ho lumela, hore ke phetse joalo ka Mofarisi, mokhoa o nepehileng thutong ea tumelo ea rona.6Joale ke ema mona ho ahloloa ka tsepo ea ka tsepisong e entsoeng ke Molimo ho bontata rona. 7Ke eona tsepiso eo meloko e leshome le motso e mmeli e tsepang ho amohela ha ba rapela Molimo nneteng bosiu le mosieare, mme ke ka tsepo eo, khosi, ke roesoang molato ke Bajuta. 8Ke ka baka la eng hore e mong oa lona a ahlole hore ntho ena ke ntho e sa lumeleheng hore Molimo oa tsosa ba shoeleng?''9Joalo nneteng, Nna ka bonna ke ne ke hopotse hore ke tla etsa ntho tse ngata khatlanong e lentsoe la Jeso oa Nazaretha. 10Ke li e tsele tsena Jerusalema. Ke koalletse ba bangata ba ba halalelang ba Molimo ka matla ke a neiloeng ke baprista ba baholo; mme e ne e re ha ba balaoa, ke lumetse khahlanong le bona. 11Ke ba otlile ha ngata lisenagogeng tsohle mme ka leka hore ba nyefole. Ke ne ke ba halefetse haholo mme ka ba hlorisa le mafatseng a tse lingoe lichaba.12Nakong ke etsa tsena, ke ile Damaseka ke na le matla mme le litaelo ho tsoa ho baprista ba baholo; 13mme tseleng ho ea teng, hare ha mosieare, khosi, ka bona khanya ho tsoa leholimong e neng e benya ho feta letsatsi, mme e bontsa ho nna le ho boo ke neng ke tsamaea le bona. 14Erile rohle re oetse fase, ka utloa lentsoe le bua le na le re ka puo ea se Heberu,' Saule, Saule, u ntlhorisetsang? ho thata ho oena ho re o rahe litsenene.'15Ea ba ka re,' Ke mang, Morena?' Morena a araba a re, ' Ke Jeso eo u mohlarisang. 16Joale ema mme o eme ka maoto; ka hobane ka le baka lena ke eponantse ho oena, ho u khetha hore o be mosebetsi mme mopaki oa lintho tseo u li tsebang ka nna hona joale le tseo ke tla u bontsang tsona nakong e tlang; 17mme ke tla u pholosa bathong le ho ba lichaba boo ke u rumang ho bona, 18ho bula mahlo a bona ho ba tlosa ho tsoa lefifing ho ea khanyeng mme ho tsoa matleng a Satan ho ea ho a Molimo, hore ba khone ho amohela ho tsoa ho Molimo tsoarelo ea libe mme leo ke ba neang lona boo ba halalelitsoeng ka tumelo ho nna.'19Ho le joalo, Khosi, Agripa, ha ke ea nyatsa pono ea leholimong; 20empa, ho boo ba leng Damaseka pele, mme le ba leng Jerusalema, mme ka bophara lefatseng lohle la Juta, mme hape le la balichaba ke le rumang teng, ke ba neile molaetsa oa hore ba sokolohe mme ba re sokolohele ho Molimo, ba etsa liketso tse loketseng tsokoloho. 21Ka baka leo Bajuda ba ntsoere tempeleng mme ba leka ho mpolaea.22Ka baka leo ke fumane thuso e tsoang ho Molimo ho fihlela tsatsing lena, mme ke ea ema mme ke ea paka nthong tse nyane le tse kholo ke tse baporofeta le Moshe ba rile li tla etsahala_ 23hore Kreste u tla utloa bohloko, mme ka hoba ea pele ho tsoha bafung utla paka khanya bathong ba ha rona mme le ho balichaba.24Erile Paulose a qetile boikarabelo ba hae, Festuse a re ka lentsoe le leholo, ''Paulose, u loala khopolo; thuto ea hao e kholo e u etsa hore o loale khopolo.'' 25Empa Paulose a re,'' A ke loale khopolo, mohlomphehi Festus, empa ke paka mantsoe a nnete mme a utloisisehang hantle. 26Kahobane khosi ea tseba ka ntho tsena; mme ke ka baka leo ke bua ke na le sebete ho eena, kahobane ke ea khuthaletsoa hore ha hona ee eng ea ntho tsena e tsoanelang ho patoa ho eena; ka hobane tsena ha li ea etsoa khotleng.27U ea lumela ho baporofeta, khosi Agripa? Ke ea tseba hore o ea lumela.'' 28Agripa a re ho Paulose,'' ka nako e khutsoane u ka nkhuthaletsa mme oa nketsa mo Kreste?'' 29Paulose a re,'' Ke rapela ho Molimo, hore e kaba ka nakonyana kapa ka nako e telele, e seng oena feela, empa le bohle boo ba utloang ka jeno, ba tla tsoana le nna empa ba sena liketane tsena tsa toronko.''30Ea ba khosi ea emella, mme le letona, le Bernise hape, le boo ba neng ba lutse le bona; 31ba rile ba etsa ntlung, ba buile ho e mong mme ba re , '' Monna ena ha etse ntho e lokellang lefu kapa ho tsoaroa. 32Agripa a re ho Festus, '' Monna ena a ne a tsoanetse ho lokolla ha a sa etsa kopo ea ho lokolloa ho Sesare.''
1Paulose, moapostola_a seng moapostola atsoang ho batho eseng moapostola ka batho, empa ka Jeso Kreste le ntate Molimo, a mo tsusitseng ho ba shoileng_ 2le bohle bo abuti ba nang le nna, ho likereke tsa Bagalata:3Mohau o be le lona le khotso e tsoang ho Molimo Ntate oa rona le Morena Jeso Kreste, 4a e neetsing ka libe tsa rona ho re tle re sereletsoe nakong ea bobe re philang ho eona, ka thato ea Molimo le ntate, 5khanya e be ho eena ka ho sa feleng. Amen.6Ke makatsoa ke hore le furalela ea le belitseng ka khanya ea Kreste. Ke makatsoa ke hore le furalela le ea ho engoe efangeli efapaneng, 7e seng hore ho na le ngoe efangeli, empa hona le bangoe batho batlang ka bothata mme ba rata ho fetola efangeli ea kreste.8Empa le mo rona kapa lengeloi letsoang leholimong le ka bulela efangeli e seng ena re e boletseng, ha rohakoe. 9Joale ka ha re buile pele, ho le joalo ke re ho lona hape, Ha e mong a rera efangeli e fapaneng le ee le e amohetseng, ha ruhakoe. 10Hobane joale ke hloka ho emeloa ke batho kapa ke Molimo? Ke hloka ho thabisa batho nna? Ha ke ntse ke leka ho thabisa batho, ha ke mosebeletsi oa Kreste.11Hobane ke batla le tsibe, bo abuti, ho re efangeli ke e boletseng ha se ea motho. 12Ha ke ea e amohela mothong, kapa ho e rutoa. Mme, e bile ka tsenolo ea Jeso Kreste ho nna.13Le utloile ka bophelo baka ba khale ke le moJuta, tsela ke neng ke hlorisa kereke ea Molimo ka ho feteletseng mme ke leka ho e phatlalatsa. 14Ka tsoelela pele ka boJuta ho feta balekane baka, ho tsoa bathong baka. Ke ka hong ke cheselehileng ka tloaelo ea bo ntate.151617Empa Molimo, ea nkhethileng ke sa le popelong ea bomma, mme ea mpilitseng ka mohau oa hae, a thabela ho hlahisa Mora oa hae honna, hore ke rere ka eena hare ha balichaba, ha ke ea phakisa ho butsa ka nama le mali. Ha ke ea ea Jerusalema ho ba fetohileng baapostola pele haka. Empa, ke ile Arabia mme ka khutlela Damaseka.18Ka morao ha mengoaha e meraro ka ea Jerusalema ho ea tsebana le Kefase mme ka lula le eena matsatsi a mashome le metso e mehlanu. 19Empa ha ke ea bona bangoe baapostola kantle ha Jakobo, abuti oa Morena. 20Ho tse ke lengolelang tsona, ke ea le tsepisa pele ha Molimo hore ha ke bui maka.21Ka ba ke ea khaolong ea Sirea le Silisia. 22Ke ne ke ntse ke sa tsebahale likerekeng tsa Judea tse ho Kreste. 23Ba e etloile fela hotoi, '' Monna ea keleng a re hlorisa o bile o rera tumelo ea keleng a leka ho e phatlalatsa.'' 24Ho le joalo ba rorisa Molimo ka baka laka.
1Ka morao ha lilemo tse leshome le metso emine ka tsamaea hape Jerusalema le Barnabase, le Tito. 2Ke tsamaile ka baka la tsenolo le ho ba beela efangeli ee ke e rutang balichaba. Ka bua sephiring ho bao ba bong bohlokoa, hore ke be le nnete hore ha kea ketima_ kapa ho kitimela_ lefela.3Empa titi, a ne a na lenna ebile a le Mogerike, a khopeletsoa hore a rupe. 4Bo abuti ba bohata ba tla ka sephiri ho Jeso Kreste. Ba ne ba lakatsa ho re ba re etse likhoba, 5empa ha rea lumella ha sebakanyana, hore le lule le nnete ea efangeli.6Empa bao ba bonetsing joale ka ba bohlokoa ( le ha ba le bo mang ha ke nang le bona, Molimo ha khethi) _bao, ke re, ba bonetsing joale ka ba bohlokoa ha ba oketsa letho ho nna. 7Ho leng lehlakore, ba ile ba bona hore ke eabetsoe ho bolella efangeli ho bao ba sea rupang, joale ka Petrose a abetsoe ka efangeli ho ba rupileng. 8Hobane Molimo, a sebelitseng ho Petrose ka tsa bopositole ho bao ba rupileng, o ile a sebetsa ho nna le ho balichaba.9Erile Jakobo, Kefase, le Johane, ba tsibahalang joale ka lihlooho, a hlokomela mohau o neiloeng ho nna, ba neile letsoho le letona la ho jelana ho Barnabase lenna. Ba lumellana hore re tsoanetsi ho ea ho balichaba mme bae ho ba rupileng. 10Ba kopa hore re hopole bafotsane ntho ee ke ne ke batla ho ei etsa.11Empa ka nako Kefase a tla Antioke, ka mohanetsa mahlong, hobane one a nyatseha. 12Pele banna ba etseng batsoa ho Jakobo, Kefase o ne aja le Balichaba. Empa ba rele banna ba batla, a ema ebile a ba tlohela Balichaba. O ne a tsaba bao ba ne ba batla ho rupa.13Joalo bongata ba Bajuta ba kopanela bomenemeneng. Le Barnabase o ile a khelosoa ke bomenemeneba bona. 14Empa ke re le ke bona hore likhopolo tsa bona ne li se tsa ho latela nnete ea efangeli, ka re ho Kefase pele ha bona bohle,'' Haeba omoJuta empa uphela joale ka Balichabeng mme e seng ka moJuta, o ka khopeletsa joang Balichaba hore ba phele joale ka BaJuta?''15Rona re Bajuta ka ho tsoaloa e seng ka boetsalibe balichaba; 16empa rea tseba hore ha hona motho a lokisisoang ka mesebetsi ea molao empa ka tumelo ho Jeso Kreste. Ka mong re lumetsi ho Jeso Kreste hore re lokisisoe ka tumelo ho Kreste e seng ka mesebetsi ea molao. Hobane ka mesebetsi ea molao ha hona mmele o tla lokisisoang.17Empa, ha re batla ho lokisisoa ho Kreste, le rona re fumanehile re le baetsalibe, Kreste ke mosebeletsi oa sebe nnang? Che! 18Hobane haeba ke aha hape lintho nkileng ka li thuba, ke itlatsa hoba ea tlolang molao. 19Hobane ka molao shoetsi ka molaong, hore ke phelele molimo.20Ke thakhisetsoe le Kreste. Hae se nna ke phelang, empa Kreste o phela ho nna. Bophelo bo ke bo phelang joale nameng ke bophela ka tumelo ho Mora Molimo, ea nthatileng ebile a ineella nna. 21Ha ke unke joale ka lefeele mohau oa Molimo, haeba ho loka ho fumanoa ka baka la molao, e ka ba Kreste o shoetsi lefeela.
1Lethoto baGalata! Le loiloe ke mang? Jeso o thakhisitsoe pele ha mahlo a lona. 2E ke ona fela ntho e ke batlang ho e rota lona: Le amohetsi Moea ka mesebetsi ea molao kapa ka ho o tloa ha tumelo? 3Le lithoto nang? Le thomile ka Moea, le tla lokisoa ke nama nang?4Le tsoenyehile ka ntho tse ngata ho sena--ka nete ha ho letho? 5E kaba eo a le ne eang moea le mesebetsi ea limakatso a etsa joalo ka mosebetsi oa molao kapa ka ho otloa ha tumelo?6Hotsoana le Abrahama '' Ho kholoa ho Molimo mme a pateloa ka holoka,'' 7ka tsela e tsoanang,otloisisa, le, hobane ba tumelo ke bana ba Abrahama. 8Lengolo, ba bona hore Molimo o tla a tlalosa ho basechaba ka tumelo, a bolela efangeli pele ha Abrahama, are, ''Ka eona lichaba tsohle litla hlonofatsoa.'' 9Ebile, ba tumelo ba hlonolofatsoa le Abrahama, monna oa tumelo.10Bohle ba emang ka mosebetse ea melao ba kafase ha thohako; mme ho ngoaliloe, ''O rohiloe ohle a sa lateling ntho tsohle li ngoliloeng bokeng ea molao, ba li etsa.'' 11Joale ho li baleng hore a hona a lo ke sesoang ka ka molao pele ha Molimo, ka hore ''A lokileng a tla phela ka tumelo.'' 12Empa molao ha se oa tumelo, empa, '' Motho a etsang mesebetsi ea molao o tsoanetsi ho phela ka oona.''13Kreste oile a re lokolla thohakong ea molao ka ho etsoa thohako ea rona--ka hobane ho ngoliloe, '' O rohiloe a e pofelelang moring''-- 14hore mahlohonolo a Abrahama a katla ka balichaba ba Krestu Jeso, le hore ka tumelo re amohele tsepiso ea Moea.15Bo abuti, emang ke boe ka lepehelo tsa batho. Ha tumeleloano ea motho e ahile ka molao, hahona a kae tlohelang kapa ae oketsa. 16Joale litsepelo li boiloeng ho Abrahama le ho setloholo sa hae. Ha e bui hore, ''Ho batloholo, '' e bolela ba bangata, empa ho e mongoe feela, '' Le ho setloholo sa hao,'' e leng Kreste.17Joale se ke se boang ke se: Molao, otlileng morao ha lilemo tse ma kholo a manne le mashome amararo, ha o tlose tumeleloano e eleng ea etsoa ke molimo, ho tlosa tsepiso. 18Hobane ha lefa letla ka molao, ha le sa tla ka tsepiso. Empa Molimo oile a e nea Abrahama ka tsepiso.19Ke eng, ebile, moreo oa molao? O beiloe ka baka la litlolo hofihlela motloholo oa Abrahama a tla ho oo a tsepisetseng. Molao o tiisitsoe ke mangeloi ka le tsoho la moronoa. 20Joale morongoa o bolela ka a fetang o mongoe. Empa Molimo o mongoe.21Mme molao o fapane le tsepiso ea Molimo? Che! Ha molao o beiloe ho nea bophelo, e bile holoka ho ne ho tla tsoa molaong. 22Empa lengolo le hlahletsoe ntho tsohle sebing ho bane tsepiso ea tumelo ka Jeso Kreste e tsoanetsi ho neioa ho balumeli.23Tumelo e se sa fihli, re ne re le katlase ha molao, re hlahletsoe ho fihlela tumelo e bonala. 24Molao oile oaba mohlokameli oa rona ho fihla Kreste a tla, hobane re be ba lokileng ka tumelo. 25Ka hobane tumelo e fihlile, ha re sana mohlokomeli. 26Ka hobane re baroa ba Molimo ka tumelo ea Jeso Kreste.27Ka hore ba bangata ba lona le kolobelitsoe ho Kreste na e apesa ka Kreste. 28Ha hona moJuda kapa mo Gereke, ha hona khoba kapa basali, empa le ea tsoana ho Jeso Kreste. 29Ha o le oa Kreste, le mojalefa ka tsepiso
1Nna ke re mojalefa, ha a sa ntse a le ngoana, ha ea fapana le lekhoba, le ha a le ena mong oa ntho tsohle. 2Empa o fase ha ba lebeleli le balisa ho fihla tsatsi le beiloeng ke ntate oa hae.3Kamong, re sa le bana , re ne re laoloa ke mekhoa ea lefatse. 4Empa nako ekhethiloeng e fihlile, Molimo a romela Mora oa hae, a tsoetsoeng ke mosali, a tsoetsoeng fase ha molao. 5A etsa sena ho lopolla ba leng fase ha molao, ho re re amohele ho bitsoa baroa.6Mme ka hobane le baroa, Molimo o rometsi moea oa Mora oa hae lipelong tsa rona, o bitsang, '' Abba, Ntate.'' 7Joale a ho se lekhoba, empa mora, mme ha o le mora, ebile o mojalefa ka Molimo.8Empa ka nako eong, le e so ho tseba Molimo, ne le tsoa makhoba ho bong ba motsebang, ka matla a bona, eseng balimo ka sebele. 9Empa joale ka ha le se le tseba Molimo, kapa joale ka ha le tsejoa ke Molimo, ke eng le boela morao la lapa mme la ba le mekhoa e senang thuso? Le batla ho etsoa makhoba hape nnang?10Lehlokomele matsatsi le likhoeli tse ncha le lilemo le mengoaha! 11Ke ea tsaba hore mesebetsi eaka le lona e ka ba le feela.12Ke ea le kopa, bo abuti, le be joale ka nna, hobana le nna ke tsoana lona. Ha le ea etsa bobi ho nna. 13Empa le ea tseba hore e ne e le ka baka la maloetsi a nama hore ke le rerele efangeli la pele. 14Le ha siemo sa mmele oaka se le lokile molekong, ha le ea nyatsa kapa ho ntahla. Mme le ile la nkamohela o kare ke le lengeloi la Molimo, o kare ne ke le Jeso Kreste ka bo eena.15Joale le kae lehlohonolo la lona? Hobane ke paka ho lona, ha ne ho etseha, ne le tla ntsa mahlo a lona mme la a nea nna. 16Anna, e ka ba ke fetohile sera sa lona ka hobane ke bulela nnete nnang?17Ba na le mafolofolo a ho mo hlola, empa e seng ka merero e mentle . Ba batla ho o tsoalela ntle hore o tle o be mafolofolo ka bona. 18Hontle hore o be mafolofolo ka merero ementle, mme e seng fela ha ke le hare ha lona.19Banaka ba banyenyane, hape ke le bohlokong ba ho tsoala ka lona ho fihlela Kreste a ba ho lona. 20Ke lakatsa ho ba le lona joale mme ke fetole lentsoe la ka, kahobane ke ea makala ka lona.21Mpolelleng, le lakatsa ho ba tlase ha mang molaong, ha le mamele molao? 22Hobane ho ngoliloe ho re Abrahama o na le baroa ba babeli, mongoe ka mosetsana oa lekhoba le emongoe ka mosali ea hololehileng. 23E mong o tsoetsi ke mosetsana oa lekhoba ka nama, empa e mong otsoetsoi ke mosali ea hololehileng ka tsepiso.24Lentho tsena li ka hlalosoa joale ka setsoantso, ho ba basali bana ba emetsi lilekane tse peli. Sengoe sa teng se tsoa Thabeng ea Sinai mme a tsoala bana ba le makhoba. Enoa ke Agare. 25Kajeno Agare o emetse thaba ea Sinai e bong Arabia; mme o emetse Jerusalema ea joale, hobane o le bokhobeng le bana ba hae.26Empa Jerusalema e leng holimo e hololehile, mme ke bomma ba rona. 27Kahobane ho ngoliloe, ''Thabang, lona litoatoa le senang tsoalo; llang mme le huelele ka thabo, lona se la utloing bohloko ba tsoalo; hobane banna ba bomme ba lahliloeng bangata ho feta ba bo mma ba nang le monna.''28Empa lona, bo abuti, joale ka Isaaka, ke bana ba tsepiso. 29Ka nako eong ea tsoetsoeng ka nama ba hlorisa ba tsoetsoeng ka moea. Ho joale le kajeno.30Empa lengolo le reng? '' Leleka mosetsana oa likhoba le mora oa hae. Hobane mora oa mosetsana oa lekhoba a ke ka a fumana lefa le mora oa mosali a lokolohileng. 31Kahong, bo abuti, a re baroa ba mosetsana oa lekhoba, empa oa mosali a lokolohileng.
1Hore re be le tokoloho Kreste o tsoanetsi ho re lokolla. Emang se bete, ka baka leo, mme le se ke la boela jokong ea bokhoba hape. 2Bona, nna, Paulose, kere ho lona ha le itumelela ho rupa, Kreste a ka se ka a le thusa kapa ka tsela e fe.3Ke ea paka ho monna ohle a lumelang ho rupa hore o tsoanetsi ho etsa ka molao kaofela ha ona. 4Le tloisitsoe ho Kreste, le tla etsoa ba lokileng ka molao; ha le sa thola boiphihlelo ba mohau.5Hobane ka Moea, ka tumelo, re na le mafolofolo a ho emela tsepo ea ho loka. 6Ho Kreste Jeso ho rupa kapa ho sa rupa ha ho bohlokoa, empa ke tumelo fela e sebetsang ka lerato. 7Le ne le kitima hantle. ke mang a le thibetseng ho mamela nnete? 8Kholiso ena ha e tsoe ho eo a le belitseng!9Tomoso e nyenyane e kokomosa hla kaofela. 10Ke na le tsepo ho Morena hore le tlaba le khopolo e tsoanang. Eo a le khathatsang o tla otloa bohloko ba kahlolo, e kaba ke mang.11Bo abuti, ha ke ntse ke tsebisa ho rupa, ke ka baka la eng ke hlorisoa? Ka baka leo khopiso ea sefapano e tlositsoe. 12Ho bao ba le ferekang, ke lakatsa hore ba ka e arohanya!13Hobane le bilelitsoe ho tokoloho, bo abuti. Empa le se ke la sebelisa tokoloho joale ka sebaka sa nama; empa sebeletsang e mongoe le mongoe ka lerato. 14Hobane molao ohle ophethehile lentsoeng le ngoe: Otsoanetsi ho rata eo o a hisaneng le eena joalo ka ha o ithata." 15Empa ha o loma mme oa metsa mongoe,iponele o se ke oa jeoa ke mongoe.16Empa kere, tsamaeang ka Moea mme le se ke la roala litakatso tsa nama. 17Hobane litakatso tsa nama ha li tsamaisane le Moea, mme litakatso tsa Moea ha le tsamaisane le nama. Hobane tse li ea loatsana, hore o se ke oa etsa lintho ts o li batlang. 18Empa ha o tsamaisoa ke Moea, ha o eo ka tlase ha molao.19Kajeno mesebetsi ea nama e ea bonahala: ho feba, bo nyala, libe tsa nama, 20ho rapela litsoantso, hloeano, phapang, mahono, khalefo, ho tsekisana ntho e le engoe khang, khaoano, 21mona, botaoa, lithabo tsa litaoa mme le lintho tse joalo. Ke ea le mosa, joalo ka ha ke le lemositse pele, hore ba ba etsang tse joalo ha ba ke ke baja lefa la mmuso oa Molimo.22Empa tholoana ea Moea ke lerato, thabo, khotso, mamello, mosa, bontle, tumelo, 23bonolo, le boitsoaro; ha ho na molao o ha netsang tse joalo. 24Ba ba bong ba Kreste Jeso ba thahisitsoe nama lerato le leholo le litakatso tsa eona.25Ha re lula ka Moea, a re tsamaeng kaMoea. 26Re seke ra e thorisa, re se ke ra halefesana, ho ba le mona le mongoe.
1Bo abuti, ha emong oa lona aka tsoaroa a fapantsa, lona le amohetseng moea ho tsoanetsi le mmosetse ka moea o montle. Le e hlomphe boo ena, hore le se thetsehe. 2Roalang me lato ea e mong, le tlatsise molao oa Kreste.3Ha eba omong o hopola hore ntho engoe aseng eona, oa ethetsa. 4O mong le mong otsoanetsi ho hlahloba mesebetsi ea hae, mme le ba ka ho ekhohomotsa letlaba la hae a le nose che la o mong. 5Kamo mong le mong otla roala melato ea hae.6A rutisetsoeng lentsoe otsoanetsi ho aba tsohle tse ntle le eong a rutisang. 7Le seka lathetseha. Molimo ha thetsehi, ka mong tsohle monna alijalang, ka mong otla tokula tsona. 8Ea jalang litholoana tsa pelo ea hae, atsibe hore mmele otla kotula matseonyeho. eo ajalelang litholoana tsa moea, ho moea otla kotula bophilo bosa feleng.9Re se ke rafela matla ha re etsa bontle, ka hore ka nako elokileng re kotula bontle, ha re sako khathala. 10Nka re ene nako entle, a re etseng hantle ho bohle batho, ha holo bao ba lulang le oena ka tumelo.11Bonamantsoe amaholo ke angolang ka letsoho laka. 12Bohle ba batlang ho supa boitsoara bo bontle ho mmeleng baleka ho mmeleng ba leka ho ekhopetsa hore ba rupoe.'' Ba etse seo ho tlohela kahlulo ea sefapano sa Kreste. 13Le ho ba rupelang bolokang molao, mme ba batlang ho batupeloeng ba seke bae khohomotsa ka mmelo oa bona.14Empa ho tsoanetsi ke se e khohomotse kantle ke le sefapanong sa Morena Jeso Kreste, ka ena le fatse lekhathisetsoe ho nna, hape nna ho le fatse. 15Leha ho rupa ho ka tsoa ho mang, empa ho tsoanetsi bophilo bo boncha. 16Bohle balatelang tsela ebeiloeng, khotso le mohau ho bona, le ba Israele baMolimo.17Ho tsoa ka jeno ha hona motho a ka nkhathatsang, ka hore ke se roeleng sene matsoao a Jeso. 18Mohau oa Morena Jeso Kreste obe le moea oa lona, bo abuti, Amen.
1Jakobo, mosebeletsi oa molimo le oa Morena Jeso Kreste, ho meloko e leshome le metso e mmeli e qhaleneng: Lumelang! 2Hokang e le thabo feela, banabeso,ha le hlaheloa ke litsietsi tse ngataa. 3Le ea tseba hore ho lekoa ha tumelo ea lona ho hlahisa mamello.4Lumelang mamello hore e phethe mosebetse oa eona e le hore le ka ba ba phethahetseng le ba feletseng, le sa haelloe ke letho. 5Empa haeba e mong oa lona a hloka bohlale, a kope ho Molimo, o fang ka letsoho le bulehileng, o sa khalemele bohle ba kopang, o tla mo nea bona.6Empa a kope ka tumelo, a sa belaele letho. Hoba ea belaelang o tsoana le le khubu leoatleng le le tsamaisoang ke moea la ea koa le koa. 7Eong motho a se ke a hopola hore o tla amohela sengoe se tsoang ho Morena; 8ke motho oa khopolo tse peli, e sa e ketlang tseleng tsohle.9Tlohela ea tlase a ethorise ka boemo ba hae bo phahameng, 10empa ea khumileng ka boemo ba hae bo tlase, kahobane o tla feta joale ka palesa ea naha joaeng. 11Hobane letsatsi le ea phahama le ho fisa mme joang ba soa, Palesa e ea oa, le butle ba eona ba shoa. ka ho tsoanang, mokhumi o tla felela tseleng hare ha leeto.12Ho lehlohonolo ea tiisetsang hlahlobo. Hobane moraho ha ho hlola hlahlobo, o tla amohela moqhaka oa bophelo, o tsepisetsoeng ba ratang Molimo. 13Ho se be le ea reng ha lekiloe are, '' Ke lekiloe ke Molimo,'' kahobane Molimo ha lekoe ka bobe, hape ha leke motho.14Empa motho o lekoa ke litakatso tsa hae, tse mo hohelang hole. 15Ha litakatso li se li imile, li tsoala sebe, ha sebe se holile, se tsoala lefu. 16Le se ke la lekoa, metsoalle e ratehang.17Eohle mpho enhle le le mpho tso tse phethahetseng li tsoa holimo. linyoloha litsoa ho Ntate oa maseli. Ho eena a hona ho fetoha kapa moriti ka baka la ho sokoloha. 18Molimo o khethile ho re tsoala ka lentsoe la nnete, hore re be mofuta oa litholana tsa pele ho tsohle li bupioa tsa hae.19Le ea tsiba tsena, batsoalle ba ratehang: Tlohelang batho bohle ba putlake ho utloa, ba liehe ho buoa, baliehe ho tineha. 20Hobane ho tineha ha motho ha ho finyelli ho lokeng ha Molimo. 21Kahong ntsang libe tsohle tse litshila le bongata ba bobe. Ka boikokobetso amohelang lentsoe le joaliloeng, le khonang ho boloka moea ea lona.22Ebang ba etsi ba lentsoe mme le se ke la ba bamameli, le e tebatsa. 23Ha mongoe a le momameli oa lentsoe empa e se moetsi, o tsoana monna ea hlahlobang sefahleho sa hae se hlaho seiponeng. 24O ea e hlahloba mme a tloha mme ka putlako a lebala hore on e a le joang. 25Empa motho ea lebelelang ka ho phethahetseng molaong oa tukuloho, a fetela pele a etsa joalo, a se momameli fela ea lebalang, monna eona o tla hlonolofatsoa liketsong tsa hae.26Ha mongoe a hopola hore o na le tumelo a laole leleme la hae, o lebatsa pelo ea hae le tumelo ea hae ke le fela. 27Tumelo e hloekileng mme e senang le tshila pele ha Molimo le Ntate ke ho thusa licheona le bahlolahali matsoenyehong a bona, le ho e poloka oa se selafatsoe ke lefatse.
1Baratehang, ha na joale ke lengolo la bobeli le ke le ngoletseng lona, mme tsona tsohle ke tsa ho hopotsa ho khuluoa mehopolo ea lona e tsepahetseng 2hore le hopole mantsoe a builoeng khale ke baporofeta ba halalelang le molao oa Morena le Mopholosi o neiloeng ka baapostola.3Tsibang sena pele, hore banyatsi ba tla tla ka nako tsa bo felo. Ba tla nyatsa mme ba phila ka takatso tsa bona. 4Ba tla re, '' E kae tsepiso ea ho khutla ha hae? Ho tluhela ho shoeng ha bo ntatarona, lintho tsena lilutsi li tsoana, ho tluhela ho qaleng ha popo.5Ba lebetsi hore khale ka lentsoe la Molimo maholimo le lefatse a hlahile metsing le ka metsi, 6ka mong lefatse ka nako eong le timelitsoeng, ka ho tlala metsi. 7Ka lentsoe le tsoanang leholimo le lefatse le boloketsoe mollo, o beetsoeng tsatsi la kahlulo le ho timetsoa ha batho ba hlokang borapeli.8Ha le ea tsoanela ho se tsibi, baratehang, hore tsatsi le leng le Morena le tsoana le mengoaha e likiti, le matsatsi a likiti a tsoana tsatsi le leng. 9Morena ha mariri ka tsepiso ea hae, joale ka bangoe ba nahanela hore ke mariri. O ea le tiisetsa. Ha rati le emong oa lona a timela, empa hore bohle ba tle ho tsokoloho.10Leha ho le joalo, letsatsi la Morena le tla tla joalo ka lesholu: Maholimo a tla feta ka molumo o moholo. Lintho tsohle li tla soa ka mollo, le lefatse le liketso li bong ho lona li tla ba pepeneneng.11Joalo ka ntho tsohle li tla timetsoa ka tsela ena, le tsoanetsi ho ba batho ba ba joang? Le tsoanetsi ho phela bophilo bo halalelang. 12Le tsoanetsi ho lokela le ho potlakisa ho tla ha letsatsi la Molimo. Ka tsatsi leo, maholimo a tla timetsoa ka mollo, le tse ka hare li tla nyausoa ka mollo o moholo. 13Empa ho lateloa tsepiso ea hae re litile maholimo a macha le lefatse le le cha, moo balokileng ba tla lula teng.14Kahong, baratuoa, joalo ka le litile ntho tsena, etsang tsohle ho fumaneha le hloekile mme le sa solehi pele ha hae, ka khotso. 15Hape, le nahanele tiisetso ea Morena oa rona e le pholoso, joale ka motsoalele oa rona Paulosi a le ngoletsi, ho latela bohlale a bo neiloeng. 16Paulosi o buoa ka ntho tsena mangolong a hae ohle, mong ho na le lintho tse thata ho utloisisa. Batho ba hlokang tsebo le bahlokang botsitso ba senya ntho tsena, joale ka ha ba etsa ho mangoe mangolo, ba tla timetsoa.17Kahong, baratehang, joalo ka ha letsibile ka ntho tsena peleng, itebelleng hore le se ke la helosoa ka thetso ea batho ba senang molao mme la lahleheloa ke tumelo ea lona. 18Empa holang ka mohau le tsibo ea Morena oa rona le Mopholosi Jeso Kreste. Khanya e be ho eena ha na joale le ho ea letsatseng la bofelo. Amen!